Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 7

Ho tla ba le Tsoho!

Ho tla ba le Tsoho!

1-3. Re teronkong efe ya tshwantshetso, hona Jehova o tla re lokolla jwang?

NKA hore o ahloletswe ho dula teronkong bophelo bohle ba hao bakeng sa ntho eo o sa e etsang. Ha ho na tshepo ya hore o tla ke o lokollwe. Ho bonahala ho se na letho leo o ka le etsang. Empa ere o sa nyahame jwalo, o be o utlwa hore ho na le motho ya ka kgonang ho o ntsha teronkong ebile o tshepisitse ho etsa jwalo! Ka sebele ho ne ho tla re kokololo!

2 Ka tsela ya tshwantshetso, bohle re teronkong e bitswang lefu. Ho sa tsotellehe hore re etsang, ha ho na tsela ya ho tswa. Empa Jehova o na le matla a ho re lokolla lefung. O tshepisitse hore lefu e leng “sera sa ho qetela . . . le tla etswa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.

3 Nahana kamoo o tla thaba kateng ha lefu le se le le siyo! Jehova ha a no fedisa lefu feela, empa o tla boela a tsose batho ba seng ba shwele. Ha seo se etsahala, ruri o tla thaba. Modimo o tshepisitse hore “ba se nang matla lefung” kapa bafu, ba tla boela ba phele. (Esaia 26:19) Sena ke seo Bibele e se bitsang tsoho ya bafu.

HA EO O MO RATANG A HLOKAHALA

4. (a) Re ka tshediswa keng ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang? (b) E meng ya metswalle ya Jesu e ne e le bo mang?

4 Re utlwa bohloko haholo ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang. Re ikutlwa re tlalletswe ke thota. Lebaka ke hobane ha re na matla a ho tsosa motho ya shweleng. Empa Bibele e ya re tshedisa. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Jehova le Jesu ba batla ho tsosa bafu. Ho re thusa ho bona sena, a re ke re bueng ka se ileng sa etsahala nakong e fetileng ha Jesu a ne a le lefatsheng. Jesu o ne a tlwaetse ho etela Lazaro le dikgaitsedi tsa hae e leng Maria le Maretha. E ne e le metswalle ya Jesu. Bibele e re: “Jesu o ne a rata Maretha le moradi wabo le Lazaro.” Empa ka letsatsi le leng, Lazaro o ile a shwa.—Johanne 11:3-5.

5, 6. (a) Jesu o ile a etsang ha a bona metswalle ya hae e saretswe ka lebaka la lefu la Lazaro? (b) Ke hobaneng ha taba ya hore Jesu o ile a lla e re kgothatsa?

5 Jesu o ile a ya ho Maria le Maretha ho ilo ba tshedisa. Ha Maretha a utlwa hore Jesu o tseleng, o ile a tswela kantle ho motse ho ilo mo kgahlanyetsa. O ile a re ho Jesu: “Hoja o ne o le teng mona kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” Maretha o ne a nahana hore Jesu o tlile ka mora nako. Ka mora moo, Jesu o ile a bona le Maria a lla. Ha Jesu a bona kamoo ba neng ba saretswe kateng, o ile a utlwa bohloko haholo hoo a ileng a lla. (Johanne 11:21, 33, 35) Jesu o ne a utlwile bohloko bo tebileng boo motho a bo utlwang ha a hlokahalletswe.

6 Ho a re kgothatsa ho tseba hore Jesu o utlwa bohloko boo re bo utlwang ha re hlokahalletswe. Hopola hore Jesu o futsitse Ntate wa hae. (Johanne 14:9) Jehova o na le matla a ho fedisa lefu ka ho sa feleng mme ke seo a tla se etsa haufinyane.

“LAZARO, TSWA!”

7, 8. Ke hobaneng ha Maretha a ne a sa batle ha lejwe le lebitleng la Lazaro le tloswa, empa Jesu o ile a etsang?

7 Ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro, le ne le kwetswe ka lejwe le leholo. Jesu o ile a re: “Tlosang lejwe leo.” Empa Maretha o ne a sa batle ha lejwe leo le tloswa. O ne a nahana hore setopo sa Lazaro se se se nkga hobane e ne e le matsatsi a mane se bolokilwe. (Johanne 11:39) Maretha o ne a sa tsebe seo Jesu a neng a le haufi le ho se etsa.

Nahana kamoo metswalle le ba lelapa labo Lazaro ba neng ba thabile kateng ha a tsoswa! —Johanne 11:38-44

8 Jesu o ile a re ho Lazaro: “Tswa!” Ka mora moo, Maria le Maretha ba ile ba bona mohlolo. Bibele e re: “Monna ya neng a shwele a tswa a thatetswe maoto le matsoho ka masela a thatelang.” (Johanne 11:43, 44) Lazaro o ne a tsositswe bafung! O ile a boela a kopana le metswalle ya hae le ba lelapa labo. Ba ne ba thabile, ba kgona ho mo tshwara le ho bua le yena. Ruri ona e ne e le mohlolo! Jesu o ne a tsositse Lazaro.

“MORWETSANA, KE RE HO WENA, ‘EMA!’”

9, 10. (a) Ke mang ya fileng Jesu matla a ho tsosa bafu? (b) Ke hobaneng ha mangolo a buang ka batho ba ileng ba tsoswa a re kgothatsa?

9 Na Jesu o ne a tsosa bafu ka matla a hae? Tjhe. Pele a tsosa Lazaro, Jesu o ile a rapela Jehova mme Jehova a mo fa matla a ho tsosa Lazaro. (Bala Johanne 11:41, 42.) Hase Lazaro feela ya ileng a tsoswa bafung. Bibele e bua ka ngwanana ya itseng ya dilemo di 12 ya neng a kula haholo. Ntate wa hae ya bitswang Jairuse o ne a tshwenyehile haholo yaba o tla ho Jesu ho mo kopa hore a fodise moradi wa hae. Moradi eo e ne e le ngwana wa hae wa ho fela. Banna ba bang ba ile ba fihla Jairuse a ntse a bua le Jesu mme ba re ho Jairuse: “Moradi wa hao o shwele! O sa tshwenyetsang mosuwe?” Empa Jesu a re ho Jairuse: ‘O se ke wa tshaba, o mpe o bontshe tumelo, mme moradi wa hao o tla pholoha.’ Jesu o ile a tsamaya le Jairuse ho ya lapeng la hae. Ha ba atamela ntlong ya Jairuse, Jesu o ile a bona le ho utlwa batho ba llang. O ile a re ho bona: “Kgaotsang ho lla, ka ha ha a shwa empa o robetse.” Ho ka etsahala hore batswadi ba ngwanana eo ba ne ba ipotsa hore Jesu o bolelang. Jesu o ile a ntsha batho ka tlung, mme a sala le batswadi ba ngwanana enwa esita le ho ya le bona kamoreng eo ngwanana a neng a robetse ho yona. Jesu o ile a tshwara letsoho la ngwanana eo mme a re ho yena: “Morwetsana, ke re ho wena, Ema.” O ka inahanela feela kamoo batswadi bao ba ileng ba thaba kateng ha moradi wa bona a tsoha mme a tsamaya! Jesu o ne a tsositse moradi wa bona. (Mareka 5:22-24, 35-42; Luka 8:49-56) Ho tloha letsatsing leo, ba ne ba ke ke ba hlola ba lebala seo Jehova a neng a ba etseditse sona a sebedisa Jesu. *

10 Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa bafung, ba ile ba boela ba shwa hamorao. Empa ditlaleho tsa Bibele tse buang ka batho bao di re fa tshepo. Jehova o batla ho tsosa bafu mme o tla etsa jwalo.

SEO RE ITHUTANG SONA DITLALEHONG TSE BUANG KA TSOHO

Moapostola Petrose o ile a tsosa mosadi wa Mokreste ya bitswang Dorkase. —Liketso 9:36-42

Elia o ile a tsosa mora wa mohlolohadi. —1 Marena 17:17-24

11. Moeklesia 9:5 e re rutang ka Lazaro?

11 Bibele e bolela ka ho hlaka hore “ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Ho ne ho le jwalo le ka Lazaro. (Moeklesia 9:5) Jwalo ka ha Jesu a ile a bontsha, Lazaro o ne a tshwana le motho ya robetseng. (Johanne 11:11) Ha Lazaro a ntse a le ka lebitleng, ‘o ne a sa tsebe letho.’

12. Re tseba jwang hore Lazaro o ile a feela a tsoswa?

12 Batho ba bangata ba ne ba le teng ha Jesu a tsosa Lazaro. Esita le dira tsa Jesu di ne di tseba hore Jesu o entse mohlolo oo. Ka ha Lazaro o ne a boetse a phela, ho ne ho se motho ya ka latolang hore o tsositswe bafung. (Johanne 11:47) Ho na le batho ba bangata ba ileng ba tla ho Lazaro ho tla inwesa ka nkgo, mme ba ile ba qala ho dumela hore Jesu o feela a ronngwe ke Modimo. Dira tsa Jesu ha di a ka tsa rata sena mme di ile tsa rera ho bolaya Jesu le Lazaro.—Johanne 11:53; 12:9-11.

13. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Jehova o tla tsosa bafu?

13 Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng a kgopotso” ba tla tsoswa. (Johanne 5:28) Sena se bolela hore bafu bohle bao Jehova a ba hopolang ba tla tsoswa. Empa Jehova o lokela ho hopola ntho e nngwe le e nngwe ka mofu e le hore a ka mo tsosa. Na a ka kgona ho etsa seo? Nahana ka sena: Ho na le dinaledi tse dibilione kapa tse ngata haholo. Le ha ho le jwalo, Bibele e re Jehova o tseba lebitso la naledi e nngwe le e nngwe. (Bala Esaia 40:26.) Haeba Modimo a kgona ho hopola lebitso la naledi ka nngwe, re kgodisehile hore o tla hopola dintho tsohle ka batho bao a tla ba tsosa. Ha bohlokwa le ho feta, Jehova o na le matla a ho tsosa batho hobane ke yena ya ba bopileng.

14, 15. Mantswe a Jobo a re rutang ka tsoho ya bafu?

14 Monna ya bitswang Jobo ya ileng a phela mehleng ya Bibele, o ne a dumela tsohong ya bafu. O ile a botsa a re: ‘Haeba motho a shwa, na a ka boela a phela?’ Yaba o re ho Jehova: ‘O tla bitsa, mme ke tla o araba. O tla hopola mosebetsi wa matsoho a hao.’ Jobo o ne a tseba hore Jehova o letetse ka tjantjello nako eo a tla tsosa bafu ka yona.—Jobo 14:13-15.

15 O ikutlwa jwang ka tshepo ya tsoho? E ka nna yaba o a ipotsa: ‘Na ebe le batho bao ke ba tsebang ba tla tsoswa?’ Ho a re kgothatsa ho tseba hore Jehova o batla ho tsosa bafu. Empa ho tla tsoswa bo mang, hona ba tla dula hokae? A re boneng seo Bibele e se rutang tabeng ena.

“BA TLA UTLWA LENTSWE LA HAE MME BA TSWE”

16. Batho ba tsositsweng ba tla tsohela lefatsheng le jwang?

16 Nakong e fetileng, bafu ba ile ba tsosetswa hona mona lefatsheng mme ba boela ba phela le metswalle le ba malapa a bona. Ho tla etsahala se tshwanang nakong e tlang ha Modimo a tsosa bafu. Empa ha ho felle moo. Batho ba tsositsweng ba tla phela ka ho sa feleng mona lefatsheng. Ba ke ke ba hlola ba shwa! Ka nako eo lefatshe le tla be le fapane hole le lefatshe leo re phelang ho lona kajeno. Ho tla be ho se na dintwa, bokebekwa, le ho kula.

17. Ke bo mang ba tla tsoswa?

17 Ke bo mang ba tla tsoswa? Jesu o itse: “Bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla utlwa lentswe la hae mme ba tswe.” (Johanne 5:28, 29) Lengolo la Tšenolo 20:13 le re: “Lewatle la nehelana ka bafu ba ho lona, mme lefu le Lebitla tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” Mangolo ana a bontsha ka ho hlaka hore ho tla tsoswa batho ba bangata. Le moapostola Pauluse o ile a re ho tla tsoswa “ba lokileng le ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) Seo se bolelang?

Nakong e tlang batho ba tsositsweng ba tla boela ba phele le ba malapa a bona

18. “Ba lokileng” ke bo mang?

18 “Ba lokileng” ba akarelletsa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova, ba phetseng pele Jesu a tla lefatsheng. Ba bang ba bona ba tla tsosetswa ho phela lefatsheng, ba akarelletsa ba kang Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, le Esthere. O ka bala ka ba bang ba banna le basadi bao lengolong la Baheberu kgaolo ya 11. Empa ho tla etsahalang ka bahlanka ba Jehova ba ntseng ba shwa mehleng ee? Ba tla tsoswa, hobane le bona ba ‘lokile.’

19. “Ba sa lokang” ke bo mang? Ba tla fumana monyetla ofe?

19 “Ba sa lokang” ba akaralletsa batho ba dibilione ba sa kang ba fumana monyetla wa ho ithuta ka Jehova. Le hoja ba hlokahetse, Jehova ha a so ba lebale. O tla ba tsosa mme ba tla ithuta ka yena le ho mo sebeletsa.

20. Ke hobaneng ha e se batho bohle ba tla tsoswa?

20 Na seo se bolela hore motho e mong le e mong ya shweleng o tla tsoswa? Tjhe. Jesu o ile a re batho ba bang ba ke ke ba tsoswa. (Luka 12:5) Ke mang ya tla kgetha hore ke batho bafe ba lokelang ho tsoswa? Jehova ke yena Moahlodi ya ka sehloohong, empa o file Jesu matla a hore “e be moahlodi wa ba phelang le wa bafu.” (Liketso 10:42) Batho ba kgopo le ba sa bakeng ba ke ke ba tsoswa.—Sheba Ntlha ya 18.

TSOHO YA LEHODIMONG

21, 22. (a) Ho tsosetswa ho ya phela lehodimong ho bolelang? (b) Ke mang motho wa pele ya ileng a tsosetswa ho ya phela lehodimong?

21 Bibele e boetse e re ho na le batho ba tla phela lehodimong. Haeba motho a ilo phela lehodimong, ha a tsoswe ka mmele wa nama. Empa o tsoswa ka mmele wa moya.

22 Jesu ke yena motho wa pele ya ileng a tsoswa ka tsela ena. (Johanne 3:13) Jehova o ile a tsosa Jesu ka mora matsatsi a mararo a shwele. (Pesaleme ya 16:10; Liketso 13:34, 35) Jesu ha a ka a tsoswa ka mmele wa nama. Moapostola Petrose o hlalosa hore Jesu o ile “a bolawa nameng, empa a phediswa moyeng.” (1 Petrose 3:18) Jesu o ile a tsoswa e le lengeloi le matla! (1 Bakorinthe 15:3-6) Empa Bibele e re le ba bang ba ne ba tla tsoswa ka mmele wa moya.

23, 24. “Mohlatswana” ke bo mang, mme ba ba kae ka palo?

23 Pele Jesu a shwa, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ke ilo le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Sena se bolela hore ba bang ba balatedi ba hae ba ne ba tla tsoswa hore ba ilo phela le yena lehodimong. Ba ba kae ka palo? Jesu o ile a re ke “mohlatswana” e leng se bontshang hore ke palo e nyenyane. (Luka 12:32) Modimo o ile a re ke Bakreste ba 144 000 feela ba tla phela le Jesu lehodimong.—Tšenolo 14:1.

24 Bakreste bao ba 144 000 ba ne ba tla tsoswa neng? Bibele e re ba ne ba tla tsoswa ka mora hore Kreste a qale ho busa lehodimong. (1 Bakorinthe 15:23) Jesu o se a qadile ho busa lehodimong mme ba bangata ba ba 144 000 ba se ba na le yena moo. Ba bang ba ntseng ba setse mona lefatsheng, ba tla ya lehodimong hanghang ha ba qeta ho shwa. Empa batho ba bang bohle ba tla tsoswa hore ba tlo phela mona lefatsheng.

25. Re tla ithuta kang kgaolong e latelang?

25 Haufinyane Jehova o tla re lokolla lefung mme o tla fedisa lefu ka ho sa feleng! (Bala Esaia 25:8.) Batho ba tla ya lehodimong ba ilo etsang moo? Bibele e re ba ilo busa le Jesu Mmusong wa hae o lehodimong. Re tla ithuta ho eketsehileng ka Mmuso oo kgaolong e latelang.

^ par. 9 Bibele e bua ka batho ba bang ba ileng ba tsoswa bafung, ba akarelletsang bana le batho ba baholo, banna le basadi, Baiseraele le bao e neng e se Baiseraele. Ditlaleho tseo di fumanwa ho 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21; Matheu 28:5-7; Luka 7:11-17; 8:40-56; Liketso 9:36-42; 20:7-12.