Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka ho Rapela Ditshwantsho?

Bibele e Reng ka ho Rapela Ditshwantsho?

 Mokgatlo wa Catholic News Service o fanang ka ditaba tsa bodumedi, o bontsha hore ka la 25 March 2022 ho ne ho tshwaretswe tshebeletso kerekeng ya St. Peter’s Basilica mme Mopapa Francis o ne a eme ka pela setshwantsho sa Maria a “kwetse mahlo mme a dihile hlooho a rapella ka pelong.” O ile a kopa kgotso ho Maria. Websaete ya Vatican News yona e ile ya re “Mopapa o ile a etsa thapelo ho halaletsa batho, haholoholo ba Russia le Ukraine. Thapelo ena e ne e etswa bakeng sa “Pelo e se Nang Sekodi ya Maria.”

 O nahana eng ka taba ee? Na ho loketse hore re rapele ditshwantsho? Hlokomela ditemana tsa Bibele tse latelang:

  •   “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng kapa sebopeho se tshwanang le ntho le ha e le efe e hodimo mahodimong kapa e tlaase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe. O se ke wa di inamela kapa wa hlohlelletswa hore o di sebeletse, hobane nna Jehova Modimo wa hao ke Modimo ya batlang boinehelo bo kgethehileng.”​—Exoda 20:4, 5. a

  •   “Ditshwantsho tsa bona tse rapelwang ke silevera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a motho wa lefatshe. Di na le melomo, empa ha di bue; di na le mahlo, empa ha di bone; di na le ditsebe, empa ha di utlwe. Di na le dinko, empa ha di fofonele. Di na le matsoho, empa ha di ame. Di na le maoto, empa ha di tsamaye; ha di ntshe modumo ka mmetso ya tsona. Ba di etsang ba tla ba feela jwalo ka tsona, bohle ba di tshepileng.”​—Pesaleme ya 115:4-8.

  •   “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka; mme nke ke ka fa e mong kganya ya ka, kapa ka fa ditshwantsho tse betlilweng thoriso ya ka.”​—Esaia 42:8.

  •   “Le balehele borapedi ba Ditshwantsho.”​—1 Bakorinthe 10:14.

  •   “Le itebele ditshwantshong tse rapelwang.”​—1 Johanne 5:21.

 Bala sehlooho se reng “Bible’s Viewpoint​—Images” (“Bibele e Reng ka ho Rapela Ditshwantsho?”) kapa o shebelle video e reng Na Modimo o Batla Hore re Sebedise Ditshwantsho ha re mo Rapela? e le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka hore na Bibele e reng ka ho sebedisa ditshwantsho ha re rapela.

 O ka nna wa thabela ho utlwa seo Bibele e se buang ka dihlooho tsena:

Photo credit: Vincenzo Pinto/AFP via Getty Images

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?