Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?

Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?

 Batho ba kgathetse ke ho buswa ke batho ba sa tshepahaleng mme ba batla ho buswa ke batho bao ba ka ba tshepang. Phuputso e nngwe e ileng ya etswa dinaheng tse ngata yaba e lokollwa ka 2023, e bontsha hore batho ba sa tsheptjweng ka ho fetisisa ke baetapele ba dipolotiki. a

 Bibele e re ho na le mmuso o nang le Moetapele ya tshepahalang eo ho seng mohla a ka etsang bolotsana kapa bobodu. Mmuso oo ke Mmuso wa Modimo mme Moetapele wa ona ke Jesu Kreste.​—Esaia 9:7.

 Jesu o bontshitse ka ditsela tse ngata hore o tsotella batho e le ka nnete. (Matheu 9:​35, 36) Jwalo ka Morena wa Mmuso wa Modimo, haufinyane o tla tlisetsa bohle ba amohelang bobusi ba hae toka le kgotso.​—Pesaleme ya 72:​12-14.

a 2023 Edelman Trust Barometer Global Report.