Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Reng ka Bothata ba ho Haellwa ke Metsi a Hlwekileng Lefatsheng Lohle?

Bibele e Reng ka Bothata ba ho Haellwa ke Metsi a Hlwekileng Lefatsheng Lohle?

 Kaofela ha rona re hloka metsi a hlwekileng e le hore re phele. Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng António Guterres o re: “Ho thata ho fumana metsi a hlwekileng hobane palo ya batho ba hlokang metsi e ntse e eketseha lefatsheng lohle.” Batho ba dibilione lefatsheng lohle ba se ba ntse ba thatafallwa ke ho fumana metsi a hlwekileng ao ba ka a nwang.

Strdel/AFP via Getty Images

 Na ho sa tla ke ho be le metsi a lekaneng bakeng sa batho bohle lefatsheng? Kapa na re tla dula re haellwa ke metsi a hlwekileng? Bibele e reng ka taba ee?

Bibele e re tshepisa hore re tla dula re ena le metsi

 Bibele e re ha ho sa tla hlola ho eba le kgaello ya metsi. Ha e le hantle, metsi a hlwekileng a tla ba mangata.

 “Metsi a tla kolla lefeelleng le melapo e phalle lehwatateng. Sebaka se tjhesitsweng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka, mobu o nyorilweng e be didiba tsa metsi.”​—Esaia 35:​6, 7.

 Ke hobaneng ha re ka dumela seo Bibele e se tshepisang? Hlokomela seo Bibele e se buang ka tsela eo lefatshe le entsweng ka yona.

Bibele e reng ka lefatshe le ka potoloho ya metsi?

 ‘Modimo ha a bopela lefatshe lefeela empa o le etseditse hore batho ba dule ho lona.’​—Esaia 45:18.

 Ka ha Modimo o entse hore ho be le bophelo lefatsheng, o le entse ka tsela ya hore le be le mehlodi ya tlhaho e tla etsa hore metsi a mangata a hlwekileng a dule a le teng.

 “[Modimo] o hulela marothodi a metsi hodimo ebe marothodi ao a fetoha maru. Ka mora moo, pula e a na. E nesetswa batho.”​—Jobo 36:​27, 28.

 Ka mantswe a bonolo, Modimo o entse lefatshe hore le be le mehlodi ya tlhaho ya potoloho ya metsi, e le hore metsi a hlwekileng a se ke a fela. Mouwane o nyoloha ho tswa lefatsheng le lewatleng, ha o fihla hodimo o fetoha maru ebe pula e a na, e le hore diphoofolo le batho ba ka dula ba fumana metsi a hlwekileng.​—Moeklesia 1:7; Amose 5:8.

 “Ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona mme naha e tla fana ka dihlahiswa tsa yona le difate tsa naha di fane ka ditholwana tsa tsona.”​—Levitike 26:4.

 Modimo o ile a tshepisa Baiseraele ba boholoholo ba neng ba iphedisa ka temo hore o tla ba hlohonolofatsa ka ho dula a ba fa metsi e le hore ba be le dijalo tse atlehileng. O a tseba hore ho hlokahala pula ka nako e nepahetseng e le hore dijalo di ka hola hantle.

 Seo Modimo a ileng a se etsetsa Baiseraele ba boholoholo, haufinyane o tla se etsetsa lefatshe kaofela. (Esaia 30:​23) Empa hona jwale, kgaello ya metsi e ntse e tswela pele ho eketseha dikarolong tse ngata tsa lefatshe mme taba ya hore pula ha e ne hantle, ke bo bong ba bothata boo re tobaneng le bona. Bibele e re tharollo ke efe bothateng boo ba metsi?

Bothata ba kgaello ya metsi bo tla fela jwang?

 Bibele e re Mmuso wa Modimo, o tla fedisa mathata a polanete ya rona, ho akarelletsa le kgaello ya metsi. (Matheu 6:​9, 10) Mmuso wa Modimo ke puso e lehodimong e tlo busa lefatsheng. (Daniele 2:​44; Tshenolo 11:​15) Ho feta moo, Mmuso wa Modimo o tlo etsa dintho tseo mebuso ya batho e ke keng ya kgona ho di etsa, o tlo fedisa sesosa sa mathata a metsi.

 Bothata: Ho fetofetoha ha boemo ba lehodimo ke e nngwe ya dintho tse etsang hore ho qetelle ho eba le komello, dikgohola, merwallo le mathata a mang.

 Tharollo: Mmuso wa Modimo o tla lokisa lefatshe. Modimo o re: “Bona, ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.” (Tshenolo 21:5) Metsi a tla ba mangata lehwatateng le dimela di atlehe moo. (Esaia 41:​17-20) Mmuso wa Modimo, oo Morena wa ona e leng Jesu Kreste, o tla laola matla a lefatshe a tlhaho.

 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore Modimo o mo file matla ka hore a kokobetse sefefo se tshosang. (Mareka 4:​39, 41) Ha Kreste a se a busa lefatsheng e le Morena wa Mmuso wa Modimo, dikoduwa tsa tlhaho ha di sa tla hlola di eba teng. Batho ba tla phela ka kgotso ba sireletsehile, ba sa tshoha hore ho tla ba le dikoduwa tsa mofuta le ha e le ofe.

 Bothata: Batho ba sa tsotelleng le borakgwebo ba meharo ba silafatsa didiba, dinoka le dibaka tseo ho bolokwang metsi ho tsona. Sena se baka hore ho se ke ha eba le metsi a mangata a hlwekileng.

 Tharollo: Modimo o tla hlwekisa lefatshe mme a lokise dinoka, matamo, mawatle le mobu. Lefatshe e tla ba paradeise. Bibele ha e bua ka nako eo e re: “Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.”​—Esaia 35:1.

 Ho tla etsahalang ka batho ba sa tsotelleng tikoloho le batho ba bang? Modimo o tshepisa hore ‘o tla fedisa bohle ba senyang lefatshe.’​—Tshenolo 11:​18; Diproverbia 2:​21, 22.

 Bothata: Batho ba sebedisa metsi hampe mme phephelo ya ona e a fokotseha.

 Tharollo: Mmuso wa Modimo o tla etsa hore thato ya hae e etsahale lefatsheng. (Matheu 6:​9, 10) Batho ba tla beng ba phela tlasa Mmuso wa Modimo ba tlo ithuta dintho tse molemo. Esaia 11:9 a e re: “Hohle lefatsheng batho ba tla tseba Jehova. Jwalo ka ha metsi a kwahela lewatle.” Ka ha re rata Modimo le popo ya hae, dintho tseo re tlo ithuta tsona di tlo re thusa hore re kgone ho hlokomela lefatshe le dintho tsohle tse ntle tse ho lona.

  •    E le hore o ithute haholwanyane ka hore Mmuso wa Modimo o tlo etsang, bala sehlooho se reng: “Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

  •    Bala lengolo la Esaia, kgaolo ya 35, e le hore o bone hore lefatshe le tla fetoha paradeise jwang.

  •    Shebella video e nang le sehlooho se reng: Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe? e le hore o ithute ka morero wa Modimo ka lefatshe le batho.

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?