Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

alashi/​DigitalVision Vectors via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?​—⁠Bibele e Reng ka Taba Ee?

Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?​—⁠Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ditabeng ho tletse ditlaleho tsa batho ba buang dipuo tse nang le lehloyo, ba etsang diketso tse tletseng lehloyo ebile ba hlasela batho ba bang ka lebaka la morabe wa bona.

  •   “Ka la 15 November 2023, koranta ya The New York Times e ile ya re: “Ka lebaka la batho ba hlohlelletsang lehloyo le ntwa e pakeng tsa Iseraele le Gaza, dipuo tse tletseng lehloyo di eketsehile metjheng ya puisano.”

  •   Ka la 3 November 2023, mopresidente wa Seboka se Akaretsang sa Matjhaba a Kopaneng e leng Dennis Francis, o ile a re: “Ho tloha ka di 7 tsa October, lefatsheng ho bile le keketseho e tshosang ya lehloyo, dipuo le diketso tse tletseng lehloyo.”

 Ntwa le dipuo tse tletseng lehloyo ha se dintho tse ntjha. Ha e le hantle, Bibele e bua ka batho bao nakong e fetileng ba neng ba “leotsa maleme a bona jwalo ka sabole” le ba neng ba kgothalletsa ntwa. (Pesaleme ya 64:3; 120:7; 140:1) Le ha ho le jwalo, Bibele e a hlalosa hore na ke hobaneng ha ho tletse lehloyo lefatsheng kajeno.

Lehloyo​—⁠Letshwao la mehla ya rona

 Bibele e fana ka mabaka a mabedi a bontshang na hobaneng ha lehloyo le tlwaelehile mehleng ena.

  1.  1. E ile ya bolela esale pele hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Matheu 24:​12) Batho ba ne ba tla bontsha mekgwa e nang le lehloyo ho ena le hore ba ratane.—2 Timothea 3:​1-⁠5

  2.  2. Lehloyo le matla le teng kajeno le bontsha tshusumetso e kgopo ya Satane Diabolose. Bibele e re “lefatshe lohle le buswa ke Satane.”​—⁠1 Johanne 5:​19; Tshenolo 12:​9, 12.

 Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha hore Modimo o tla fedisa sesosa sa lehloyo. Ho feta moo, o tla fedisa bohloko bohle bo bakilweng ke lehloyo. Bibele e tshepisa hore:

  •   Modimo “o tla hlakola meokgo yohle ya bona. Lefu ha le sa tla hlola le eba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tse neng di etsahala pele di fetile.”​—⁠Tshenolo 21:4