Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

fcafotodigital/E+ via Getty Images

Bibele e Reng ka Batho ba sa Jeng Nama?

Bibele e Reng ka Batho ba sa Jeng Nama?

 Ho na le batho ba bangata lefatsheng ba thahasellang taba ya ho phela ba sa je nama.

  •   “Batho ba kgethang ho phela ka tsela ena ba leka ka hohle hore ba se ke ba sebedisa diphoofolo bakeng sa dijo, diaparo kapa ntho le ha e le efe.”​—The Vegan Society.

 Batho ba bang ba kgetha ho se je nama hobane ba batla ho ntlafatsa tikoloho, boemo ba bona ba bophelo kapa hobane bodumedi ba bona bo sa ba dumelle hore ba e je.

  •   “Batho ba bang ba dumela hore ho se je nama e le mokgwa o molemo wa ho phela, tsela ya bodumedi ebile ba lebeletse hore ho phela ka tsela ena ho ntlafatse lefatshe.”​—Britannica Academic.

 Na ho se je nama ho ka ntlafatsa lefatshe? Bibele e reng ka taba ee?

Mmopi o ikutlwa jwang ka diphoofolo le batho

 Bibele e a bontsha hore Mmopi e leng Jehova Modimo a o nka batho ba phahametse diphoofolo ebile o itse ba di laole. (Genese 1:​27, 28) Ha morao, Modimo o ile a dumella batho hore ba je diphoofolo. (Genese 9:3) Le ha ho le jwalo, ha a thabele ho bona batho ba di sotla.​—Diproverbia 12:10.

 Bibele e a bontsha hore batho ba ka iketsetsa qeto ya hore na ba tla ja nama kapa tjhe. b Modimo o re nka re le batho ba bohlokwa ho sa tsotellehe hore na re ja eng. (1 Bakorinthe 8:8) Ha re a lokela ho ahlola batho ba bang ka seo ba kgethang ho se ja.​—Baroma 14:3.

Ke eng e tla ntlafatsa lefatshe?

 Bibele e bontsha hore maemo a lefatshe lena a ke ke a ntlafatswa ke tsela eo re phelang ka yona. Mathata a mangata a teng kajeno ke ao batho ba ke keng ba kgona ho a lokisa, a bakwa ke dipolotiki, tsela eo batho ba etsang dintho ka yona le maemo a moruo. Bibele e re:

  •   “Dintho tse sothehileng di ke ke tsa otlollwa.”​—Moeklesia 1:15.

 Mmopi o tla fedisa mathata a rona. Bibele ha e hlalosa ka moo a tla a fedisa ka teng e sebedisa mokgabopuo.

  •   “Ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha. Lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di se di fetile mme lewatle le ne le se le le siyo.”​—Tshenolo 21:1.

 Mmuso wa Modimoe leng “lehodimo le letjha” o tla fedisa mebuso ya batho e leng “lehodimo la pele.” Mmuso wa Modimo o tla fedisa batho ba kgopo e leng “lefatshe la pele” mme o buse “lefatshe le letjha” e leng batho ba tla be ba mamela Modimo feela.

 Ke ka tlasa Mmuso wa Modimo feela moo batho ba tla phela ka kgotso le diphoofolo ba be ba kgone ho hlokomela tikoloho.​—Esaia 11:​6-9.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.

b Bibele e re laela hore re “qobe . . . madi.” (Diketso 15:​28, 29) Sena se bolela hore re se ke ra nwa madi, ra ja nama e sa ntshwang madi kapa hona ho ja dijo tse tshetsweng madi.