Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 5

Re ka Dula re sa Tshwane le Batho ba sa Rateng Modimo Jwang?

Re ka Dula re sa Tshwane le Batho ba sa Rateng Modimo Jwang?

“Ha le karolo ya lefatshe.” —JOHANNE 15:19.

1. Jesu o ne a tshwenyehile kang bosiung ba ho qetela pele a shwa?

E NE e le bosiu ba ho qetela pele Jesu a shwa. O ne a hlokomela hore jwale nako e se e fihlile ya hore a siye barutuwa ba hae, ka hoo, o ne a tshwenyehile ka bokamoso ba bona. O ile a re ho bona: “Ha le karolo ya lefatshe.” (Johanne 15:19) Hamorao o ile a ba rapella ho Ntate wa hae a re: “Hase karolo ya lefatshe, feela jwalo ka ha ke se karolo ya lefatshe.” (Johanne 17:15, 16) Ha e le hantle, Jesu o ne a bolelang?

2. “Lefatshe” leo Jesu a buang ka lona mona keng?

2 Mona ha ho buuwa ka “lefatshe,” ho bolelwa batho ba sa tsebeng kapa ba sa rateng Modimo le ba laolwang ke Satane. (Johanne 14:30; Baefese 2:2; Jakobo 4:4; 1 Johanne 5:19) Jwale ke ka ditsela dife re ka qobang ho itswakanya le batho bao ba sa rateng Modimo? Kgaolong ena, re tlo tshohla ditsela tse hlano tsa ka moo re ka etsang sena ka teng: (1) Ka ho tshepahalla Mmuso wa Modimo mme re sa kenelle dipolotiking. (2) Ka ho ba hlokolosi hore re se ke ra susumetswa ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo. (3) Ka ho apara le ho itokisa ka tsela e hlomphehang. (4) Ka ho ba le pono e lekalekaneng ka tjhelete. (5) Ka ho apara dihlomo tsa ntwa tseo Modimo a re fang tsona.—Sheba Ntlha ya 16 e hlahang qetellong ya buka.

TSHEPAHALLA MMUSO WA MODIMO

3. Na Jesu o ne a kenella dipolotiking tsa lefatshe?

3 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ne a hlokomela hore batho ba na le mathata a mangata hoo bophelo bo neng bo se bonolo. Ruri o ne a ba utlwela bohloko a bile a batla ho ba thusa. Empa na e ile yaba moetapele wa dipolotiki? Le letho. O ne a tseba hantle hore seo batho ba hlileng ba se hlokang, ke Mmuso wa Modimo. E ne e tla ba Morena wa Mmuso oo, ke ka hoo molaetsa o ka sehloohong oo a neng a o bolella batho, e neng e le wa Mmuso. (Daniele 7:13, 14; Luka 4:43; 17:20, 21) Le ka mohla Jesu ha a ka a itshunyatshunya dipolotiking. Ka letsatsi le leng ha a le ka pela Tonakgolo ya Moroma Ponse Pilato, o ile a re: “Mmuso wa ka hase karolo ya lefatshe lena.” (Johanne 18:36) Esita le barutuwa ba hae ba ne ba sa kenelle dipolotiking. Buka e bitswang On the Road to Civilization, e re Bakreste ba pele “ba ne ba hana ho sebetsa mesebetsi e tsamaisanang le dipolotiki ka tsela le ha e le efe.” Le kajeno, jwalo ka Bakreste ba nnete, re etsa se tshwanang. Ha re kenelle dipolotiking tsa lefatshe. Ho e na le hoo, re tshehetsa Mmuso wa Modimo ka botshepehi.—Matheu 24:14.

Na o kgona ho hlalosetsa batho hore na ke hobaneng ha o tshehetsa Mmuso wa Modimo ka botshepehi?

4. Bakreste ba nnete ba tshehetsa Mmuso wa Modimo jwang?

4 Ka ha manqosa kapa baemedi ba emela mmuso o itseng wa naha eo ba tswang ho yona, ha ba kenelle dipolotiking tsa naha eo ba romelwang ho yona. Ka lehlakoreng le leng, ka ha batlotsuwa ba ilo phela lehodimong, le bona ba boemong bo tshwanang. Ke ka hona Pauluse a ileng a re ho Bakreste ba tlotsitsweng: “Re manqosa a emeng bakeng sa Kreste.” (2 Bakorinthe 5:20) Bakreste ba tlotsitsweng ba emela Mmuso wa Modimo. Ha ba itshunyatshunye dipolotiking le ditabeng tsa mebuso ya lefatshe leo ba phelang ho lona. (Bafilipi 3:20) Ho e na le hoo, ba se ba thusitse batho ba dimilione hore ba ithute ka Mmuso wa Modimo. Ba “dinku tse ding” bona, e leng ba tlo phela lefatsheng, ba tshehetsa batlotsuwa mosebetsing ona wa bona. Le bona ka ho tshwanang ha ba kenelle dipolotiking. (Johanne 10:16; Matheu 25:31-40) Ho hlakile hore ha ho na Mokreste wa nnete ya lokelang ho kenella dipolotiking.—Bala Esaia 2:2-4.

5. Ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho lwana?

5 Bakreste ba nnete ba nka badumedimmoho le bona e le lelapa mme ba momahane ho sa tsotellehe hore na ba tswa dibakeng dife. (1 Bakorinthe 1:10) Ka mantswe a mang, ha re ne re ka ya ntweng, sena se ne se tla bolela hore re lwana kgahlanong le ba lelapa la rona, e leng badumedimmoho bao Jesu a ileng a re re lokela ho ba rata. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:10-12) Ho feta moo, re ne re tla be re sa etse seo Jesu a itseng re se etse, e leng ho rata dira tsa rona.—Matheu 5:44; 26:52.

6. Le hoja bahlanka ba Jehova ba sa kenelle dipolotiking, keng eo hape ba lokelang ho e etsa?

6 Ke nnete hore ka ha re Bakreste ba inehetseng ho Jehova, ha re kenelle dipolotiking, empa re etsa sohle seo re ka se kgonang ho hlompha baetapele. Ka mohlala, re mamela melao ya sebaka seo re phelang ho sona le ho patala lekgetho. Le ha ho le jwalo, re etsa bonnete ba hore re fa “Modimo dintho tsa Modimo.” (Mareka 12:17; Baroma 13:1-7; 1 Bakorinthe 6:19, 20) “Dintho tsa Modimo” di akarelletsa ho mo rata, ho mo mamela le ho rapela yena feela. Ka hona, re lokela ho ikemisetsa ho tela bophelo ba rona ho e na le ho se mamele Jehova.—Luka 4:8; 10:27; bala Liketso 5:29; Baroma 14:8.

O SE KE WA SUSUMETSWA KE MEKGWA YA BATHO BA SA RATENG MODIMO

7, 8. Mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo ke efe, hona e ka re susumetsa jwang?

7 E le hore re be ka lehlakoreng la Modimo, re lokela ho ela hloko hore re se ke ra tshwaetswa ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo. Mekgwa ena e akarelletsa boitshwaro bo bobe le tsela e fosahetseng ya ho nahana, e susumetswang ke Satane. Empa Bakreste ba lokela ho qoba mekgwa ena. Jwalo ka ha Pauluse a ile a bolela, “ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse moya o tswang ho Modimo.”—1 Bakorinthe 2:12; Baefese 2:2, 3; Sheba Ntlha ya 17 e hlahang qetellong ya buka.

8 Mekgwa ena e mebe e boetse e etsa hore batho e be ba ikgohomosang le ba sa laoleheng. Sena se etsa hore ba nke hore ke tshenyo ya nako ho mamela Modimo. Satane o batla hore batho ba etse ntho le ha e le efe eo ba e ratang, ba sa nahane letho ka ditlamorao. O susumetsa batho ho nahana hore “takatso ya nama le takatso ya mahlo” ke tsa bohlokwa bophelong. (1 Johanne 2:16; 1 Timothea 6:9, 10) Diabolose o etsa sohle seo a ka se kgonang ho re thetsa le ho etsa hore re nahane jwalo ka yena.—Johanne 8:44; Liketso 13:10; 1 Johanne 3:8.

9. Ke ka ditsela dife tse ding hape re ka tshwaetswang ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo?

9 Mekgwa ena ya batho ba sa rateng Modimo, e hohle hoo e ka re hahlamelang jwalo ka moya oo re o hemang. Haeba re sa sebetse ka thata ho hanela mekgwa eo, e ka re lematsa. (Bala Liproverbia 4:23.) Ntho ena e ka qala hanyane motho a sa hlokomele. Re ka iphumana re se re nahana ka tsela eo batho ba sa rapeleng Jehova ba nahanang ka yona. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Mohlomong re ka boela ra qetella re se re le makgoba a pornography kapa ra tshwaetswa ke batho ba fetohetseng Modimo le ho rata dipapadi tsa ditlhodisano.—Sheba Ntlha ya 18 e hlahang qetellong ya buka.

10. Re ka qoba mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo jwang?

10 Jwale ebe ke jwang re ka qobang ho laolwa ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo? Re ka etsa sena ka ho ba haufi le Jehova le ka ho dumela ho tataiswa ke bohlale ba hae. Re boetse re lokela ho rapella moya o halalelang ka dinako tsohle re be re phathahane tshebeletsong ya hae. Ka ha Jehova ke yena ya matla ka ho fetisisa, a ka re thusa ho hanela mekgwa ena.—1 Johanne 4:4.

APARA LE HO ITOKISA KA TSELA E THABISANG MODIMO

11. Batho ba bangata ba apara jwang kajeno?

11 Re boetse re bontsha hore ha re tshwane le batho ba sa rateng Modimo ka tsela eo re aparang le ho itokisa ka yona. Mehleng ena, batho ba bangata ba aparela ho kgahlisa ba bang, ho tsosa takatso ya thobalano, ho bontsha hore ba na le tjhelete. Ha ba bang bona ba se na taba le hore na ba shebahala jwang. Ba ka nna ba ikgethela ho apara ka tsela e kopakopaneng le e bohlaswa feela. Ka hoo, ha re a lokela ho kopitsa mekgwa ena ha re kgetha hore na re tla apara jwang.

Na ke tlotlisa Jehova ka tsela eo ke aparang le ho itokisa ka yona?

12, 13. Ke melaomotheo efe e ka re thusang ha re etsa qeto ya hore na re tla aparang?

12 Ka ha re bahlanka ba Jehova, kamehla re batla ho apara le ho itokisa ka tsela e makgethe, e hlwekileng, e shebahalang hantle le e tshwanelehang. Re apara le ho itokisa “ka boitlhompho le ho hlaphohelwa kelellong,” e le ho fa “Modimo tlhompho ya borapedi.”—1 Timothea 2:9, 10; Juda 21.

13 Ha batho ba sheba tsela eo re aparang le ho itokisa ka yona, ba kgona ho bona ho re na re batho ba mofuta ofe le ho re na Jehova Modimo eo re mo rapelang o jwang. Re batla ho etsa “dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Ho apara le ho itokisa ka tsela e hlomphehang, ho akarelletsa ho hlompha maikutlo a batho ba bang. Ka hona, ha re kgetha diaparo kapa tsela eo re ratang ho shebahala ka yona, re lokela ho hopola hore kgetho ya rona e ka etsa hore ba bang ba ikutlwe ka tsela eitseng.—1 Bakorinthe 4:9; 2 Bakorinthe 6:3, 4; 7:1.

14. Re lokela ho nahana ka eng ha re kgetha diaparo bakeng sa mesebetsi ya Bokreste?

14 Re lokela ho apara le ho itokisa jwang ha re ya dibokeng le tshimong? Na re apara diaparo tse re bitsetsang mahlo? Na di etsa hore ba bang ba ikutlwe ba sa phuthuloha? Kapa mohlomong re ipolella hore tsela eo re aparang ka yona, ha se taba ya motho? (Bafilipi 4:5; 1 Petrose 5:6) Bonneteng, ha ho na motho ya sa batleng ho ba motle ha a apere, empa le teng ha re batle ho lebala hore se hlileng se etsang hore motho a be motle, ke ho ba le makgabane a Bokreste. Ha e le hantle Jehova o batla re be le makgabane ana, hobane ke yona ntho eo a e nkang e le ya bohlokwa. A bonahatsa hantle seo re leng sona ka hare, ke hore “motho ya ka sephiring wa pelo . . . , [eo] e leng wa bohlokwa haholo mahlong a Modimo.”—1 Petrose 3:3, 4.

15. Ke hobaneng ha Jehova a sa re bolelle ka ho toba hore na re apareng le hore na re shebahale jwang?

15 Jehova ha a re fa melao e mengata ya hore na re apareng kapa re se ke ra aparang. Ho e na le hoo, o re file melaomotheo ya Bibele e ka re thusang hore re etse kgetho e nepahetseng. (Baheberu 5:14) O batla hore re bontshe ka diqeto tse kgolo le tse nyane tseo re di etsang hore re a mo rata ebile re rata le batho ba bang. (Bala Mareka 12:30, 31.) Bahlanka ba Jehova lefatsheng lohle, ba apara ka tsela e sa tshwaneng ho ya ka hore na ke ba setso sefe le hore na ba rata mofuta ofe wa diaparo. Sena se ba setle mme se a kgatholla.

EBA LE PONO E LEKALEKANENG KA TJHELETE

16. Pono eo batho ba bangata ba nang le yona ka tjhelete e fapane jwang le seo Jesu a se rutileng? Ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

16 Satane o batla hore batho ba nahane hore ba ka thabiswa ke ho ba le tjhelete le maruo. Empa bahlanka ba Jehova bona, ba tseba hantle hore seo ke leshano. Re dumellana le mantswe ana a Jesu a reng: “Esita le ha motho a e na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Tjhelete e ke ke ya etsa hore re thabe. E ke ke ya re fa metswalle ya nnete, kgotso le bophelo bo sa feleng. Ke nnete hore re hloka tjhelete e le hore re be le dintho tse itseng ebile re batla ho thabela bophelo. Empa Jesu o itse re tla thaba ha feela re na le kamano e ntle le Modimo le ha re etsa hore borapedi e be yona ntho ya bohlokwa bophelong. (Matheu 5:3; 6:22) Ako ipotse: ‘Pono yaka ke efe ka tjhelete?’ Na ntho eo ke dulang ke bua le ho nahana ka yona ke tjhelete?—Luka 6:45; 21:34-36; 2 Johanne 6.

17. O ntse o ka ntlafatsa bophelo jwang le hoja o na le pono e lekalekaneng ka tjhelete?

17 Haeba re dula re nahanne ka ho sebeletsa Jehova ho feta ho ba le tjhelete, re tla tseba hore na re phelelang. (Matheu 11:29, 30) Re tla kgotsofalla se teng mme re be le kgotso dikelellong le dipelong tsa rona. (Matheu 6:31, 32; Baroma 15:13) Re ke ke ra tshwenyeha hakaalo ka tjhelete. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Re tla boela re thabele le ho fana. (Liketso 20:35) Hape re tla ba le nako e ngata le bao re ba ratang. Ebile re ka ba ra robala le ha monate.—Moeklesia 5:12.

‘APARA DIHLOMO TSE FELLETSENG TSA NTWA’

18. Hantlentle Satane o re batlang?

18 Satane o batla ho senya kamano ya rona le Jehova, ka hoo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho e sireletsa. Re lwana “le makgotla a moya a kgopo.” (Baefese 6:12) Satane le bademona ba hae, ha ba batle ho re bona re thabile kapa hore re phele ka ho sa feleng. (1 Petrose 5:8) Dira tsena tsa rona tse sehloho, di a re lwantsha empa ka thuso ya Jehova re tla hlola!

19. Lengolo la Baefese 6:14-18 le hlalosa “dihlomo . . .  tsa ntwa” jwang?

19 Mehleng ya pele, masole a ne a apara dihlomo ho itshireletsa ntweng. Ka tsela e tshwanang, le rona re lokela ho apara “dihlomo . . .  tsa ntwa” tseo Jehova a re fileng tsona. (Baefese 6:13) Di tla re sireletsa. Re bala ka tsona ho Baefese 6:14-18: “Ka hona, le eme le tiile, matheka a lona a tlamilwe ka hohle ka nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba ya ho loka, le maoto a lona a rwetse dihlomo tsa ditaba tse molemo tsa kgotso. Ka hodima dintho tsohle, le nke thebe e kgolo ya tumelo, eo ka yona le tla kgona ho tima metsu yohle e tukang ya ya kgopo. Hape, le amohele helmete ya poloko, le sabole ya moya, ke hore, lentswe la Modimo, ha ka thapelo ya mofuta o mong le o mong le thapedi le ntse le tswela pele ho rapela ka nako e nngwe le e nngwe ka moya.”

20. Re lokela ho etsang e le hore dihlomo tsena di re thuse?

20 Haeba ho ka etsahala ho re lesole le lebale sehlomo se le seng feela yaba le siya karolo eitseng ya mmele e sa sireletswa, le ka iphumana le se le hlaselwa ke ya lwanang le lona. Haeba re hlile re batla hore “dihlomo” tsa rona di re sireletse, ha re a lokela ho lebala le ha e se e le se le seng feela. Ka hoo, re lokela ho dula re di apere kamehla le ho di boloka di le maemong a loketseng. Hopola hore ntwa ya rona e tla emisa ha feela Satane le bademona ba hae ba se ba tlositswe. (Tšenolo 12:17; 20:1-3) Ka hoo, haeba hona jwale o ntse o lwantshana le ditakatso tse fosahetseng kapa bofokodi bo itseng, o se ke wa tela!—1 Bakorinthe 9:27.

21. Re ka hlola ntwa ena jwang?

21 Ha re matla ho feta Diabolose. Empa ka thuso ya Jehova, re ka mo hlola! E le hore re dule re tshepahala, re lokela ho rapela Jehova, re ithute Bibele re be re qete nako le bara le baradibabo rona. (Baheberu 10:24, 25) Ha re etsa jwalo, sena se tla re thusa hore re tshepahalle Modimo le ho itokisetsa ho sireletsa tumelo ya rona.

ITOKISETSE HO SIRELETSA TUMELO YA HAO

22, 23. (a) Re ka dula re itokiseditse ho sireletsa tumelo ya rona jwang? (b) Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

22 Re lokela ho dula re itokiseditse ho sireletsa tumelo ya rona ka dinako tsohle. (Johanne 15:19) Dipaki Tsa Jehova di fapane hole le batho ba bangata ha ho tluwa ditabeng tse itseng. Ako ipotse: ‘Na ehlile ke utlwisisa ka botlalo hore na ke hobaneng ha re lokela ho fapana le batho ba bang? Na ke kgodisehile hore ehlile seo Bibele le lekgoba le tshepahalang le le masene le se buang ke nnete? Hona na ke motlotlo ka ho ba Paki ya Jehova? (Pesaleme ya 34:2; Matheu 10:32, 33) Na nka kgona ho hlalosetsa ba bang seo ke se dumelang?’—Matheu 24:45; Johanne 17:17; bala 1 Petrose 3:15.

23 Re hlokometse ka ho hlaka hore na maemong a mang re lokela ho etsang e le hore re bontshe hore ha re tshwane le batho ba sa rateng Modimo. Empa ka dinako tse ding ha ho a hlaka hore na re lokela ho etsang. Satane o leka ka ditsela tsohle ho re tshwasa. Mokgwa o mong oo a o sebedisang ke boithabiso. Jwale ke jwang re ka kgethang boithabiso ka bohlale? Re tla bona sehloohong se latelang.