Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ismail Sen/Anadolu Agency via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Ho ba le Ditshisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatshe Turkey le Syria—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Ho ba le Ditshisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatshe Turkey le Syria—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ka Mantaha wa la 6 February 2023, ho ile ha eba le ditshisinyeho tse mpe tsa lefatshe Turkey le Syria.

  •   “Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe e ileng ya etsahala ka Mantaha naheng ya Turkey le karolong e ka leboyabophirimela ya Syria e ile ya bolaya batho ba ka hodimo ho 3 700. Ntho e entseng hore maemo a batho ba tswileng dikotsi le ba lahlehetsweng ke matlo a mpefale le ho feta ke hore ho ne ho bata haholo. Sena se ile sa etsa hore ho be thata hore ho fumanwe batho ba pholohileng.”—Tlaleho ena e ile ya etswa ke Reuters ka la 6 February 2023.

 Re utlwa bohloko haholo ha re bala ka ditlaleho tse tjena. Dinakong tse tshwanang le tsena, Jehova a ka re tshedisa hobane Bibele e re “o tshedisa batho maemong ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) O fane ka ‘Mangolo a re tshedisang e le hore re be le tshepo.’—Baroma 15:4.

 Ka Bibeleng re ka ithuta:

  •   Ka se ileng sa buuwa hore se tla etsahala ka ditshisinyeho tsa lefatshe.

  •   Hore na re ka fumana matshediso le tshepo hokae.

  •   Hore Modimo o tla fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko jwang.

 Ho ithuta hore na Bibele e reng ka dintlha tsena, bala dihlooho tse latelang:

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.