Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pawel Gluza/500Px Plus/Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Diphoofolo Tse Hlaha Tse Fokotsehileng ka 73% ha di Bapiswa le Tsa Dilemo Tse 50 Tse Fetileng?

Bibele e Reng ka Diphoofolo Tse Hlaha Tse Fokotsehileng ka 73% ha di Bapiswa le Tsa Dilemo Tse 50 Tse Fetileng?

 Ka la 9 October 2024, Letlole la Lefatshe la Diphoofolo le Dimela Tsa Naha le ile la fana ka tlaleho e tshwenyang ya ka moo dintho tseo batho ba di etsang di senyang dintho tsa tlhaho ka teng. E ile ya bontsha hore “dilemong tse 50 tse fetileng (1970-2020), palo ya diphoofolo tse hlaha e ile ya fokotseha ka 73%.” Tlaleho eo e ile ya lemosa hore: “E tla be e se ho feteletsa ditaba hore dintho tse tla etsahala dilemong tse hlano tse tlang di tla bontsha hantle hore na bokamoso ba diphoofolo tsena na ke bofe.”

 Ke ho utlwahalang hore batho ba bangata ba utlwiswe bohloko ke ditlaleho tse kang tsena. Re rata polanete ya rona e ntle mme ha re rate ho bona diphoofolo tse hlaha di utlwa bohloko. Re ikutlwa ka tsela ena hobane Modimo o ne a re bopetse hore re hlokomele diphoofolo.​—Genese 1:​27, 28; Diproverbia 12:10.

 O ka nna wa ipotsa, ‘Na re tla kgona ho sireletsa diphoofolo tse hlaha tse teng lefatsheng? Bibele e reng?’

Tshepo bakeng sa bokamoso

 Ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo re bo etsang ho hlokomela diphoofolo, ke Modimo feela ya ka kgonang ho di sireletsa e le kannete. Bibele e ile ya bolela esale pele ho Tshenolo 11:​18, hore Modimo o tla ‘fedisa ba senyang lefatshe.’ Temana ena e re ruta dintho tse pedi:

  1.  1. Modimo a ke ke a dumella batho hore ba senye lefatshe ka ho felletseng.

  2.  2. Modimo o tla nka kgato haufinyane. Re tseba seo jwang? Hona jwale batho ba leka ho fedisa diphoofolo ho feta le ha e le neng pele.

 Modimo o tla etsang ho lokisa bothata boo? O tla sebedisa Mmuso wa hae o tla busa o le lehodimong mme o buse hodima lefatshe lohle. (Matheu 6:​10) Puso eo e tla ruta le ho kwetlisa batho bohle ba mamelang Modimo hore na ba hlokomele le ho sireletsa diphoofolo tse hlaha jwang.​—Esaia 11:9.