Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

JenkoAtaman/stock.adobe.com

DULANG LE LEBETSE!

O ka ba le Tshepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Reng ka Taba Ee?

O ka ba le Tshepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ha selemo sa 2023 se qala, re ba le tshepo ya hore dintho di tla re tsamaela hantle. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le tshepo ka bokamoso?

Bibele e fana ka tshepo

 Bibele e re bolella hore mathata ao re tobanang le ona ke a nakwana le hore a tla fela haufinyane, tseo ke ditaba tse monate. Bibele e ile ya “ngollwa ho re ruta e le hore re be le tshepo. Ha e le hantle, Mangolo ao a a re tshedisa.”​—Baroma 15:4.

  •   E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka ditshepiso tseo Bibele e buang ka tsona, bala sehlooho se reng “A Real Hope for a Better Tomorrow.” (Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Kganyang)

Ho ba le tshepo ho ka o thusa jwang?

 Tshepo eo Bibele e fanang ka yona e ka tshwana le “ankora” bophelong ba rona. (Baheberu 6:19) Tshepo ena e re thusa hore re eme re tiile. E ka boela ya re thusa hore re dule re thabile, re ena le maikutlo a nepahetseng le ho mamella mathata ao re tobanang le ona. Ka mohlala:

Eba le tshepo

 Batho ba bangata ba na le tshepo ya hore dintho tse ntle di tla etsahala empa ha ba kgodiseha hore di tla phethahala. Re ka kgodiseha hore ditshepiso tse ka Bibeleng di tla phethahala. Hobaneng? Hobane di tswa ho Jehova Modimo a “ya ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Ke Jehova feela ya nang le matla a ho phethahatsa seo a se tshepisitseng, o kgona ho “etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang ho e etsa.”—Pesaleme ya 135:5, 6.

 Rua molemo tshepong e fanwang ke Bibele. Re ka ba le tshepo e tiileng ka hore re ‘hlahlobe Mangolo ka hloko.’ (Diketso 17:11) E le hore o ka ba le tshepo ena, ithute Bibele mahala le Dipaki Tsa Jehova. Qala selemo sa 2023 o ena le maikutlo a nepahetseng ka bokamoso.

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.