Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

JAY CAMPBELL | PALE YA BOPHELO

Ke Ile ka Phahamisetswa Boemong bo Phahameng Haholo

Ke Ile ka Phahamisetswa Boemong bo Phahameng Haholo

 Ke ne ke le ditlhong haholo ha ke sa le ngwana. Ke ne ke rata ho dula ka tlung moo ke sa bonweng ke batho hape hangata ke ne ke ikutlwa eka ha ke na thuso. Ke ne ke sa rate ho kopana le batho, ke tshaba hore ba tla ntshwara hampe. E reng ke le bolelle pale ya ka.

 Ka letsatsi le leng kgweding ya August 1967, ke ne ke ntse ke phetse hantle jwalo ka matsatsi a mang empa ka tshohanyetso ke ile ka ba le motjheso o phahameng. Ka nako eo, ke ne ke ena le selemo le dikgwedi tse tsheletseng. Letsatsi le latelang ha ke tsoha maoto a ka a ne a sitwa ho ntjara. Ke ile ka iswa sepetleleng se seng se Freetown e Sierra Leone moo ke neng ke dula teng, ho ile ha fumanwa hore ke ne ke tshwerwe ke polio. Polio ke lefu le tshwaetsanwang le etsang hore motho a sitwe ho tsamaisa ditho tse itseng tsa mmele wa hae mme hangata le tshwara bana ba dilemo di hlano ho ya tlase. Dingaka ha di a ka tsa kgona ho nthusa ka bothata bona. Butlebutle ke ile ka qetella ke se ke sa kgone ho ema kapa ho tsamaya. Hangata, ntate wa ka o ne a re ke ngwana ya sa fellang ka lebaka la bokowa ba ka. Ka ha ke ne ke kgona ho kgasa feela, ke ne ke bona eka nke ke ka kgona ho etsa dintho tse ngata ebile ke ikutlwa ke se na thuso.

Ke Hotse ke Ikgulanya

 Ke ne ke dula le mme wa ka jareteng e nang le malapa a mang a futsanehileng jwalo ka rona. Le hoja batho ba bang ba ne ba nthata, ke ne ke labalabela ho ratwa ke ntate wa ka empa o ne a sa nthate. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ke louwe, batho bana ba ne ba kgothaletsa mme wa ka hore a ntshiye monyako wa lehae le hlokomelang bana ba phelang le bokowa. Ba ne ba re a etse jwalo e le hore a se ke a imelwa ke ho ntlhokomela. Mme wa ka o ile hana ho etsa jwalo yaba o sebetsa ka thata hore a ntlhokomele.

 Ke ne ke sa tsebe ho tsamaya le ho ema, ka hoo, ke ne ke isa matsoho a ka pele ebe ke ikgula ka ho pheshisa mmele. Ntho eo e ne e etsa hore ke tswe maqeba. E le hore ke itshireletse ke ne ke apara diaparo tse entsweng ka lesela le boima ebe matsohong ke kenya dieta tse butsweng. Ha morao ke ile ka sebedisa mapolanka hobane a ne a ntshireletsa hantle ho feta dieta. Ha ke tsamaya, ke ne ke beha mapolanka ka pele, ke itshwareletsa ka ona ebe ke a ikgula. Matsoho le mahetla a ka a ne a dula a ingwetswe haholo ka ha le ho ikgula hanngwe feela e ne e le mosebetsi. Ka lebaka leo, ke ne ke sa batle le ho tswa ka jareteng, ke sa kgone ho ya sekolong le ho bapala le bana ba bang. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla etsa jwang haeba mme wa ka a ka hlokahala.

 Ke ile ka rapela Modimo hore a nthuse hore ke se ke ka ba mokopakopa. Ke ne ke utlwa eka ha nka sebeletsa Modimo, ya eba motswalle wa ka, o ne a tla ntlhokomela. Ka lebaka la seo, letsatsi le leng ka 1981, le hoja ke ne ke opelwa, ke ile ka tswa ka jareteng yaba ke ya kerekeng ya pela moo ke neng ke dula teng. Tsela eo batho ba ileng ba ntjheba ka yona ha ke ne ke le kerekeng e ile ya etsa hore ke ikutlwe ke sa phutholoha. Moruti ha a ka a nkamohela mme o ile a omanya mme wa ka hore ebe ke dutse ditulong tse neng di patalletswe ke batho ba bang. Ke ile ka etsa qeto ya hore nke ke ka hlola ke le beha moo.

Jehova e Ile ya Eba Ntate wa ka

 Hoseng ho hong ka 1984 ha ke ne ke le dilemo di 18, ke ile ka ya mokatong o ka hodimo, ka dula fensetereng moo ke neng ke tlwaetse ho dula teng. Ke ne ke sheba dintho tse etsahalang ka ntle ha ke le moo empa mohlang oo ke ile ka etsa qeto ya ho ya ka ntle moo ho dulang ho se na batho. Ke moo ke ileng ka kopana le bontate ba babedi ba neng ba bolela ditaba tse monate ka ntlo le ntlo. Ba ile ba mpolella hore nako e tlang dintho di tla loka mme ke tla fola yaba ba bala Esaia 33:​24 le Tshenolo 21:​3, 4. Ka mora moo ba mpha buka e ntle e mebalabala ya Thabela Bophelo Lefatsheng! ba tshepisa hore ba tla kgutla ba tlo nthuta dintho tse ding.

 Eitse ha ba fihla ba re ba tla tla le moromuwa ya sa tswa fihla ya bitswang Pauline e le hore ke tswele pele ho ithuta le yena. Ba ile ba feela ba etsa jwalo. Nna le mme Pauline re ile ra utlwana hoo e neng eka ke mme wa ka. Mme wa ka o ile a nkgothalletsa hore ke tswele pele ke ithuta Bibele le mme Pauline eo e neng eka ke mme wa ka ya motjha. Mme Pauline o ne a nthata haholo a ena le mamello, a le mosa, a tsotella hore na ho etsahalang bophelong ba ka a bile a dula a ntlhwela. O ile a nthuta ho bala a sebedisa Buka ya ka ya Dipale Tsa Bibele, ke yona tsela eo ke ileng ka kopana le Ntate wa ka eo esale ke mmatla.

Morumuwa e mong ya bitswang Pauline o ile a nthuta Bibele

 Ke ile ka thaba haholo ka lebaka la dintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng. Ke ile ka botsa mme Pauline hore na nka ya dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova moo ho neng ho etswa Thuto ya Buka ya Phutheho ka nako eo a ha Paki e nngwe e neng e sa dule hole haholo le lapeng. Mme Pauline o ile a dumela. Ka Labobedi la diboka, o ile a tla a nkemela hore ke hlape re tsebe ho ya dibokeng mmoho. Motho e mong o ile a re ke re mme Pauline a mpatalle tekesi empa ke ile ka re: “A.a! Ke tla fihla ka mapolanka ana a ka.”

 Nakong eo re neng re tsamaya, mme wa ka le baahelani ba bang ba ne ba ntjhebile eka ba nkutlwetse bohloko. Ha re tswa ka jareteng, baahelani ba bang ba ile ba hwelehetsa yaba ba re: “O a mo qobella!”

 Mme Pauline o ile a bua ka bonolo a re: “Jay, nna ke tla bona ka wena.” Ena e ne e le nako ya ho bontsha hore ke tshepa Jehova. (Diproverbia 3:​5, 6) Ke ile ka re: “Ke a tla. Ke batla ho ya.” Baahelani bona bao ba ile ba qala ho nthoholetsa.

 Ke ile ka natefelwa hona hoo ha ke le dibokeng. Ho ne ho le monate ona o tswang ka ditsebe, ba ile ba nkamohela ha monate. Ha ho na motho ya ileng a nkgella fatshe. Ke ne ke ikutlwa ke lokolohile, ka hoo, ke ile ka ya dibokeng kgafetsa. Ka mora nakwana, ke ile ka mo botsa hore na nka ya dibokeng tse neng di tshwarelwa Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova. Ke ne ke le mofutsana, ke na le mese e mmedi feela le para e le nngwe ya dieta. Le ha ho le jwalo, ke ne ke kgodisehile hore batho ba Modimo ba ke ke ba ntjhebela fatshe, le jwale ha ba a ka ba etsa jwalo.

 Holo ya Mmuso e ne e dutse tlasa leralla, hore ke fihle moo, ke ne ke lokela ho ya qetellong ya seterata seo re neng re dula ho sona ebe ke palama tekesi e ntshiyang holong. Ha ke fihla moo, bara ba bo rona ba ne ba nkuka ebe ba nkisa ka holong.

 Ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova hobane ke bone hore o molemo. Ke ile ka itjwetsa hore ke se ke tla ya dibokeng ka mehla. (Pesaleme ya 34:⁠8) Nakong ya dipula ke ne ke fihla dibokeng ke le metsi ke bile ke le diretse empa taba eo, e ne e sa ntshwenye.

 Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova ya 1985 e ile ya bua ka boemo bona ba ka. Moradi wa bo rona Josette ya dulang Switzerland o ile a bala pale ya ka bukeng eo ya selemo. Ka mora moo o ile a susumeletseha ho nthekela wheelchair e ntle e nang le malente, e ne e na le mabidi a mararo e kgannwa ka matsoho hape e na le dintho tse e sireletsang hore e se ke ya ba diretse. Ke ne ke se ke sa swabele ho ya moo ke batlang. Bana ba banyane ba ne ba thaba ha ba mpona ba bile ba re ba rata wheelchair ya ka e majabajaba. Wheelchair ena ya ka e ne e mpehile boemong bo hodimo, ke utlwa eka ke mofumahadi ebile ke hlompheha.

Ke Ile ka Phahamisetswa Hodimo

 Ka ha ke ne ke se ntse ke itshwere hantle, ke se na le dintho tse ngata bophelong, ho sebeletsa Modimo ha e a ka ya ba ntho e thata. Ke ne ke ikela tshimong ha monate ka wheelchair ya ka. Ka la 9 August 1986, ke ile ka kolobetswa. Ka mora hore ke kolobetswe, bophelo ba ka bo ile ba fetoha mme ke ile ka ikutlwa ke thabile ho feta ka moo ke neng nka nahana ka teng. Ke ile ka thaba, ka ba ka kgotsofala, ka ikutlwa hore le nna ke motho ka ba le boitshepo hobane ke ne ke se ke na le Ntate ya nthatang ebile ke na le bara le baradi ba bo rona ba nthatang e le ka nnete ebile ba ntsotella.

 Ke ne ke batla ho bontsha Jehova hore ke ananela dintho tseo a nketseditseng tsona, ka hoo, ka nahana ka ho ba pulamadiboho ya ka mehla empa ke ne ke sa kgodiseha hore ke tla kgona. (Pesaleme ya 116:12) Jwale ka rapella taba eo yaba ka la 1 January, 1988, ke qala ho ba pulamadiboho ya ka mehla mme le hona jwale ke ntse ke eso kgaotse. Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka lebaka la sena. Ke na le bara le baradi ba bo rona ba nthusang hore ke finyelle dihora tsa kgwedi. Ke a hlokomela hore Jehova o ntsheheditse ka moya wa hae o halalelang.—Pesaleme ya 89:21.

 Ke ne ke ya dibakeng tse ngaka jwalo ka pulamadiboho e nngwe le e nngwe, ka hoo, maoto a ka a ile a ba betere le hoja a ne a sa fola. Ha nako e ntse e ya, ka ya tleliniking e nngwe e ntjha e neng e qeta ho bulwa ke dumela hore ba tla nthusa ho kwetlisa maoto ana a ka. Le ha ho le jwalo, e mong wa baoki moo, o ile a re ke se ke ka itshotla le ho itshotla ka ho tla hobane e se kgale ke tlo shwa. Ha basebetsimmoho le yena le bona ba tjho jwalo, sena se ile sa nnyahamisa haholo. Ka hoo, eitse ha ke fihla hae ka rapela Jehova mme ka mo bolella hore ke ikutlwa ke nyahame, ka mo kopa hore a ntshedise.

 Ha ke le tshimong, ke ne ke thaba haholo. Ho ya tshimong ho ne ho nthusa hore ke kwetlise mmele. Dilemo ha morao, e mong wa baoki ba ileng ba njwetsa hore ke sentse ke tlo shwa o ile a feta Holong ya Mmuso mme a mpona, a makatswa ke hore ke ntse ke phela le lena le hodimo.

 Ho sa tsotellehe boemo ba ka ke dula ke sebeletsa Jehova, bara ba bo rona ba dula ba mpabatsa ka lebaka la hore ke a tjheseha le ka hore ke tla dibokeng ka nako. Ke dula ke lwanela ho tla ka nako hobane sena se mpha nako ya ho dumedisa bara le baradi ba bo rona le ho ba bontsha hore ke a ba tsotella.

 Ke bone hore Jehova o molemo ebile o ntlhohonolofaditse, ke ile ka kgona ho thusa batho ba bararo hore ba kolobetswe. E mong wa bona e leng Amelia, o ile a ya sekolong sa Gileade tlelaseng ya bo137. Sekolo sa Bopulamadiboho ke mpho e babatsehang e tswang ho Jehova, ke se ke ile ho sona ka makgetlo, Jehova o ntsositse molota, ke ikutlwa ke le motho ebile ke se ke na le boitshepo. Hona jwale batho ba se ba ntlhompha. Ha ke sa itshwabela. Ke na le metswalle hohle mona Sierra Leone, ke tjho le lefatsheng ho pota.

 Ho se ho fetile dilemo tse ka bang 40 jwale esale ke ithuta ka tshepiso ya Modimo ya hore lefatsheng le letjha, Jehova o tlo tla a fodisa batho ba nang le bokowa. Tshepiso ena e ntse e nkgothatsa le hona jwale mme ke lebelletse ka tjantjello hore e phethahale. Ke ikemiseditse ho leta hobane ke a tseba hore Jehova Modimo a ke ke a dieha. (Mikea 7:7) Ka lebaka la hore ke emetse Jehova ka mamello hore a phethahatse tshepiso ena ya hae, o ntse a tswela pele ho ntlhohonolofatsa. Jehova o se a nthusitse hore ke hlole mathata a mangata le diteko, o dula a nthusa ka nako e loketseng. Ke thabile e le ka nnete mme ke dula ke bososela hobane Jehova o ntlositse boemong ba ka bo tlaase yaba o mphahamisetsa hodimo moo ke neng nke ke ka nahana hore nka ba teng.

a Hona jwale ho se ho thwe ke Thuto ya Bibele ya Phutheho.