Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rui Almeida Fotografia/Moment via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Dintwa Tse Bakwang ke Dipolotiki?

Bibele e Reng ka Dintwa Tse Bakwang ke Dipolotiki?

 Batho ba bangata lefatsheng ba tshwenyehile ka lebaka la dintwa tse ngata tse bakwang ke dipolotiki.

  •   Naheng ya Mexico, ho ile ha bolawa batho ba 39 ba hlaheletseng dipolotiking. Palo ena ke e kgolo ka ho fetisisa ho dipalo tse kileng tsa e ba teng mme e ile ya tshosa batho ba bangata haholo hoo boholo ba bona ba sa kang ba ya dikgethong tsa selemo sa 2023-2024.

  •   Haufinyane tjena, Europe ho ile ha e-⁠ba le dintwa tse ngata tse bakwang ke dipolotiki, ho akareletsa le teko ya polao ya tonakgolo ya Slovakia ka la 15 May, 2024.

  •   Batho ba dulang Amerika ba ile ba tshoswa haholo ke teko ya polao ya mopresidente wa mehleng, e leng Donald Trump ka la 13 July, 2024.

 Ke hobaneng ha ho ena le dintwa tse ngata hakaale tse bakwang ke dipolotiki? Na di tla ke di fele? Bibele e reng ka taba ye?

Ho ile ha bolelwa esale pele ka dikarohano tse bakwang ke dipolotiki

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore “mehleng ya bofelo,” eo re phelang ho yona ya batho ba bangata ba ne ba tla ba le mekgwa e tla etsa hore ho be le dintwa le ho se utlwane.

  •   “Mehleng ya bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tshepahaleng . . . ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, . . . ba bohale bo tshosang . . . ba fetohelang ba bang, ba manganga [le] ba ikakasang.”​—⁠2 Timothea 3:​1-⁠4.

 Bibele e ile ya boela ya bolela esale pele ka merusu e teng e bakwang ke dipolotiki mehleng ena eo re phelang ho yona. (Luka 21:⁠9) Le ha ho le jwalo, merusu e bakwang ke dipolotiki le dikarohano e tla fela.

Dintwa tse bakwang ke dipolotiki di tla fela

 Bibele e ile ya boela ya bolela hore Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso yohle ya batho sebaka.

  •   “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso. . .o tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.”​—⁠Daniele 2:⁠44.

 Mmuso wa Modimo o tla etsa hore batho ba momahane le hore ho be le kgotso lefatsheng lohle.

  •   Morena wa teng e leng Jesu Kreste, o bitswa “Kgosana ya Kgotso,” mme o tla etsa bonnete ba hore “kgotso e tla ba teng ka ho sa feleng.”​—⁠Esaia 9:​6, 7.

  •   Batho ba buswang ke Mmuso wa Modimo, ba se ba ntse ba ithuta ho phela ka kgotso hona jwale. Ke ka hoo, Bibele e reng: “Ba tla etsa disabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela. Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.”​—⁠Esaia 2:​3, 4.

 Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo o Tla Etsang?” o be o shebelle video e reng Mmuso wa Modimo ke Eng?