Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 13

Ananela Mpho ya Bophelo

Ananela Mpho ya Bophelo

1. Ke mang ya re fileng bophelo?

JEHOVA “ke Modimo ya phelang.” (Jeremia 10:10) Ke Mmopi wa rona mme o re file bophelo. Bibele e re Jehova “o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya [hae] di ile tsa eba teng mme tsa boptjwa.” (Tšenolo 4:11) E, Jehova o batla hore re phele. Bophelo ke mpho ya bohlokwa e tswang ho yena.—Bala Pesaleme ya 36:9.

2. Re lokela ho etsang hore re atlehe bophelong?

2 Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re phele, tse jwalo ka metsi le dijo. (Liketso 17:28) Ho feta moo, o batla hore re thabele bophelo. (Liketso 14:15-17) Re lokela ho mamela melao ya Modimo e le hore re atlehe bophelong.—Esaia 48:17, 18.

MODIMO O TADIMA BOPHELO JWANG?

3. Jehova o ile a etsang ha Kaine a bolaya Abele?

3 Bibele e re bophelo ba rona le ba batho ba bang ke ba bohlokwa ho Jehova. Ka mohlala, ha mora wa Adama le Eva ya bitswang Kaine a ne a halefetse ngwanabo e leng Abele, Jehova o ile a kgalemela Kaine. Empa Kaine ha a ka a mamela mme o ile a halefa hoo a ileng a “hlasela ngwanabo mme a mo bolaya.” (Genese 4:3-8) Jehova o ile a fa Kaine kotlo ka lebaka la ho bolaya Abele. (Genese 4:9-11) Ka hoo bohale le lehloyo di kotsi hobane di etsa hore re etse dintho tse sehloho. Motho ya jwalo a ke ke a fumana bophelo bo sa feleng. (Bala 1 Johanne 3:15.) Jehova o batla hore re rate batho bohle.—1 Johanne 3:11, 12.

4. Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele o re rutang ka bophelo?

4 Melao e Leshome eo Jehova a ileng a e fa Baiseraele hamorao, e ne e bontsha hore bophelo ke ba bohlokwa ho Jehova. Ka mohlala, o mong wa melao eo o ne o re: “O se ke wa bolaya.” (Deuteronoma 5:17) Haeba motho a ne a ka bolaya e mong ka boomo, le yena o ne a bolawa.

5. Modimo o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa?

5 Modimo o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa? Bophelo ke ba bohlokwa ho Jehova, esita le ba lesea le so tswalwe. Molao oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele o ne o re ha motho a ne a ka lematsa mosadi wa moimana, ebe lesea le a hlokahala, motho eo o ne a lokela ho bolawa. (Bala Exoda 21:22, 23; Pesaleme ya 127:3.) Sena se re ruta hore ho ntsha mpa ho fosahetse.—Sheba Ntlha ya 27 e hlahang qetellong ya buka.

6, 7. Re ka bontsha Jehova jwang hore re nka bophelo e le ba bohlokwa?

6 Re ka bontsha Jehova jwang hore re nka bophelo ba rona le ba batho ba bang e le ba bohlokwa? Ka ho qoba ntho le ha e le efe e ka behang bophelo ba rona le ba batho ba bang kotsing. Ka hoo re ke ke ra sebedisa dintho tse lematsang mmele ya rona, jwalo ka ho sebedisa dithethefatsi le ho tsuba kwae kapa senifi.

7 Re lokela ho sebedisa bophelo le mmele ya rona ka tsela e kgahlisang Jehova. Ka hoo, haeba re sa tshware mmele ya rona hantle re ke ke ra ba batho ba hlwekileng mahlong a Modimo. (Baroma 6:19; 12:1; 2 Bakorinthe 7:1) Re ke ke ra kgona ho sebeletsa Jehova haeba re sa ananele bophelo. Haeba re nka bophelo e le ba bohlokwa, re tla tlohela mekgwa e mebe mme Jehova o tla re thusa.

8. Re ka etsang hore re se ke ra beha bophelo ba rona le ba batho ba bang kotsing?

8 Re se re ithutile hore bophelo ke mpho ya bohlokwa. Jehova ha a batle hore re behe bophelo ba rona kapa ba batho ba bang kotsing. Ka mohlala, re ka bontsha hore re ananela bophelo ka tsela eo re kgannang dikoloi tsa rona ka yona. Re boetse re lokela ho qoba dipapadi tse kotsi le tsa batho ba lwanang. (Pesaleme ya 11:5) Hape re lokela ho etsa hore matlo a rona ebe a sireletsehileng. Jehova o ile a fana ka molao ona ho Baiseraele: “Haeba o haha ntlo e ntjha, o etse lehora [kapa lebota le le kgutshwane] bakeng sa marulelo a hao, e le hore o se ke wa beha molato wa madi ntlong ya hao hobane e mong a ka nna a wa a le hodima yona.”—Deuteronoma 22:8.

9. Re lokela ho tshwara diphoofolo jwang?

9 Bophelo ba diphoofolo le bona ke ba bohlokwa ho Jehova. O re dumella ho bolaya diphoofolo hore re fumane dijo le diaparo. O boetse o re dumella ho bolaya phoofolo haeba e beha bophelo ba rona kotsing. (Genese 3:21; 9:3; Exoda 21:28) Empa Jehova ha a re dumelle ho bolaya diphoofolo ka sehloho kapa bakeng sa boithabiso.—Liproverbia 12:10.

ANANELA BOPHELO HOBANE BO A HALALELA

10. Re tseba jwang hore madi a tshwantshetsa bophelo?

10 Jehova o nka madi a halalela hobane a tshwantshetsa bophelo. Ka mora hore Kaine a bolaye Abele, Jehova o ile a re ho Kaine: ‘Madi a ngwaneno a hweletsa ho nna a le mobung.’ (Genese 4:10) Madi a Abele a ne a tshwantshetsa bophelo ba hae, mme Jehova o ile a fa Kaine kotlo bakeng sa ho bolaya Abele. Ka mora Morwallo wa mehleng ya Noe, Jehova o ile a boela a bontsha hore madi a tshwantshetsa bophelo. Jehova o ile a fa Noe le lelapa la hae tumello ya hore ba je nama ya diphoofolo. O ile a re ho bona: “Phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang e phelang e tla ba dijo tsa lona. Jwalo ka ha ke le nehile dimela tse tala, ke le neha tsona kaofela.” Le ha ho le jwalo, ho ne ho na le ntho e le nngwe eo Jehova a neng a itse ba se ke ba e ja. O ile a re: ‘Ke feela nama e nang le bophelo, e leng madi a yona, eo le ke keng la e ja.’—Genese 1:29; 9:3, 4.

11. Modimo o ile a fa setjhaba sa Baiseraele taelo efe mabapi le madi?

11 Dilemo tse 800 hamorao, Jehova o ile a re ho Baiseraele: ‘Motho le ha e le ofe ho lona, eo ha a tsoma a tshwasang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, o lokela ho tsholla madi a yona mme a a kwahele ka mobu.’ Ka mora moo, o ile a re ho bona: “Le se ke la ja madi.” (Levitike 17:13, 14) Jehova o ne a ntse a batla hore batho ba hae ba nke madi a halalela. Ba ne ba ka ja nama, e seng madi. Ha ba bolaya phoofolo bakeng sa dijo, ba ne ba lokela ho tshollela madi a yona fatshe.

12. Bakreste ba lokela ho tadima madi jwang?

12 Dilemo tse mmalwa ka mora lefu la Jesu, baapostola le baholo ba phutheho ya Bokreste ba ile ba kopana Jerusalema, ho tla etsa qeto ya hore na ke melao efe eo Bakreste ba neng ba lokela ho e boloka ho e neng e fuwe Baiseraele. (Bala Liketso 15:28, 29; 21:25.) Baapostola ba ile ba hlokomela hore Jehova o ne a batla hore ba nke madi a halalela. Bakreste ba nakong eo ba ile ba laelwa hore ba se ke ba ja madi kapa ho ja nama e sa tshollwang madi. Ho ja madi ho ne ho le hobe jwalo ka ho rapela medimo ya ditshwantsho le ho etsa bohlola kapa bofebe. Ho tloha ka nako eo, Bakreste ba nnete ba ile ba qoba ho ja kapa ho nwa madi. Kajeno teng? Jehova o ntse a batla hore re nke madi a halalela.

13. Ke hobaneng ha Bakreste ba sa dumele ho tshelwa madi?

13 Na see se bolela hore Bakreste ba lokela ho hana ho tshelwa madi? E, ho jwalo. Jehova o re re se ke ra ja kapa ho nwa madi. Haeba ngaka e ne e ka re o kgaotse ho nwa jwala, na o ne o ka bo kenya methapong ya hao ka nalete? O ne o ke ke wa etsa jwalo! Ka tsela e tshwanang, molao wa ho se je madi o bolela hore Mokreste ha a lokela ho tshelwa madi.—Sheba Ntlha ya 28 e hlahang qetellong ya buka.

14, 15. Ke hobaneng ha Mokreste a lokela ho nka bophelo e le ba bohlokwa?

14 O lokela ho etsang haeba ngaka e re o tla shwa ha o sa dumele ho tshelwa madi? Motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na o tla mamela molao wa Modimo tabeng ena kapa tjhe. Bakreste ba nka bophelo e le ba bohlokwa hobane ke mpho e tswang ho Modimo. Ka hoo ha ba kula, ba sebedisa mekgwa e meng ya phekolo e sa akarelletseng ho tshelwa madi.

15 Ke nnete hore re batla ho phela, empa re ke ke ra dumela ho tshelwa madi. Ho molemo ho mamela Jehova ho e na le hore re leke ho pholosa bophelo ba rona ka ho tlola melao ya hae. Jesu o ile a re: ‘Mang kapa mang ya batlang ho pholosa bophelo ba hae o tla lahlehelwa ke bona; empa mang kapa mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka lebaka la ka o tla boela a bo fumane.’ (Matheu 16:25) Re mamela Jehova hobane re mo rata. Jehova o tseba se molemo bakeng sa rona mme re nka bophelo e le ba bohlokwa jwalo ka yena.—Baheberu 11:6.

16. Ke hobaneng ha bahlanka ba Modimo ba mo mamela?

16 Bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba ikemiseditse ho mamela molao wa Modimo tabeng ya madi. Ha ba je madi kapa hona ho a nwa mme ba ke ke ba dumela ho tshelwa madi ha ba kula. * Le ha ho le jwalo, ba amohela mekgwa e meng ya phekolo e ka pholosang bophelo ba bona. Ba kgodisehile hore Mmopi o tseba se molemo bakeng sa batho hobane ke yena ya re fileng bophelo. Na le wena o na le kgodiseho e tshwanang?

TSHEBEDISO YA MADI EO JEHOVA A NENG A E AMOHELA

17. Jehova o ile a dumella Baiseraele ho sebedisa madi ka tsela efe?

17 Molaong oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele, Jehova o ile a re bophelo ba motho kapa ba phoofolo bo mading a yona. O ile a re ho bona: ‘Ke behile madi aletareng hore le kwahele dibe tsa lona, hobane madi a kwahela dibe.’ (Levitike 17:11) Ha Baiseraele ba entse sebe, ba ne ba ka kopa tshwarelo ho Jehova ka ho etsa sehlabelo ka phoofolo mme ba kope moprista ho tshela madi a mang a yona hodima aletare ka tempeleng. Ke yona feela tsela eo Jehova a neng a dumella Baiseraele hore ba sebedise madi ka yona.

18. Sehlabelo sa Jesu se re bulela monyetla ofe?

18 Ha Jesu a tla lefatsheng, o ile a fedisa molao wa ho etsa mahlabelo ka diphoofolo. O ile a etsa jwalo ka ho fana ka bophelo kapa madi a hae bakeng sa hore re tshwarelwe dibe. (Matheu 20:28; Baheberu 10:1) Bophelo ba Jesu e ne e le ba bohlokwa haholo. Ke ka hoo Jehova a ileng a bo sebedisa ho fa batho bohle monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16; Baheberu 9:11, 12; 1 Petrose 1:18, 19.

O ka bontsha jwang hore o nka bophelo le madi e le tsa bohlokwa?

19. Keng seo re lokelang ho se etsa hore re ‘hlweke mading a batho bohle’?

19 Re ananela mpho ya bophelo eo Jehova a re fileng yona. Ebile re batla ho bolella batho hore ba ka phela ka ho sa feleng haeba ba na le tumelo ho Jesu. Re rata batho mme re tla etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba ruta Bibele e le hore ba ka fumana bophelo. (Ezekiele 3:17-21) Ka ho etsa jwalo, re tla kgona ho bua jwalo ka moapostola Pauluse, ha a ne re: “Ke hlwekile mading a batho bohle, ka ha ha ke a tlohela ho le bolella morero wohle wa Modimo.” (Liketso 20:26, 27) Ruri re bontsha hore re nka bophelo le madi e le tsa bohlokwa, ha re bollela ba bang ka Jehova le kamoo bophelo bo halaleng kateng ho yena.

^ par. 16 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ya ho tshela madi, sheba leqephe la 77-79 bukeng ya “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” e hatiswang ke Dipaki Tsa Jehova.