Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO YA ASTER PARKER

Ke ne ke Batla ho Dula ke Sebeletsa Jehova

Ke ne ke Batla ho Dula ke Sebeletsa Jehova

 Ke ananela hore batswadi ba ka ba ile ba nthuta Bibele ho tloha ke sa le lesea. Ba ne ba sebedisa ditshwantsho le dipale tse hlahang bukeng ya From Paradise Lost to Paradise Regained. Ke ne ke thabela ho bolella bana ba neng ba dula pela lapeng le ntatemoholo wa ka ha a ne a re tjhakela dintho tseo ke neng ke ithuta tsona. Batswadi ba ka ba ne ba sebetsa ka thata hore re dule re le metswalle ya Jehova, sena se ile sa re thusa nakong eo re neng re tloha Asmara, Eritrea re se yo dula Addis Ababa, Ethiopia.

 Esale ke rata dinnete tsa Bibele ho tloha ke le monyenyane. Ke ne ke batla ho inehela ho Jehova ke kolobetswe. Ke ile ka thaba haholo ha ke le dilemo di 13 hobane ke ile ka finyella sena. Ha ke ne ke le dilemo di 14 Morabo rona Helge Linck a o ile a mpotsa hore na nkile ka nahana ka ho ba pulamadiboho. Ke ntse ke hopola hantle mohlang a neng a mpotsa. Ka nako eo batswadi ba ka ba ne ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba nakwana (hona jwale bopulamadiboho ba nakwana ba se ba bitswa bopulamadiboho ba thusang), le ha ho le jwalo ke ne ke sa tsebe hore ho bolelang ho ba pulamadiboho ya ka mehla. Potso eo ya Morabo rona Linck e ile ya etsa ke nahane ka thata yaba ya etsa hore ke batle ho sebeletsa Jehova.

Mona ke nna ha ke le ngwanana le ngwaneso Josiah

Ho Itokisetsa Mahloriso

 Ka 1974, merusu e bakwang ke dipolotiki Ethiopia e ile ya etsa hore batho ba bangata ba tshwarwe ba be ba bolawe mme sena se ile sa baka masisapelo. Ha nako e ntse eya, re ne re se re sa kgone ho bolela ditaba tse monate ka ntlo le ntlo mme re ne re tshwara diboka re le dihlopha tse nyenyane. Batswadi ba rona ba ile ba hlokomela hore re ka nna ra hloriswa le ho feta mme ba ile ba re thusa hore re tle re kgone ho sebetsana le maemo ao. Melaomotheo e hlahang ka Bibeleng e ile ya re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho nka lehlakore. Re ile ra ithuta hore Jehova o ne a tla re thusa hore na re reng ha re ne re ka hlongwa dipotso, ra ba ra ithuta hore ka dinako tse ding ho ka nna ha hlokahala hore re se ke ra bua letho.​—⁠Matheu 10:​19; 27:​12, 14.

AFP PHOTO

Nakong eo ho nang le merusu e bakwang ke dipolotiki ka 1974

 Ka mora ho qeta sekolo ke ile ka sebetsa Ethiopian Airlines. Hoseng ho hong ha ke fihla mosebetsing, basebetsimmoho le nna ba ile ba nthoholetsa hobane ke ne ke kgethuwe ho etella pele mokete o neng o thabela hore naha ya rona e se ena le dilemo tse itseng e ipusa. Ha ke a ka ka senya nako ka ho bolella monghadi wa ka hore ka lebaka la hore nna ke Mokreste ya sa nkeng lehlakore, nke ke ka kenella moketeng oo.

 Letsatsing le latelang ha ke ntse ke sebetsa, ke ile ka bona banna ba bang ba neng ba tshwere dithunya ba tla ba lebile moo ke sebeletsang. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le motho eo ba neng ba batla ho mo tshwara pele a palama sefofane a baleha. Ho ena le hoo, ba ile ba supa nna yaba ke a ipotsa: “Ebe ke entseng?” Letsatsing leo, nna ke ne ke iketse mosebetsing feela empa dintho tsohle di ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo.

Jehova o Ile a Ntshehetsa ha ke Ntse ke le Teronkong

 Masole ao a ile a nkisa ofising moo ke ileng ka hlongwa dipotso ka dihora tse ngata. Ba ile ba mpotsa dipotso tse kang: “Ke mang ya patalang Dipaki Tsa Jehova?” Ba ne ba hlile ba nkemeletse ba batla ho tseba. Ba tswela pele ho ntlhoma dipotso tse ding: “Na o sebeletsa mokgatlo o batlang ho lokolla batho tlasa puso ya Eritrea? Na wena le ntate wa hao le sebeletsa mmuso wa naha ya Amerika?” Le hoja maemo ana a ne a lokela ho ntshosa, ke ne ke kgobile matshwafo. Ke leboha Jehova hore e be o nthusitse ho etsa seo.​—⁠Bafilipi 4:​6, 7

 Ka mora hore a ntlhome dipotso, masole ao a ile a nkenya ka koloing mme a nkisa rumung e nngwe e nyenyane e seng e fetotswe teronko, eitse ha re fihla moo ho ne ho tletse ho na le batho ba bang ba 15 bao le bona ba neng ba tshwerwe ho thwe ke mahanapuso.

Nakong eo ke neng ke sebetsa airpot

 Bosiung boo, ke ne ke robetse fatshe ke ntse ke apere diaparo tsa ka tsa mosebetsing. Ke ne ke tshwenyehile ka hore na ebe batswadi ba ka le bana beso ba ikutlwa jwang hobane ba ne ba tseba hore ke tshwerwe empa ba sa tsebe hore na ke kwalletswe hokae. Ke ile ka rapela Jehova hore a thuse lelapa leso hore le tsebe hore ke kwalletswe hokae.

 Hoseng ha ke tsoha ke ile ka bona molebedi eo ke mo tsebang. O ile a ntjheba a sa kgolwe ka mora moo a re, “Aster, o batlang mona?” Ke ile ka mo kopa hore a yo bolella batswadi ba ka hore ke kwalletswe hokae. Ha morao letsatsing leo, batswadi ba ka ba ile ba nthomella dijo le diaparo. Molebedi yeo o ne a ba bolelletse hore na ke kwalletswe hokae. Jehova o ile a araba thapelo ya ka. Ntho eo e ile ya nkgodisa hore ha ke mong, Jehova o na le nna.

 Ke ne ke sa dumellwa hore ke be le Bibele kapa dingolwa le ha e le di fe, batswadi ba ka le metswalle ya ka le bona ba ne ba sa dumellwa ho tlo mpona. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a nkgothatsa a sebedisa batho bao ke neng ke tshwerwe le bona hobane ke ne ke ba pakela letsatsi le leng le le leng mme ba ne ba thabela dintho tseo ba ithutang tsona ka Mmuso wa Modimo. Ba ne ba dula ba re ho nna: “Rona re kwalletswe mona hobane re lwantsha mebuso ya batho empa wena o lwanela Mmuso wa Modimo. Le ka mohla o se ke wa ba dumella, le ha ba ka leka ho o bolaya.”

 Ka dinako tse ding balebedi ba ne hloma batshwaruwa dipotso le ho ba otla. Bosiung bo bong hoo e ka bang ka hora ya 11, ba ile ba tla ho nna jwale, ha re fihla ka moo re neng re hlongwelwa dipotso ka teng, ba ile ba nqosa ka melato e mengata feela. Ba ile ba re ha ke tshehetse mmuso wa naha, eitse ha ke hana ho bua mantswe a bontshang hore ke tshehetsa mmuso, balebedi ba babedi ba bontate ba ile ba nkotla. Sena se ile sa etsahala ka makgetlo a mang a mangata. Nako e nngwe le e nngwe ha se ne se etsahala ke ne ke rapela Jehova ho tswa botebong ba pelo ke mo kopa hore a nthuse hore ke mamelle.

 Ka mora dikgwedi tse tharo e mong wa balebedi o ile a tla ho nna a mpolella hore ke lokolotswe nka tsamaya. Le ho ja seo se ne se nthabisitse, ke ne ke tshwenyehile ka hore ha ke sa tlo kgona ho bolella batho bao ke neng ke tshwerwe le bona ka ditaba tse monate tsa Mmuso.

 Ka le leng, dikgwedinyana ka mora hore ke lokollwe, ke ne ke tswile ke ile mabakeng mme ha ke ntse ke le siyo masole a ile a fihla mme a tshwara batjha bohle lapeng leso. A ile a tshwara bana beso ba babedi ba banana le a le mong wa moshanyana. Ke ile ka etsa qeto ya hore ke lokela ho baleha naheng eo. Le ho ja ke ne ke utlwa hore ha ke batle ho siya lelapa leso, mme wa ka o ile a nkgothatsa a ba a re ke lokela ho tshepa Jehova. Ke ile ka kena sefofaneng ka ya Amerika. Letsatsing lona leo ke ileng ka tsamaya ka lona, masole a ne a se a tlile a re a tlo ntshwara hape. Eitse ha ba sa mphumane, ba ile ba mathela airport ba nahana hore ba tla mphumana moo empa ke ne ke se ke le ka sefofaneng se se se le moyeng.

 Ke ile ka fihlela sebakeng se bitswang Maryland mme ka amohelwa ke Haywood le Joan Ward, ke baromuwa ba ileng ba ithuta Bibele le batswadi ba ka. Dikgwedi tse hlano ha morao, ke ile ka kgona ho ba pulamadiboho ya ka mehla e leng yona ntho eo esale ke e batla. Moradi wa ba ha Ward ya bitswang Cyndi le yena e ne e le pulamadiboho mme re ile ra thabela ho ba metswalle le ho tsamaisana tshimo.

Ke na le Cyndi Ward eo re neng re bopulamadiboho mmoho

Ho Sebeletsa Bethele ho ne ho le Monate

Ke nna le monna wa ka ha re ne re sebeletsa Bethele e Wallkill, New York

 Lehlabuleng la 1979, ke ile ka etela Bethele e New York moo ke ileng ka kopana le Wesley Parker. Ke ne ke rata makgabane ao a neng a ena le ona le dintho tseo a neng a batla ho di finyella tshebeletsong. Ka 1981 o ile a nnyala mme ra yo sebeletsa Bethele e Wallkill, New York. Ke ne ke sebetsa lefapheng le bitswang Housekeeping e leng lefapha le hlwekisang dirumu Bethele, ke boetse ke sebetsa Dry Cleaning e leng lefapha le hlatswang diaparo mme ha morao ke ile ka sebetsa lefapheng la di khomphieutha thiming ya MEPS. Ho ba Bethele ho ile ha nthusa hore ke qete nako e ngata ke sebeletsa Jehova le ho etsa metswalle ya nnete.

 Lelapa leso le ne le ntse le hloriswa Ethiopia mme sena se ne se sa ntshware hantle. Bana beso ba bararo ba ne ba ntse ba tshwerwe. b Letsatsi le leng le le leng mme wa ka o ne a ba isetsa dijo hobane ba ne ba sa di fuwe teronkong.

 Ka nako eo e thata Jehova e ile ya eba setshabelo sa ka mme lelapa la Bethele le ne le ntshehetsa ebile le ntshedisa (Mareka 10:​29, 30). Ka letsatsi le leng Morabo rona John Booth o ile a re ho nna: “Re thabela ho sebeletsa le wena mona Bethele, haeba Jehova o ne a sa hlohonolofatsa taba ena, o ka be o se mona.” c Mantswe ao a mosa a Morabo rona Booth a ile a mpontsha hore Jehova o hlohonolofaditse qeto ya ka ya hore ke balehe Ethiopia le hore o tla tswelapele a tshehetsa ba lelapa leso.

Re Ile ra Sebeletsa Jehova re le Lelapa

 Ka January 1989, re ile ra fumana hore ke moimana. Taba ena e ile ya re makatsa empa ka mora matsatsi a se makae re ile ra thaba. Re ile ra ipotsa hore na e be re tlo ba batswadi ba jwang, re tla dula kae, hona re tlo hlokomela lelapa la rona jwang ha re tloha Bethele.

 Ka 15 April 1989, re ile ra paka dithoto tsa rona mme ra kena koloing ra ya Oregon, re ne re itjwetsitse hore ha re fihla moo re yo ba bopulamadiboho ba ka mehla. Nakwana ka mora hore re fihle, e meng ya metswalle ya rona e ne e nahana hore e re fa keletso e molemo ka hore e be e ile ya re bolella hore ha se ntho e utlwahalang hore re be bopulamadiboho ba ka mehla. Ke nnete re ne re se na dintho tse ngata ebile re lebelletse ngwana. Ebe re ne re tla etsang? Nakwana ka mora moo, molebedi wa potoloho Morabo rona Guy Pierce o ile a tla phuthehong ya rona le mohatsa wa hae Penny. d Ba ile ba re kgothalletsa hore re se ke ra fetohela qeto ya rona ya ho ba bopulamadiboho. Ka hoo, re ile ra ba bopulamadiboho mme ra tshepa hore Jehova o tla re thusa. (Malakia 3:​10) Re ile ra tswelapele re ntse re le re bopulamadiboho ka mora hore mora wa rona wa pele Lemuel a hlahe le ka mora hore mora wa rona wa bobedi Jadon a hlahe.

 Taba ya hore re ne re le bopulamadiboho bara ba rona ba ntse ba le banyenyane e ne e re thabisa haholo. Ho ba bopulamadiboho hore file menyetla e mengata ya ho bolella batho ba bang ditaba tse monate le ho di ruta bara ba rona. (Deuteronoma 11:​19) Le ha ho le jwalo, ka mora hore re be le mora wa boraro ya bitswang Japheth, re ile ra lokela ho emisa hanyane ka ho ba bopulamadiboho.​—⁠Mikea 6:⁠8.

Re Ile ra Ruta Bara ba Rona ho Sebeletsa Jehova

 Re ile ra hlokomela hore e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke hore re thuse bara ba rona e be metswalle ya Jehova. Re ne re etsa hore ba labalabele ho ba borapeding ba lelapa. Ha ba le banyenyane re ne re ba balla dibuka tse kang ya Ithute ho Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ka dinako tse ding re ne re iketsa eka re batho bao ba hlahang ka dipaleng tseo. Ka ha e ne e le nna feela motho wa mme ka lapeng, ha re ne re etsa pale ya Jezebele, e ne e dula e le nna Jezebele. Ka hoo, bara ba rona ba ne ba etsa eka ba a nthesela ba ntihela soufeng ka mora moo ebe ba iketsa eka ke dintja. Ho ekelletsa moo Wesley o ne a ithuta Bibele le e mong le e mong wa bona.

 Re ne re rata le ho hlokomela lelapa la rona mme re ile ra rapela Jehova hore le dule le momahane. Eitse ha bana ba rona ba se ba hodihodile re ile ra ba ruta ho etsa mesebetsi ya ka tlung e kang ho hlatswa dijana, ho hlwekisa dikamore tsa bona le hore ba kgone ho itlhatswetsa diaparo. Re ile ra boela ra ba ruta le ho pheha.

 Nakong eo re neng re ruta bana ba rona dintho tsena, le rona re ile ra ithuta dintho tse ngata. Ho na le ka nako tse ding moo re neng re sa etse dintho hantle, nna le Wesley re ne re ka bolellana dintho tse bohloko kapa ra di bua ho bara ba rona empa boikokobetso bo ne bo re thusa hore ka dinako tsohle re kope tshwarelo.

 Nako le nako re ne re amohela bara le baradi ba bo rona ba phutheho ya habo rona, re amohele ba etetseng phuthehong ya rona ba tswang Bethele, baromuwa, bapotolohi le batho ba sebeletsang moo ho hlokahalang bahweletsi ba eketsehileng. (Baroma 12:​13) Nakong eo re neng re thabela botswalle le batho bana bao re ba memmeng re ne re sa re bana ba rona ba ye ka dikamoreng. Re ne re dula le bona mme re thabela moqoqo le baeti ba rona mme ba utlwa dintho tse monate tse ba etsahalletseng ha ba ntse ba le tshebeletsong. Hangata bana ba rona ba ne ba hopola meqoqo eo le ho re feta.

 Nna le Wesley re ne re sebetsa ka thata hore re thabele ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, ka dinako tse ding re ne re itjwetsa nako e sa le teng ebe re beha tjhelete le ho kopa matsatsi mosebetsing e le hore re etele dinaheng tse ding. Ka dinako tsohle ha re ne re nkile leeto, re ne re tjhakela diofisi tsa makala dinaheng tseo, re ya dibokeng ebile re ya le tshimong. Ntho ena e ile ya re thusa hore re rate mokgatlo wa Jehova wa lefatshe lohle mme sena se ile sa etsa hore re momahane re le lelapa.

Lelapa la rona nakong eo re tjhaketseng ntlokgolo e Brooklyn New York ka 2013

Re Ile ra Tswelapele re Ntse re Sebeletsa Jehova

 Re ile ra hlokomela hore sebakeng seo re dulang ho sona ho na le batho ba bangata ba buang Sepanishe empa ho ne ho sena batho ba dulang ba ba bolella ditaba tse monate. Nakong eo bara ba rona ba ntseng ba le banyenyane, re ile ra botsa Morabo rona Pierce hore na ebe a ka se ise lelapa la rona phuthehong e buang Sepanishe. O ile a re araba a thabile a re, “o a bona haeba le batshwasi ba ditlhapi, le tla ya moo ditlhapi di leng teng.” Mantswe ao a ile a re kgothatsa haholo mme re ile ra ya phuthehong e buang Sepanishe Woodburn, Oregon. Re ile ra thaba haholo ha re ba le dithuto tse tswelang pele, ra kgona ho thusa tse ding hore di kolobetswe, ra ba ra bona phutheho eo e hola.

 Wesley o ile a lahlehelwa ke mosebetsi mme ra lokela ho falla re ye California moo a ileng a fumana mosebetsi o mong. Dilemo tse pedi ha morao nna le bara ba rona re ile ra etsa qeto ya ho ba bopulamadiboho ba ka mehla. Ka 2007, re ile ra thabela ho ya Sekolong sa Bopulamadiboho re le kaofela. Ka mora hore re tswe sekolong, re ile ra hlokomela hore ho na le batho ba bangata ba buang Searame tshimong ya rona. Re ile ra etsa qeto ya ho ya phuthehong e buang Searame ka mora dilemo tse 13 re le phuthehong e buang Sepanishe. Re ile ra thabela ho bolella batho ba buang Searame ba tshimong ya rona ditaba tse monate, ra ba ra bolella le ba etelang sebaka seo le ho bolella ba bang ha re le matsholong a kgethehileng. Re ile ra tswelapele re ntse re le bopulamadiboho tshimong ya batho ba buang Searame San Diego, California.

 Wesley ke molekane le hlooho ya lelapa e molemo. O hlompha mokgatlo wa Jehova haholo. Ha ke so ka ke mo utlwa a bua ntho e mpe ka phutheho le ka Bethele. Ho ena le hoo o dula a bua dintho tse ahang. O a nthapella ebile o rapela le nna. Ha re ena le mathata dithapelo tsa hae di nthusa hore ke dule ke kgobile matshwafo.

 Ha ke nahana mme ke hetla morao, ke a bona hore re thabetse ho ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ho hodisa lelapa le ho sebeletsa diphuthehong tse nang le tlhokahalo. Re bone hore ha o beha Jehova pele, o a o hlohonolofatsa mme o ke ke wa hloka letho. (Pesaleme ya 37:​25) Ke kgodisehile hore ho kgetha ho sebeletsa Jehova ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo ke e entseng.​—⁠Pesaleme ya 84:⁠10.

Mona ke na le: Japheth, Lemuel, Jadon, le Wesley

a Morabo rona Linck o ne a sebeletsa ofising ya lekala ya Kenya e neng e hlokomela mosebetsi Ethiopia.

b Bana beso ba ile ba lokollwa teronkong ka mora dilemo tse nne.

c Morabo rona Booth e ne e le emong wa Sehlopha se Busang mme o ile a qeta tshebeletso ya hae lefatsheng ka 1996.

d Morabo rona Pierce e ile ya eba e mong wa Sehlopha se Busang mme o ile a qeta tshebeletso ya hae mona lefatsheng ka 2014.