Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 1

Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng

Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng

“Se bolelwang ke lerato la Modimo ke sena, hore re boloke ditaelo tsa hae; le ha ho le jwalo ditaelo tsa hae ha di boima.”—1 JOHANNE 5:3.

1, 2. Ke hobaneng ha o rata Jehova Modimo?

NA O rata Modimo? E ka nna yaba o mo rata hona hoo o ileng wa ba wa inehela ho yena. Mohlomong o mo nka e le Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo. Empa Jehova o o ratile le pele o mo rata. Bibele e re: “Re a rata, hobane o ile a re rata pele.”—1 Johanne 4:19.

2 Ako nahane ka dintho tsohle tseo Jehova a di entseng e le ho bontsha hore o a re rata. O re file lefatshe, e leng lehae le letle le dintho tseo re di hlokang e le hore re thabele bophelo. (Matheu 5:43-48; Tšenolo 4:11) O batla hore re be le kamano e ntle le yena, ebile o re file monyetla wa hore re ithute ka yena. Ha re bala Bibele, re mamela Jehova. Athe ha re rapela, o a re mamela. (Pesaleme ya 65:2) O sebedisa moya wa hae o halalelang ho re tataisa le ho re matlafatsa. (Luka 11:13) O ile a ba a romela Mora wa hae wa bohlokwa mona lefatsheng hore a tlo re lokolla sebeng le lefung.—Bala Johanne 3:16; Baroma 5:8.

3. Re lokela ho etsang e le hore re be metswalle e haufi ya Jehova?

3 Ako nahane ka motswalle e mong wa hao ya haufi, eo e sa le a wa a tsoha le wena maimeng le manolong. Ho hlokahala boiteko bo matla e le hore setswalle se jwalo se dule se tiile. Ho jwalo le ka setswalle sa rona le Jehova, e leng Motswalle ya haufiufi eo re ka bang le yena. Setswalle sa rona le yena e ka ba sa ka ho sa feleng. Ke ka hoo Bibele e reng: “Le ipoloke leratong la Modimo.” (Juda 21) Empa ke jwang re ka etsang sena? Bibele e araba ka hore: “Se bolelwang ke lerato la Modimo ke sena, hore re boloke ditaelo tsa hae; le ha ho le jwalo ditaelo tsa hae ha di boima.”—1 Johanne 5:3.

“SE BOLELWANG KE LERATO LA MODIMO KE SENA”

4, 5. (a) Polelwana e reng “lerato la Modimo” e bolelang? (b) Keng e ileng ya etsa hore o rate Jehova?

4 Bibele e bolelang ha e re “lerato la Modimo”? Ha e bolele lerato leo Modimo a re ratang ka lona empa e bolela lerato leo rona re ratang Modimo ka lona. Na o sa hopola nakong eo ka yona o neng o qala ho rata Jehova?

Ha o inehela ho Jehova o bile o kolobetswa, o bontsha hore o a mo rata ebile o batla ho mo mamela bophelo bohle ba hao

5 Ako hopole ka moo o ileng wa ikutlwa ka teng ha o ne o qala ho ithuta hore Jehova o batla o phele ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. O ile wa ithuta ka dintho tsohle tseo a di entseng e le hore sena se tle se fele se phethahale, wa ba wa hlokomela hore Jehova o fane ka Mora wa hae e le mpho e molemohadi. (Matheu 20:28; Johanne 8:29; Baroma 5:12, 18) Eitse ha o ntse o ithuta ka moo Jehova a o ratang ka teng, seo se ile sa o ama pelo haholo mme jwale le wena wa qala ho mo rata.—Bala 1 Johanne 4:9, 10.

6. Ho rata motho ho akarelletsang? Lerato leo o ratang Modimo ka lona, le o susumelleditse hore o etseng?

6 Le ha ho le jwalo, boikutlo boo ba ho rata Modimo e ne empa e le dinyane feela. Ka mohlala, ha o rata motho, ha ho a lekana ho re feela “Ke a o rata.” Lerato le re susumelletsa ho batla ho etsa dintho tse tla thabisa motho eo. Ka tsela e tshwanang, lerato le ile la o susumelletsa hore o batle ho phela ka tsela e tla thabisa Jehova. Ha lerato leo le ntse le hola, ho ka etsahala hore ebe o ile wa inehela ho yena wa ba wa kolobetswa. Ka ho etsa jwalo, o ne o tshepisa Jehova hore o tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao. (Bala Baroma 14:7, 8.) Jwale o ka tshepahalla boitlamo boo ba hao jwang?

“RE BOLOKE DITAELO TSA HAE”

7. Re lokela ho etsang e le ho bontsha hore ehlile re rata Jehova? Tse ding tsa ditaelo tsa hae ke dife?

7 Ka ha re rata Jehova, ‘re boloka ditaelo tsa hae.’ Empa ka tsela efe? Re etsa sena ka hore re mo mamele. Ha re bala Bibele, re ithuta ditaelo tsa Jehova le ka moo a batlang ho re re phele ka teng. Ka mohlala, o re bolella hore ke phoso ho tahwa, ho utswa kapa ho bua leshano, ho etsa thobalano le motho eo o sa nyalanang le yena kapa ho rapela motho kapa ntho le ha e le efe ntle ho Jehova.—1 Bakorinthe 5:11; 6:18; 10:14; Baefese 4:28; Bakolose 3:9.

8, 9. Re ka thuswa keng ho tseba hore na Jehova o batla re sebetse ditaba jwang maemong ao ho ona ho se nang molao o tobileng wa Bibele? Fana ka mohlala.

8 Empa e le hore re thabise Jehova, re lokela ho etsa ho fetang feela ho mamela ditaelo tsa hae. Ha a re fa letoto le le telele feela la melao e laolang maemo ohle a bophelo ba rona. Ka hona, ho na le maemong a mang ao ho ona ho se nang molao wa Bibele o tobileng o re bolellang hore na re etseng. Re ka etsa diqeto ka bohlale jwang ka nako eo? (Baefese 5:17) Bibele e na le melaomotheo e re rutang hore na Jehova o ikutlwa jwang. Ka lebaka leo, ha re ntse re bala Bibele, re kgona ho lemoha hore na Jehova ke Motho wa mofuta ofe. Re ithuta tsela eo a nahanang ka yona ho akarelletsa le dintho tseo a di ratang le tseo a di hloileng.—Bala Pesaleme ya 97:10; Liproverbia 6:16-19; sheba Ntlha ya 1 e hlahang qetellong ya buka.

9 Ka mohlala, ke jwang o ka kgethang dintho tseo o di shebellang televishineng kapa Inthaneteng? Ke nnete hore Jehova ha a re bolelle ka ho toba hore na re lokela ho etsang. Empa o re fa melaomotheo e re thusang ho etsa diqeto tse bohlale. Boithabiso bo bongata kajeno bo tletse ntwa le thobalano. Bibele e re bolella hore Jehova “o hloile mang kapa mang ya ratang pefo” le hore o tla “ahlola dihlola.” (Pesaleme ya 11:5; Baheberu 13:4) Melaomotheo ena e ka re thusa jwang ho etsa diqeto ka bohlale? Hang feela ha re tseba hore Jehova o hloile ntho e itseng kapa o e nka e le boitshwaro bo ditshila, re lokela ho e qoba.

10, 11. Ke hobaneng ha re mamela Jehova?

10 Ke hobaneng ha re mamela Jehova? Ha re mo mamele feela hobane re tshaba kotlo kapa mathata a bakwang ke ho etsa diqeto tse bowatla. (Bagalata 6:7) Empa ha e le hantle re mo mamela hobane re mo rata. Jwalo ka ha bana ba batla ho thabisa Ntate wa bona, le rona ka ho tshwanang re batla ho thabisa Ntate wa rona ya lehodimong. Ha ho na ntho e ka re thabisang ho feta ho tseba hore Jehova o a thaba ha re mo mamela!—Pesaleme ya 5:12; Liproverbia 12:2; sheba Ntlha ya 2 e hlahang qetellong ya buka.

11 Taba e nngwe ke hore ha re mamele Jehova feela ha ho theosetsa kapa ha re se na boikgethelo. Ebile ha re ikgethele hore na ke melao le ditaelo di fe tseo re batlang ho di latela. (Deuteronoma 12:32) Ho ena le hoo, re mo mamela ka ho felletseng, jwalo ka ha mongodi e mong wa Pesaleme a ile a re: “Ke. . . rata ditaelo tsa hao.” (Pesaleme ya 119:47; Baroma 6:17) Re batla ho ba jwalo ka Noe, ya ileng a bontsha hore o rata Jehova ka ho etsa dintho tsohle tseo a neng a re a di etse. Bibele e re Noe o ile “a fela a etsa jwalo.” (Genese 6:22) Na le wena o batla hore Jehova a bue se tshwanang ka wena?

12. Re ka thabisa Jehova jwang?

12 Ebe Jehova o ikutlwa jwang ha re mo mamela? Re ‘thabisa pelo ya hae.’ (Liproverbia 11:20; 27:11) Ako nahane feela! Re thabisa pelo ya Mmopi wa dintho tsohle ka ho mamela. Empa ha a re qobelle ho etsa seo. Ho e na le hoo, o re file bolokolohi ba ho ikgethela. Sena se bolela hore ho ho rona ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Jehova o batla hore lerato leo re mo ratang ka lona, le re susumelletse ho etsa diqeto tse bohlale e le hore re thabele bophelo.—Deuteronoma 30:15, 16, 19, 20; sheba Ntlha ya 3 e hlahang qetellong ya buka.

“DITAELO TSA HAE HA DI BOIMA”

13, 14. Re tseba jwang hore ha ho thata ho mamela ditaelo tsa Modimo? Fana ka mohlala.

13 Ho thweng haeba re nahana hore ho thata ho mamela ditaelo tsa Jehova kapa re utlwa e ka re ke ke ra ba le bolokolohi? Bibele e bua ka ho hlaka hore: “Ditaelo tsa hae ha di boima.” (1 Johanne 5:3) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “boima” mona, le bolela “ho hatella.” Mangolong a mang, le boetse le sebediswa ha ho hlaloswa melao e hatellang kapa batho ba lekang ho laola le ho utlwisa ba bang bohloko. (Matheu 23:4; Liketso 20:29, 30) Buka e bitswang New English Translation e hlalosa taba ena tjena: “Ditaelo tsa hae ha di re hatelle.” Ditaelo tsa Jehova ha di re “hatelle,” ka mantswe a mang, ha ho thata ho di mamela. Ha ho mohla Jehova a reng re etse ntho eo a tsebang hantle hore re ke ke ra e kgona.

14 Ka mohlala, nka hore o thusa motswalle wa hao hore a fallele sebakeng se setjha. O se a paketse dintho tsohle tsa hae ka mabokoseng. A mang a bobebe empa a mang ona, a boima hona hoo batho ba babedi ba ka tlamehang ho a tshwarisana. Na motswalle wa hao a ka re o nke lebokose le boima haholo o le mong? Lekgale! Hobaneng? Hobane ha a batle o lemale. Jwalo ka motswalle eo, le ka mohla Jehova a ke ke a re re etse ntho eo re ke keng ra kgona ho e etsa. (Deuteronoma 30:11-14) O utlwisisa boemo ba rona hantle. O “tseba sebopeho sa rona hantle, o a hopola hore re lerole.”—Pesaleme ya 103:14.

15. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore ditaelo tseo Jehova a re fang tsona di molemong wa rona?

15 Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ditaelo tsa Jehova, di ne di le ‘molemong wa bona kamehla’ le hore haeba ba di mamela, seo se ne se tla ba thusa hore ba “tswele pele [ba] phela.” (Deuteronoma 5:28-33; 6:24) Ho etsahala se tshwanang le kajeno. Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a reng re e etse, e tla re tswela molemo. (Bala Esaia 48:17.) Kamehla Ntate wa rona Jehova, o tseba se molemo ho rona. (Baroma 11:33) Bibele e re bolella hore: “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Sena se bolela hore Modimo o susumetswa ke lerato ho bua le ho etsa ntho e nngwe le e nngwe.

16. Re tseba jwang hore re ka kgona ho mamela Modimo le hoja re sa phethahala ebile re phela hara batho ba kgopo?

16 Ha se kamehla ho leng bonolo ho mamela Modimo. Re phela lefatsheng le kgopo le buswang ke Diabolose. O leka ho susumetsa batho hore ba etse se sebe. (1 Johanne 5:19) Re boetse re lokela ho lwantsha menahano le maikutlo a fosahetseng, ka ha a ka etsa hore re se ke ra mamela Modimo. (Baroma 7:21-25) Empa lerato leo re ratang Modimo ka lona, le re fa matla a ho etsa se setle. O a bona hore re etsa boiteko ba ho mo mamela ebile o re fa moya wa hae o halalelang hore o re thuse. (1 Samuele 15:22, 23; Liketso 5:32) Moya o halalelang o re thusa ho ba le makgabane a tla re nolofalletsa ho mamela Modimo.—Bagalata 5:22, 23.

17, 18. (a) Re tlo ithutang bukeng ena? (b) Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

17 Ha re ntse re bala buka ena, re tlo ithuta hore na ke jwang re ka phelang ka tsela e tla thabisa Jehova. Re tla boela re ithute ka moo re ka sebedisang melaomotheo ya hae bophelong ba rona. Hopola hore ha ho mohla Jehova a re qobellang hore re mo mamele. Haeba re kgetha ho mo mamela, bophelo ba rona bo tla ntlafala mme re tla ba le bokamoso bo tjhabileng. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore ha re mamela, re tla be re bontsha Modimo ka moo re mo ratang ka teng.—Sheba Ntlha ya 4 e hlahang qetellong ya buka.

18 Jehova o file e mong le e mong wa rona letswalo hore le re thuse ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Matswalo a rona a tla re thusa hore “re boloke ditaelo tsa hae” haeba re a kwetlisa. Ha e le hantle letswalo keng, hona re ka le kwetlisa jwang? A re ke re boneng.