Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Lehodiotswana Ian le otlile Florida, USA, ka September 2022 (Sean Rayford/Getty Images); bohareng: Mme o baleha le mora wa hae Donetsk, Ukraine, ka July 2022 (Alex Chan Tsz Yuk/SOPA Images/LightRocket via Getty Images); ka ho le letona: Batho ba bangata ba hlahlobelwa COVID-19 Beijing, China, ka April 2022 (Kevin Frayer/Getty Images)

DULANG LE LEBETSE!

Selemo sa 2022 se Neng se Tletse Mathata—Bibele e Reng ka Sona?

Selemo sa 2022 se Neng se Tletse Mathata—Bibele e Reng ka Sona?

 Selemong sa 2022 ho bile le ditlaleho tsa ditaba tse bongata bo thibang letsatsi tse buang ka dintwa, mathata a ditjhelete le dikoduwa tsa tlhaho. Ke Bibele feela e hlalosang hore na diketsahalo tsena di bolelang.

Diketsahalo tsa selemo sa 2022 di bolelang

 Diketsahalo tsa selemo se fetileng ke bopaki bo eketsehileng ba hore re phela nakong eo Bibele e e bitsang ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Mehla eo e qadile ka 1914. Hlokomela hore na diketsahalo tsa moraorao di dumellana hakae le seo Bibele e se buileng ka mehla ya rona:

 “Dintwa.”Matheu 24:6.

  •   “2022 e Bile Selemo Seo ka Sona Dintwa Tse Mahlomafubedu di Ileng Tsa Ipheta Europe.” a

 Bala sehlooho se reng “Russia e Hlasela Ukraine.”

 “Tlala.”Matheu 24:7.

  •   “Ka 2022 ho Bile le Tlala e Eso Bonwe.” b

 “Mafu a sewa.”Luka 21:11.

  •   “Lefu la polio le ile la kgutla hape, monkeypox le yona ya ata ka sekgahla ha ka nako e tshwanang COVID-19 e tswela pele ho baka mathata a mangata. Maemo ana a bontsha ka ho hlaka hore na mafu a tshwaetsanwang a kotsi hakae le hore na batho ba tlokotsing e kae.” c

 “Dintho tse tshosang.”Luka 21:11.

  •   “Ho bile le motjheso o feteletseng, komello, mello ya tlhaho le dikgohola. Lehlabula la 2022 le tla dula le hopolwa ka lebaka la maemo a lehodimo a neng a fetofetoha ka tsela e feteletseng. Maemo ao a lehodimo a ile a baka tshenyo e tshabehang, a etsa hore batho ba diketekete ba shwe a ba a etsa hore batho ba dimilione lefatsheng lohle ba tlohe mahaeng a bona.” d

 “Merusu [kapa “meferefere,” nal.].”Luka 21:9.

  •   “Ka 2022 matsholo a boipelaetso a ile a eketseha ka tsela e makatsang hobane batho ba ne ba tuka ke bohale ka lebaka la mathata a ditjhelete, haholoholo bothata ba ho nyoloha ha theko ya dintho.” e

Selemo sa 2023 se re tlela ka dife?

 Ha re tsebe hore na selemo sa 2023 se re tshwaretseng. Empa ntho eo re e tsebang ke hore haufinyane Mmuso wa Modimo o lehodimong o tlo fetola lefatshe. (Daniele 2:44) Mmuso oo o tlo fedisa dintho tsohle tse bakelang batho mathata le ho etsa bonnete ba hore thato ya Modimo e a etswa lefatsheng.—Matheu 6:9, 10.

 Re o kgothaletsa hore o mamele keletso ya Jesu ha a re re ‘dule re fadimehile’ e le hore o bone hore na dintho tse etsahalang lefatsheng di phethahatsa boprofeta ba Bibele jwang. (Mareka 13:37) Re kopa o bue le rona e le hore o ithute haholwanyane ka hore na Bibele e ka o thusa jwang hona jwale le hore na e ka thusa wena le lelapa la hao jwang hore le be le tshepo ya hore le tla ba le bokamoso bo tjhabileng.

a AP News, “2022 Was Year the Horror of War Returned to Europe,” by Jill Lawless, December 8, 2022.

b World Food Programme, “A Global Food Crises.”

c JAMA Health Forum, “Living in an Age of Pandemics​—From COVID-19 to Monkeypox, Polio, and Disease X,” by Lawrence O. Gostin, JD, September 22, 2022.

d Earth.Org, “What’s Behind the Record-Breaking Extreme Weather Events of Summer 2022?” by Martina Igini, October 24, 2022.

e Carnegie Endowment for International Peace, “Economic Anger Dominated Global Protests in 2022,” by Thomas Carothers and Benjamin Feldman, December 8, 2022.