Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 15

Thabela Mosebetsi wa Hao

Thabela Mosebetsi wa Hao

“Motho e mong le e mong a . . . bone se molemo bakeng sa mosebetsi wohle wa hae o thata.”—MOEKLESIA 3:13.

1-3. (a) Batho ba bangata ba ikutlwa jwang ka mesebetsi ya bona? (b) Re tlo hlahloba dipotso dife sehloohong sena?

LEFATSHENG lohle batho ba sebetsa ka thata ho itlhokomela le ho hlokomela ba lelapa. Ba bangata ha ba rate mesebetsi ya bona ebile ba bang ba a nyahama ha ba lokela ho ya teng. Haeba ke ka moo o ikutlwang ka teng, keng seo o lokelang ho se etsa e le hore o thabele mosebetsi wa hao? O lokela ho ikutlwa jwang ka mosebetsi wa hao?

2 Jehova o re: “Motho e mong le e mong a je mme a nwe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi wohle wa hae o thata. Ke mpho ya Modimo.” (Moeklesia 3:13) Jehova o re bopelletse le takatso ya ho batla ho sebetsa. O batla hore re thabele mesebetsi ya rona.—Bala Moeklesia 2:24; 5:18.

3 Jwale, keng e ka re thusang hore re thabele mesebetsi ya rona? Ke mesebetsi e jwang eo Bakreste ba lokelang ho e qoba? Ke jwang re ka etsang hore mesebetsi ya rona e se ke ya re sitisa ho rapela Jehova? Hona ke ofe mosebetsi wa bohlokwa oo re lokelang ho o etsa?

BASEBETSI BA BABEDI BA KGOTHETSENG KA HO FETISISA

4, 5. Jehova o ikutlwa jwang ka mosebetsi?

4 Jehova o rata ho sebetsa. Genese 1:1 e re: “Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.” Ka mora hore Modimo a etse lefatshe le dintho tsohle tse ho lona, o ile a re popo ya hae e ne e le “molemo haholo.” (Genese 1:31) Mmopi wa rona o ne a kgotsofalletse dintho tseo a di entseng.—1 Timothea 1:11.

5 Jehova ha a so emise ho sebetsa. Jesu o ile a re: “Ntate o nnile a tswelapele ho sebetsa ho fihlela jwale.” (Johanne 5:17) Le hoja re sa tsebe dintho tsohle tse hlollang tseo Jehova a ntseng a di etsa, ho na le tse ding tseo re di tsebang. O ntse a tswelapele ho kgetha ba ilo busa Mmusong wa hae le Mora wa hae Jesu Kreste. (2 Bakorinthe 5:17) Jehova o ntse a hlokometse batho hape o a ba tataisa. Ka lebaka la mosebetsi wa boboledi o etswang lefatsheng lohle, batho ba dimilione ba ithuta ka Jehova mme ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng paradeiseng, mona lefatsheng.—Johanne 6:44; Baroma 6:23.

6, 7. Jesu o ne a ikutlwa jwang ka mosebetsi wa hae?

6 Jesu o ne a rata mosebetsi jwalo ka Ntate wa hae. Pele a tla lefatsheng, e ne e le “mosebetsi ya hlwahlwa” wa Modimo, a mo thusa ho bopa dintho tsohle tse lefatsheng le lehodimong. (Liproverbia 8:22-31; Bakolose 1:15-17) Le ha Jesu a se a le lefatsheng, o ile a tswelapele ho sebetsa ka thata. Ha e sa le mohlankana, o ile a ithuta ho ba mmetli wa mapolanka, a etsa feneshara ebile a haha matlo. Jesu o ne a tseba mosebetsi wa hae hantle hoo a ileng a tsebahala ka hore ke “mmetli wa mapolanka.”—Mareka 6:3.

7 Le ha ho le jwalo, mosebetsi wa bohlokwa oo Jesu a neng a o etsa ha a le lefatseng, ke ho bolela ditaba tse molemo le ho ruta batho ka Jehova. O ne a e na le dilemo tse tharo le halofo hore a qete mosebetsi wa hae, ka hoo o ne a o qala hoseng ho fihlela bosiu. (Luka 21:37, 38; Johanne 3:2) Jesu o ne a tsamaya dikhilomithara tse telele e le hore a ka bolella batho ba bangata ditaba tse molemo.—Luka 8:1.

8, 9. Ke hobaneng ha Jesu a ne a thabela mosebetsi wa hae?

8 Jesu o ne a nka ho etsa mosebetsi wa Modimo e le dijo. Mosebetsi ona o ne o mo fa matla le mafolofolo. Ka dinako tse ding, Jesu o ne a sebetsa ka thata hoo a neng a sa fumane le nako ya ho ja. (Johanne 4:31-38) O ne a sebedisa monyetla o mong le o mong ho ruta batho ka Ntate wa hae. Ke ka hoo a neng a ka re ho Jehova: “Ke o tlotlisitse lefatsheng, ka ha ke qetile mosebetsi oo o mphileng wona hore ke o etse.”—Johanne 17:4.

9 Ho hlakile hore Jehova le Jesu ba sebetsa ka thata mme ba natefelwa ke mosebetsi wa bona e bile ba a o kgotsofalla. Re batla ho ba “baetsisi ba Modimo” hape re boele re “latele mehato ya [Jesu] haufiufi.” (Baefese 5:1; 1 Petrose 2:21) Ke ka hoo re ikemiseditseng ho etsa sohle se matleng a rona dinthong tsohle tseo re di etsang.

RE LOKELA HO IKUTLWA JWANG KA MESEBETSI YA RONA?

10, 11. Keng e ka re thusang hore re be le boikutlo bo botle ka mesebetsi ya rona?

10 Jwalo ka bahlanka ba Jehova, re sebetsa ka thata e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rona. Re batla ho thabela mesebetsi ya rona, empa ho ka ba boima ho etsa seo. Jwale re ka thuswa keng hore re e thabele?

Ho sheba dintho ka tsela e nngwe ho ka etsa hore o thabele mosebetsi wa hao

11 Sheba dintho ka tsela e nngwe. Ke nnete hore re ke ke ra fetola sebaka seo re sebetsang ho sona kapa boholo ba mosebetsi, empa re ka kgona ho fetola tsela eo re shebang dintho ka yona. Re ka thuswa ke ho utlwisisa seo Jehova a se lebelletseng ho rona. Ka mohlala, Jehova o lebelletse hore hlooho ya lelapa e etse sohle seo e ka se kgonang ho hlokomela lelapa. Haele hantle Bibele e re e mong le emong ya sa hlokomeleng lelapa la hae “o mobe ho feta motho ya se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Ka hoo, haeba o hlooho ya lelapa, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore o hlokomele lelapa la hao. Ho sa tsotellehe hore na o rata mosebetsi wa hao kapa tjhe, tseba hore haeba o hlokomela lelapa la hao, o thabisa Jehova.

12. Ke melemo efe eo re e fumanang ha re sebetsa ka thata re bile re tshepahala?

12 Sebetsa ka thata hape o tshepahale. Sena se ka etsa hore ho be bonolo hore o thabele mosebetsi wa hao. (Liproverbia 12:24; 22:29) Ntho e nngwe ke hore, mohiri wa hao o tla o tshepa. Bahiri ba rata basebetsi ba tshepahalang, ka ha ba ke ke ba utswa tjhelete, nako kapa thepa. (Baefese 4:28) Ka hodimo ho tsohle, Jehova o a bona ha re sebetsa ka thata ebile re tshepahala. O tla ba le ‘letswalo le tshepahalang’ ka ha o tla be o tseba hore o thabisa Modimo eo o mo ratang.—Baheberu 13:18; Bakolose 3:22-24.

13. Ke ditlamorao dife tse ding tse ka bang teng ha re tshepahala mesebetsing ya rona?

13 Hlokomela hore boitshwaro ba hao mosebetsing bo ka rorisa Jehova. Sena se re fa lebaka le leng la ho thabela mesebetsi ya rona. (Tite 2:9, 10) Ho ka ba ha etsahala hore mosebetsimmoho le wena a batle ho ithuta Bibele ka lebaka feela la boitshwaro ba hao bo botle.—Bala Liproverbia 27:11; 1 Petrose 2:12.

NKA KGETHA MOSEBETSI WA MOFUTA OFE?

14-16. Re lokela ho nahana kang ha re kgetha mosebetsi?

14 Bibele ha e fane ka lethathamo la mesebetsi eo Bakreste ba lokelang ho e kgetha. Empa e na le melaomotheo e ka re thusang hore re etse kgetho e nepahetseng mabapi le mosebetsi. (Liproverbia 2:6) Ha re ntse re sebedisa melaomotheo ena, re ka ipotsa dipotso tse latelang.

Kgetha mosebetsi o seng kgahlanong le melaomotheo ya Jehova

15 Na mosebetsi oo o tlo hloka hore ke etse dintho tseo Jehova a reng di fosahetse? Re se re ithutile ka dintho tseo Jehova a di hloileng, jwalo ka ho utswa le ho bua leshano. (Exoda 20:4; Liketso 15:29; Baefese 4:28; Tšenolo 21:8) Ka hoo, re leka ka hohle ho qoba mesebetsi e kgahlanong le melaomotheo ya Jehova.—Bala 1 Johanne 5:3.

16 Na mosebetsi oo o tshehetsa dintho tseo Jehova a di hloileng? Ka mohlala, o tla reng haeba o fuwa mosebetsi wa hore o sebetse reception, tliliniking e ntshang dimpa? Ho sebetsa reception ha ho phoso. Empa o a tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa. Le hoja e tla be e se wena ya sebetsanang le ho ntsha dimpa, ho ya ka moo Jehova a tadimang dintho ka teng, na o ne o ke ke wa ikutlwa eka o kenya letsoho mosebetsing oo?—Exoda 21:22-24.

17. Keng e ka re thusang hore re etse diqeto tse thabisang Modimo?

17 Haeba re sebedisa melaomotheo ya Modimo, re tla tshwana le batho ba hlaloswang lengolong la Baheberu 5:14, “bao ka tshebediso, matla a bona a ho lemoha a kwetliseditsweng ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” Ipotse: ‘Na ha ke amohela mosebetsi oo, Bakrestemmoho le nna ba tla kgopeha? Na mosebetsi oo o tla nqosa hore ke siye molekane wa ka le bana ba ka mme ke ye naheng e nngwe? Seo se ka ba ama jwang?’

“NEPISISA DINTHO TSA BOHLOKWA HAHOLO”

18. Ke hobaneng ha ho ka ba boima hore re dule re sebeletsa Modimo?

18 Ho ka ba thata hore borapedi ba rona ho Jehova bo tle pele bophelong ba rona ‘dinakong [tsena] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) E ka ba ntho e thata ho fumana mosebetsi le ho tshwarella ho ona. Ke nnete hore re lokela ho hlokomela ba malapa a rona, empa borapedi ba rona bo lokela ho tla pele. Ka hoo, ha re a lokela ho dumella ntho le ha e le efe hore e be ya bohlokwa ho feta sena. (1 Timothea 6:9, 10) Jwale ke jwang re ka ‘nepisisang dintho tsa bohlokwa haholo’ ha ka lehlakoreng le leng re ntse re hlokomela ba malapa a rona?—Bafilipi 1:10.

19. Ho tshepa Jehova ho ka re thusa jwang hore re lekalekanye dintho?

19 Tshepa Jehova ka ho felletseng. (Bala Liproverbia 3:5, 6.) Re ya tseba hore Jehova o tseba seo re se hlokang ebile o re kgathalla haholo. (Pesaleme ya 37:25; 1 Petrose 5:7) Lentswe la hae le re: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofalletse dintho tse teng. Etswe [Modimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.’” (Baheberu 13:5) Jehova ha a batle hore re dule re tshwenyehile ka ho hlokomela ba malapa a rona. Ka makgetlokgetlo o ile a bontsha hore a ka fa batho dintho tseo ba di hlokang. (Matheu 6:25-32) Ho sa tsotellehe hore na maemo ke a fe, re lokela ho tswelapele ho bala Bibele kamehla, re bolele ditaba tse molemo le ho ya dibokeng ka mehla.—Matheu 24:14; Baheberu 10:24, 25.

20. Ke jwang re ka kgotsofallang dintho tseo re nang le tsona?

20 Kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona. (Bala Matheu 6:22, 23.) Sena se bolela ho kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona e le hore o sebeletse Jehova o sa itshiele letho. Re a tseba e ka ba bowatla ho dumella hore tjhelete, bophelo bo majabajaba kapa disebediswa tsa moraorao tsa theknoloji e be tsa bohlokwa ho feta kamano ya rona le Modimo. Jwale re tla thuswa keng hore kamano ya rona le Modimo e tle pele bophelong ba rona? Re lokela ho leka ka hohle hore re se ke ra iphumana re le ka hara dikoloto. Empa haeba o se o ntse o le ka hara tsona, etsa bonnete ba hore o a di patala. Haeba re sa hlokomele, ho se kgotsofalle dintho tseo re nang le tsona, ho ka etsa hore re sebetse ho feta tekano mme re se ke ra ba le nako ya ho bala Bibele, ho rapela le ho bolela ditaba tse molemo. Ho e na le ho batla dintho tseo re se nang tsona, re lokela ho ithuta ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona, jwalo ka dijo le diaparo. (1 Timothea 6:8) Ho sa tsotellehe hore na maemo ke a fe, nako le nako re lokela ho batla ditsela tsa ho sebeletsa Jehova ka ho felletseng.

21. Ke hobaneng ha re lokela ho kgetha hore na keng e tlang pele bophelong ba rona?

21 Tseba hore na keng e lokelang ho tla pele. Re lokela ho sebedisa nako, matla le dintho tseo re nang le tsona ka bohlale. Haeba re sa hlokomele, dintho tseo e seng tsa bohlokwa hakaalo, jwalo ka thuto e phahameng kapa tjhelete, di ka re jella nako. Jesu o itse: “Le nne le batle Mmuso pele.” (Matheu 6:33) Diqeto tsa rona, ditlwaelo, dintho tseo re di etsang letsatsi le letsatsi haesita le dintho tseo re batlang ho di finyella, di bontsha se hlileng se tlang pele bophelong ba rona.

MOSEBETSI WA BOHLOKWA KA HO FETISISA OO RE KA O ETSANG

22, 23. (a) Ke mosebetsi ofe wa bohlokwa ka ho fetisisa oo re ka o etsang jwalo ka Bakreste? (b) Re tla thuswa keng hore re thabele mesebetsi ya rona?

22 Mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo re nang le ona ke wa ho sebeletsa Jehova le ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Jwalo ka Jesu, re batla ho etsa sohle seo re ka se kgonang mosebetsing ona. Batho ba bang ba ile moo ho nang le tlhokahalo ya baboledi ba ditaba tse molemo. Ha ba bang bona ba ithuta puo e nngwe, e le hore ba ka ruta batho ba dibakeng tse ding molaetsa wa Bibele. Bua le batho ba entseng sena mme o ba botse hore na ba kgonne jwang. Ba tla o bolella hore ba thabile haholo.—Bala Liproverbia 10:22.

Mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo re ka o etsang ke ho sebeletsa Jehova

23 Kajeno bongata ba rona re sebetsa dihora tse ngata kapa re na le mesebetsi e mmalwa e le hore re hlokomele ba malapa a rona. Jehova o bona sena, hape o ananela ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang ho hlokomela ba malapa a rona. Ka hoo, a re tsweleng pele ho etsisa Jehova le Jesu, ka hore re sebetse ka thata ho sa tsotellehe hore na re etsa mosebetsi wa mofuta ofe. Re lokela ho hopola hore mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa, ke ho sebeletsa Jehova le ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Sena se tla re tlisetsa thabo ya sebele.