Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 14

Tshepahala Dinthong Tsohle

Tshepahala Dinthong Tsohle

“Re lakatsa ho itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.”—BAHEBERU 13:18.

1, 2. Jehova o ikutlwa jwang ha a bona re leka ka hohle ho tshepahala?

KA LETSATSI le leng ha moshanyana e mong a tswa sekolong, o ile a thola ka sepatjhe se tletseng tjhelete. O ile a etsang? A ka be a ile a inkela tjhelete eo. Empa ho ena le hoo, o ile a kgutlisetsa sepatjhe seo ho monga sona. Ha mme wa hae a utlwa ka seo a se entseng, o ile a ikutlwa a le motlotlo ka yena.

2 Batswadi ba bangata ba a thaba ha bana ba bona ba tshepahala. Ntate wa rona wa lehodimo Jehova, ke “Modimo wa nnete” ka hoo, o a thaba ha re tshepahala. (Pesaleme ya 31:5) Re batla ho mo thabisa hape re ‘itshware ka botshepehi dinthong tsohle.’ (Baheberu 13:18) A re hlahlobeng dikarolo tse nne tseo ho ka bang thata ho tsona hore re tshepahale. Ka mora moo, re tla bona hore na ke melemo efe eo re ka e fumanang haeba re dula re tshepahala.

O SE KE WA ITHETSA

3-5. (a) Ke ka tsela efe re ka ithetsang? (b) Keng e ka re thusang hore re se ke ra ithetsa?

3 E le hore re se ke ra thetsa batho ba bang, re lokela ho qala pele ka hore re se ke ra ithetsa. Ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa sena. Mehleng ya kgale, barababo rona ba phutheho ya Laodisia ba ile ba ithetsa ka ho nahana hore ba thabisa Modimo, empa nnete ke hore ho ne ho se jwalo. (Tšenolo 3:17) Le rona ka tsela e tshwanang, re ka ithetsa.

4 Morutuwa Jakobo o re: “Haeba motho le ha e le ofe a ipona eka ke morapedi ya kgomaretseng molao le ha ho le jwalo a sa laole leleme la hae jwalo ka ha eka ke ka tomo, empa a tswela pele ho thetsa pelo ya hae, mofuta wa borapedi wa motho enwa ke lefeela.” (Jakobo 1:26) Re tla be re ithetsa haeba re nahana hore Modimo o re amohela hobane a shebile dintho tse itseng tse ntle tseo re di etsang, ho sa tsotellehe hore na re hlaba ba bang ka mantswe, re bua le bona ka tsela e phoqang kapa re bua leshano. Jwale keng e ka re thusang hore re se ke ra ithetsa?

5 Ha re itjheba seiponeng, re bona seo re leng sona ka ntle. Empa ha re bala Bibele, re bona seo re leng sona ka hare. Bibele e ka re thusa hore re bone bokgoni le bofokodi ba rona. E re thusa ho bona hore na ke diphethoho dife tseo re lokelang ho di etsa mabapi le tsela eo re nahanang, re itshwarang le ho bua ka yona. (Bala Jakobo 1:23-25.) Empa haeba re ipolella hore ha re na diphoso, ho tla ba thata hore re etse diphetoho tse hlokahalang. Ka hoo, re lokela ho sebedisa Bibele e le hore re itlhahlobe ka botshepehi. (Lillo Tsa Jeremia 3:40; Hagai 1:5) Thapelo e ka boela ya re thusa hore re ipone hore na ha e le hantle re batho ba mofuta ofe. Re ka kopa Jehova hore a re hlahlobe le ho re thusa hore re bone diphoso tsa rona, e le hore re kgone ho di lokisa. (Pesaleme ya 139:23, 24) Re a hopola hore “motho ya mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufiufi le ba lokileng.”—Liproverbia 3:32.

TSHEPAHALA KA LAPENG

6. Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho tshepahallana?

6 Botshepehi ke ntho ya bohlokwa ka lapeng. Ha banyalani ba buisana ka dintho tsohle, ba ikutlwa ba sireletsehile mme sena se etsa hore ba tshepane le ho feta. Ho se tshepahale lenyalong ho ka tla ka ditsela tse fapaneng. Ka mohlala, motho ya nyetseng a ka fa motho eo eseng molekane wa hae maikutlo a hore o a mo rata, a shebella pornography kapa a iphumana a ratana le motho e mong molekane wa hae a sa tsebe. Hlokomela seo mongodi wa Pesaleme a ileng a se bua ha a re: “Ha ke a dula le batho ba leshano; ha ke kene setswalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pesaleme ya 26:4) Haeba o sa tshepahalle molekane wa hao esita le ka menahano feela, seo se ka senya lenyalo la lona.

O se ke wa etsa ntho le ha e le efe e ka senyang lenyalo la hao

7, 8. O ka sebedisa Bibele jwang ho thusa bana ba hao hore ba bone bohlokwa ba ho tshepahala?

7 Bana le bona ba lokela ho rutwa hore ba bone bohlokwa ba ho tshepahala. Batswadi ba ka sebedisa Bibele ho ba ruta sena. E fana ka mehlala ya batho ba sa kang ba tshepahala, jwalo ka Akane eo e ileng ya eba leshodu, Gehazi ya ileng a bua leshano e le hore a fumane tjhelete le Judase ya ileng a utswa tjhelete mme ka mora moo a rekisa Jesu ka dikotwana tse 30 tsa silevera.—Joshua 6:17-19; 7:11-25; 2 Marena 5:14-16, 20-27; Matheu 26:14, 15; Johanne 12:6.

8 Bibele e boetse e fana ka mehlala e mengata ya batho ba ileng ba tshepahala, ba kang Jakobo ya ileng a kgothalletsa bara ba hae hore ba kgutlise tjhelete eo ba neng ba e fumane. Jafeta le moradi wa hae le bona ba ile ba phethahatsa tshepiso ya bona ho Modimo, le Jesu o ile a tshepahala le hara maemo a thata. (Genese 43:12; Baahloli 11:30-40; Johanne 18:3-11) Mehlala ena e ka thusa bana hore ba utlwisise bohlokwa ba ho tshepahala.

9. Haeba batswadi ba tshepahala, seo se ka thusa bana jwang?

9 Batswadi ba ka ithuta molaomotheong ona wa bohlokwa: “Le ha ho le jwalo, na wena ya rutang e mong, ha o ithute? Wena ya bolelang hore ‘O se ke wa utswa,’ na o a utswa?” (Baroma 2:21) Bana ba a bona ha batswadi ba ba kgalemella ntho eo bona ba e etsang. Haeba re bolella bana ba rona hore ba tshepahale empa rona re sa tshepahale, ba ka ferekana. Haeba bana ba hlokomela hore batswadi ba bona ba bua leshano haesita le ka ntho e nyane feela, le bona ba tla bua leshano. (Bala Luka 16:10.) Ka lehlakoreng le leng, ha bana ba bona hore batswadi ba bona ba a tshepahala, seo se ka ba thusa hore le bona ha e se e le batswadi, ba tshepahale.—Liproverbia 22:6; Baefese 6:4.

TSHEPAHALA KA PHUTHEHONG

10. Re ka bontsha jwang hore re a tshepahala ha re buisana le Bakrestemmoho le rona?

10 Re boetse re lokela ho tshepahalla Bakrestemmoho le rona. Ho ka ba bonolo hore moqoqo wa rona o fetohe lesebo kapa ho etselletsa ba bang. Haeba re bua ka ntho eo re se nang bopaki ba hore na ke nnete kapa tjhe, re ka iphumana re hasa leshano. Ka hoo, ho molemo hore re ‘thibe melomo ya rona.’ (Liproverbia 10:19) Le ha ho le jwalo, ho tshepahala ha ho bolele hore o tlamehile hore o bue ka ntho e nngwe le e nngwe eo o e tsebang, o e nahanang kapa eo o e utlwileng. Le haeba ntho eo re tlo e bua ke nnete, o ka fumana hore ha e re ame ebile ha ho hlokahale hore re bue ka yona, ka ha seo se tla be se bontsha ho se nahanele. (1 Bathesalonika 4:11) Batho ba bang ba ipehela mabaka a hore ba hlabe ba bang ka mantswe ka hore ba re: “Ke mpa feela ke bua nnete.” Empa jwalo ka bahlanka ba Jehova, re batla hore kamehla mantswe a rona a bontshe mosa le ho nahanela.—Bala Bakolose 4:6.

11, 12. (a) Ke jwang motho ya entseng sebe a ka mpefatsang dintho le ho feta ka hore a se ke a bua nnete? (b) Tse ding tsa dipotso tseo re ka ipotsang tsona ke dife? (c) Re ka tshepahalla mokgatlo wa Jehova jwang?

11 Jehova o file baholo boikarabelo ba ho thusa phutheho. Ho ba bonolo hore baholo ba re thuse haeba re ba bolella nnete. Hobaneng? Haeba o kula mme o lo bona ngaka, na o ka mo patela a mang a matshwao a bontshang hore o a kula? Haeba o mo patela a mang a matshwao, o tla kgona ho o thusa jwang? Ka tsela e tshwanang, le rona haeba re entse sebe se tebileng, ha ho hlokahale hore re bue leshano. Ho e na le hoo, re lokela hore re bolelle baholo sohle se etsahetseng. (Pesaleme ya 12:2; Liketso 5:1-11) Empa ha re bue ka boemo bo bong bo fapaneng le bona: A re re o fumana hore motswalle wa hao o entse sebe se tebileng. (Levitike 5:1) Na o ne o tla re: “Ka ha ke motswalle wa ka, ha ke na bua ka taba ena?” Kapa mohlomong o tla hopola hore baholo ba ka mo fa thuso eo a e hlokang e le hore a lokise le ho matlafatsa kamano ya hae le Jehova?—Baheberu 13:17; Jakobo 5:14, 15.

12 Re boetse re lokela ho tshepahalla mokgatlo wa Jehova ha re tlatsa diripoto, jwalo ka ho tlaleha dihora tseo re di entseng tshimong. Hape re lokela ho tshepahala ha re tlatsa diforomo tsa bopulamadiboho kapa tsa tshebeletso le ha e le efe.—Bala Liproverbia 6:16-19.

13. Re ka tshepahala jwang haeba re kene kgwebong le Mokrestemmoho le rona?

13 Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore ditaba tsa kgwebo ha di kopane le borapedi ba bona. Ka mohlala, ha re a lokela ho bua ka ditaba tsa kgwebo ha re le Holong ya Mmuso kapa re le tshimong. Ebile ha re a lokela ho nka monyetla ka bara le baradibabo rona bao re keneng kgwebong le bona. Haeba o hirile Bakreste, ba patale ka nako mme o ba fe tjhelete eo le dumellaneng ka yona. Ba etsetse dintho tsohle tseo molao o kgothaletsang mohiri hore a di etsetse basebetsi ba hae. Sena se ka akarelletsa ho ngodisa motho eo o mo hirileng ka molao kapa ho mo patala le ha a nkile matsatsi a phomolo. (1 Timothea 5:18; Jakobo 5:1-4) Hape haeba o hiruwe ke Mokrestemmoho le wena, o se ke wa lebella hore a o tshware ka tsela e kgethehileng. (Baefese 6:5-8) Ka hoo, etsa bonnete ba hore o sebetsa dihora tseo o di patallwang le ho etsa mosebetsi oo o hiretsweng.—2 Bathesalonika 3:10.

14. Keng seo Bakreste ba lokelang ho se etsa pele ba ka kena kgwebong?

14 A re re o kena kgwebong le mora kapa moradiwabo rona. E leng se ka akarelletsang ho kadima tjhelete le ho e boloka. Maemong a kang ana, ho na le molaomotheo wa Bibele o ka sebediswang, o reng re lokela ho ngola ntho e nngwe le e nngwe fatshe. Ha moprofeta Jeremia a reka tshimo, o ile a ngola mangolo a mabedi mme le leng la saenwa ke dipaki, a a boloka hore a tle a a sebedise ha ho hlokahala. (Jeremia 32:9-12; sheba le Genese 23:16-20.) Le ha ho le jwalo, ba bang ba nahana hore ha ba ngola tumellano fatshe seo se ka etsa hore ho bonahale e ka ha ba tshepane. Empa nnete ke hore ho ngola tumellano fatshe, ho ka thusa ho qoba ho se utlwisisane, ho phoqeha le ho se dumellane. Esita le ha re kena dikgwebong, re lokela ho hopola hore ho ba le kgotso ka phuthehong ke ha bohlokwa haholo ho feta ho etsa tumellano le ha e le efe ya kgwebo.—1 Bakorinthe 6:1-8; sheba Ntlha ya 30 e hlahang qetellong ya buka.

TSHEPAHALA MOSEBETSING

15. Jehova o ikutlwa jwang ka borakgwebo ba sa tshepahaleng?

15 Re lokela ho tshepahalla batho bohle, haesita le bao eseng Dipaki Tsa Jehova. Ke ntho ya bohlokwa ho Jehova hore re tshepahale. “Sekala se qhekellang ke ntho e manyala ho Jehova, empa majwe a ho bekga a felletseng a a mo kgahlisa.” (Liproverbia 11:1; 20:10, 23) Mehleng ya kgale, borakgwebo ba ne ba sebedisa sekala ha ba rekisa. Borakgwebo ba bang ba ne ba ropa batho ka hore ba ba rekisetse thepa e nyane ka tjhelete e ngata. Le kajeno botshepehi e ntse e le ntho e siyo mesebetsing. Jwalo ka ha Jehova a ne a hloile ho se tshepahale nakong e fetileng, le hona jwale o ntse a hloile ho se tshepahale.

16, 17. Ke mefuta efe e tlwaelehileng ya ho se tshepahale eo re lokelang ho e qoba?

16 Kaofela ha rona re kopana le maemo a ka etsang hore re se ke ra tshepahala, jwalo ka ha re tlatsa CV, diforomo tsa mmuso kapa ha re ngola ditlhahlobo tsa sekolo. Batho ba bangata ba nahana hore ha se phoso ho bua leshano, ho fetelletsa dintho kapa ho fana ka karabo e sa hlakang. Sena ha se re makatse. Bibele e ile ya bolela esale pele hore matsatsing ana a ho qetela batho e tla ba “baithati, ba ratang tjhelete, . . . ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-5.

17 Ka dinako tse ding ho ka bonahala eka batho ba sa tshepahaleng ke bona ba atlehang bophelong. (Pesaleme ya 73:1-8) Mokreste a ka ba a lahlehelwa ke mosebetsi, a se fumane tjhelete eo ka molao a lokelang ho e fumana, kapa a tshwarwa hampe hobane feela a tshepahala. Le ha ho le jwalo, re ikemiseditse ho tshepahala ho sa tsotellehe se ka etsahalang. Hobaneng?

DITLHOHONOLOFATSO TSE TLISWANG KE BOTSHEPEHI

18. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho ba le botumo bo botle?

18 Lefatsheng lena ho thata ho fumana motho ya tshepahalang le ya nang le botumo bo botle. Empa e mong le e mong wa rona o na le monyetla wa hore a iketsetse botumo bo botle. (Mikea 7:2) Ke nnete hore batho ba bang ba ka o tsheha haeba o tshepahala, mme ba o bitsa ka mabitso a kang o setlatla. Empa ba bang bona, ba ka ananela botshepehi ba hao. Lefatsheng lohle, Dipaki Tsa Jehova di tsejwa ka ho tshepahala. Borakgwebo ba bang ba thabela ho hira Dipaki hobane ba a tseba hore di a tshepahala. Ha batho ba bang ba tebelwa mesebetsing ka lebaka la hore ha ba tshepahale, Dipaki tsona ha di tebelwe.

Re ka rorisa Jehova ka hore re sebetse ka thata

19. Botshepehi bo ka ama setswalle sa hao le Jehova jwang?

19 Ho tshepahala dinthong tsohle ho tla etsa hore o be le letswalo le hlwekileng le kgotso ya kelello. Re ka ba jwalo ka Pauluse ya ileng a ngola a re: “Re tshepa hore re na le matswalo a tshepahalang.” (Baheberu 13:18) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore Ntate wa hao ya lerato Jehova, o tla hlokomela le ho ananela boiteko boo o bo etsang ba ho tshepahala dinthong tsohle.—Bala Pesaleme ya 15:1, 2; Liproverbia 22:1.