Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 14

Lelapa la Hao le ka Thaba

Lelapa la Hao le ka Thaba

1, 2. Keng seo Jehova a se batlelang malapa?

LENYALO la pele le ile la thehwa ke Jehova. Bibele e re Modimo o ile a bopa mosadi mme a mo “tlisa ho monna.” Adama o ne a thabile hoo a ileng a re: “Enwa ke lesapo la masapo a ka le nama ya nama ya ka.” (Genese 2:22, 23) Sena se re bontsha hore Jehova o batla hore banyalani ba thabe.

2 Ka maswabi, batho ba bangata ha ba so utlwe hore na ho monate hakae ho ba le lelapa le thabileng. Le ha ho le jwalo, Bibele e na le melaomotheo e ka thusang malapa hore a thabe.—Luka 11:28.

MODIMO O LEBELLETSENG HO BANNA

3, 4. (a) Monna o lokela ho tshwara mosadi wa hae jwang? (b) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore monna le mosadi ba tshwarelane?

3 Bibele e re monna o lokela ho hlompha le ho rata mosadi wa hae. Bala Baefese 5:25-29. Ka hoo monna o lokela ho rata mosadi wa hae le ho mo tshwara hantle ka dinako tsohle. O lokela ho mo sireletsa le ho mo hlokomela, ebile ha a lokela ho etsa letho le tla mo ntsha kotsi.

4 Monna o lokela ho etsang ha mosadi wa hae a etsa diphoso? Bibele e re ho banna: Le nne le rate basadi ba lona mme le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakolose 3:19) Banna, le hopole hore le lona le etsa diphoso. Ka hoo haeba le batla hore Modimo a le tshwarele, le lokela ho tshwarela basadi ba lona. (Matheu 6:12, 14, 15) Ha monna le mosadi ba ikemiseditse ho tshwarelana, seo se tla ba thusa hore ba thabe lenyalong la bona.

5. Ke hobaneng ha monna a lokela ho hlompha mosadi wa hae?

5 Jehova o lebelletse hore monna a tlhomphe mosadi wa hae. Ke ha bohlokwa hore monna a mo hlokomele. Ha a lokela ho nka taba ena ha bobebe. Haeba a sa tshware mosadi wa hae hantle, Jehova a ke ke a mamela dithapelo tsa hae. (1 Petrose 3:7) Jehova o nka batho bohle ba mo ratang e le ba bohlokwa. Ha se hore o rata banna ho feta basadi.

6. Ha Bibele e re monna le mosadi ke “nama e le nngwe,” e bolelang?

6 Jesu o ile a hlalosa hore ha monna le mosadi ba nyalana, “ha ba sa le babedi, empa e se e le nama e le nngwe.” (Matheu 19:6) Seo se bolela hore ba lokela ho dula ba tshepahallana. (Liproverbia 5:15-21;Baheberu 13:4) Banyalani ba lokela ho kgotsofatsana tabeng ya ditakatso tsa thobalano. (1 Bakorinthe 7:3-5) Monna o lokela ho hopola hore “ha ho motho ya kileng a hloya [mmele kapa] nama ya hae; empa o a e fepa le ho e baballa.” Ka hoo monna o lokela ho baballa mosadi wa hae. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo mosadi a e batlang ke hore monna wa hae a be mosa ho yena mme a mo rate.—Baefese 5:29.

MODIMO O LEBELLETSENG HO BASADI

7. Ke hobaneng ha ho hlokahala hore ho be le hlooho ka lapeng?

7 Lelapa le leng le le leng le hloka hlooho, e leng motho ya tla le etella pele hore le etse dintho hammoho. Bibele e re ho 1 Bakorinthe 11:3: “Hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ya mosadi ke monna; hape hlooho ya Kreste ke Modimo.”

8. Mosadi a ka bontsha monna wa hae tlhompho e tebileng jwang?

8 Monna e mong le e mong o etsa diphoso. Empa ha mosadi a dumellana le diqeto tseo monna wa hae a di etsang, lelapa lohle le tla thaba. (1 Petrose 3:1-6) Bibele e re: “Mosadi o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna wa hae.” (Baefese 5:33) Ho thweng haeba monna wa hae a se bodumeding bo le bong le yena? O ntse a lokela ho mo fa tlhompho e tebileng. Bibele e re: “Lona basadi, le ipehe tlasa banna ba lona, e le hore, haeba le ha e le bafe ba sa mamele lentswe, ba ka hapuwa ka ntle ho lentswe ka boitshwaro ba basadi ba bona, ka hobane e bile dipaki tse boneng ka mahlo tsa boitshwaro ba lona bo hlwekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2) Haeba mosadi a itshwere hantle, a ka etsa hore monna wa hae a utlwisise a be a hlomphe bodumedi ba hae.

9. (a) Mosadi o lokela ho etsang haeba a sa dumellane le monna wa hae? (b) Lengolo la Tite 2:4, 5 le na le keletso efe bakeng sa basadi?

9 Mosadi o lokela ho etsang haeba a sa dumellane le monna wa hae? O lokela ho ntsha maikutlo a hae ka tlhompho. Ka mohlala, ka letsatsi le leng Sara o ile a bua ntho eo Abrahama a neng a sa dumellane le yona, empa Jehova o ile a mo bolella hore a mamele mosadi wa hae. (Genese 21:9-12) Hase hangata monna wa Mokreste a ka etsang diqeto tse kgahlanong le melaomotheo ya Bibele, ka hoo mosadi wa hae o lokela ho mo mamela. (Liketso 5:29; Baefese 5:24) Mosadi o lokela ho hlokomela ba lelapa la hae. (Bala Tite 2:4, 5.) Ha monna le bana ba hae ba bona kamoo a sebetsang ka thata kateng ho ba hlokomela, ba tla mo rata le ho feta, haesita le ho mo hlompha.—Liproverbia 31:10, 28.

Sara o behela basadi mohlala o motle jwang?

10. Bibele e reng ka tlhalo le ho arohana?

10 Ka dinako tse ding banyalani ba potlakela ho hlalana kapa ho arohana. Empa Bibele e re “mosadi ha a lokela ho tloha ho monna wa hae” hape le “monna ha a lokela ho tlohela mosadi wa hae.” (1 Bakorinthe 7:10, 11) Ho na le maemo a thata a ka etsang hore banyalani ba kgethe ho arohana, empa ha ba a lokela ho nka taba eo ha bobebe. Ho thweng ka ho hlalana? Bibele e re ho na le lebaka le le leng feela le ka etsang hore banyalani ba hlalane, e leng haeba molekane e mong a entse thobalano le motho eo a sa nyalanang le yena.—Matheu 19:9.

SEO MODIMO A SE LEBELLETSENG HO BATSWADI

Jesu ke mohlala o motle bakeng sa ditho tsohle tsa lelapa

11. Ke ntho efe e ka sehloohong eo bana ba e hlokang?

11 Batswadi, etsang sohle se matleng a lona ho qeta nako e ngata le bana ba lona, ka ha ba a le hloka. Empa seo ba se hlokang ka ho fetisisa ke hore le ba rute ka Jehova.—Deuteronoma 6:4-9.

12. Batswadi ba lokela ho etsang e le hore ba sireletse bana ba bona?

12 Lefatshe lena le laolwang ke Satane le ntse le mpefala le ho feta ebile ho na le batho ba batlang ho lematsa bana kapa hona ho ba hlekefetsa ka thobalano. Malapeng a mang, batswadi ba swabela ho bua le bana ba bona ka taba ena. Empa batswadi ba lokela ho lemosa bana ka batho ba jwalo esita le ho ba ruta hore na ba ka ba qoba jwang. Batswadi, sireletsang bana ba lona! *1 Petrose 5:8.

13. Batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona jwang?

13 Batswadi ba na le boikarabelo ba ho ruta bana hore ba itshware hantle. O ka ruta bana ba hao jwang? Bana ba hloka ho rutwa, empa o se ke wa ba kgalemela ka sehloho. (Jeremia 30:11) Ka hoo o se ke wa ba kgalemela o halefile. Ha o batle ho re mantswe a hao a ba utlwise bohloko haholo jwalo ka “ho hlaba ha sabole.” (Liproverbia 12:18) Etsa hore ba utlwisise hore na ke hobaneng ha ba lokela ho mamela.—Baefese 6:4; Baheberu 12:9-11; sheba Ntlha ya 29 e hlahang qetellong ya buka.

SEO MODIMO A SE LEBELLETSENG HO BANA

14, 15. Ke hobaneng ha bana ba lokela ho mamela batswadi?

14 Jesu o ne a mamela Ntate wa hae ka dinako tsohle, le ha ho ne ho se bonolo. (Luka 22:42; Johanne 8:28, 29) Ka hoo Jehova o lebelletse hore bana ba mamele batswadi ba bona.—Baefese 6:1-3.

15 Bana, ha le utlwa ho le thata ho mamela batswadi ba lona, le hopole hore ha le mamela, le tla ba thabisa le be le thabise le Jehova. *Liproverbia 1:8; 6:20; 23:22-25.

Batjha ba ka thuswa keng hore ba dule ba tshepahalla Modimo le ha ba le tlasa kgatello ya dithaka?

16. (a) Satane o leka ho kgelosa batjha jwang hore ba etse dintho tse mpe? (b) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho kgetha metswalle e ratang Jehova?

16 Diabolose a ka sebedisa metswalle ya hao ho o kgelosa hore o etse dintho tse mpe. O a tseba hore ha ho bonolo ho hanela kgatello ya dithaka. Ka mohlala, moradi wa Jakobo ya bitswang Dina, o ne a na le metswalle e neng e sa rate Jehova. Sena se ile sa bakela Dina le ba lelapa labo mathata a maholo. (Genese 34:1, 2) Haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, e ka nna ya o kgothalletsa ho etsa ntho eo Jehova a e hloileng mme seo se ka etsa hore o utlwe bohloko, o be o utlwise Jehova le ba lelapa leno bohloko. (Liproverbia 17:21, 25) Ke ka hoo ho leng bohlokwa hore o fumane metswalle e ratang Jehova.—1 Bakorinthe 15:33.

LELAPA LA HAO LE KA THABA

17. Motho e mong le e mong ka lapeng o na le boikarabelo bofe?

17 Ha ditho tsa lelapa di mamela ditaelo tsa Modimo, di qoba mathata a mangata. Ka hoo haeba o monna, rata mosadi wa hao. Haeba o mosadi, bontsha hlompho le boikokobetso ho monna wa hao o be o etsise mohlala wa mosadi eo ho buuwang ka yena ho Liproverbia 31:10-31. Haeba o motswadi, ruta bana ba hao ho rata Modimo. (Liproverbia 22:6) Athe haeba o ntate, etella pele lelapa la hao “ka mokgwa o motle.” (1 Timothea 3:4, 5; 5:8) Bana, mamelang batswadi ba lona. (Bakolose 3:20) Ditho tsa malapa di lokela ho hopola hore motho e mong le e mong o etsa diphoso, ka hoo le ikokobetse mme le tshwarelane ka lapeng. Ruri Bibele e na le tataiso ya Jehova e thusang batho bohle ka lapeng.

^ par. 12 O ka fumana boitsebiso bo eketsehileng kgaolong ya 32 ya buka ya Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.

^ par. 15 Ha ho hlokahale hore ngwana a mamele batswadi haeba ba batla hore a etse ntho e kgahlanong le melao ya Modimo.—Liketso 5:29.