Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka Motjheso o Ntseng o Hlwa Mekwalaba Lefatsheng Lohle?

Bibele e Reng ka Motjheso o Ntseng o Hlwa Mekwalaba Lefatsheng Lohle?

 Ka July 2022, ho tlalehilwe ho phahama ha motjheso ka tsela e sa tlwaelehang lefatsheng lohle:

  •   “Ka lekgetlo la bobedi kgweding ena, China e ile ya hlokomedisa batho hore ditoropong tse ka bang 70 ho tla ba le motjheso o kotsi.”—July 25, 2022, CNN Wire Service.

  •    “Dinaheng tse ngata Europe, meru e a tjha ka lebaka la motjheso o matla.”—July 17, 2022, The Guardian.

  •   “Ka Sontaha ka lekgetlo la pele ho ile ha tjhesa haholo ditoropong tse ngata tsa Amerika.”—July 24, 2022, The New York Times.

 Na see se bolela hore ha nako e ntse eya lefatshe e ke ke ya eba sebaka se sireletsehileng bakeng sa ho phela? Bibele e reng tabeng ee?

Na motjheso o matla o phethahatsa boprofeta ba Bibele?

 Ho jwalo. Motjheso o ntseng o phahama lefatsheng lohle o dumellana le seo Bibele e ileng ya se bua hore se tla etsahala mehleng ena. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore re tla bona “dintho tse tshosang.” (Luka 21:11) Ho phahama ha motjheso lefatsheng lohle, ho entse hore batho ba tshohe hore dintho tseo batho ba bang di etsang di tla senya lefatshe.

Na ho na le nako eo ka yona re ke keng ra kgona ho phela lefatsheng?

 Tjhe. Modimo o bopile lefatshe e le hore batho ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ya 115:16; Moeklesia 1:4) A ke ke a dumella batho ho senya lefatshe, ho ena le hoo o tla ‘fedisa ba senyang lefatshe’ jwalo ka ha a tshepisitse.—Tshenolo 11:18.

 Nahana ka mehlala ena e mmedi ya boprofeta e bontshang hore na Modimo o tshepisa eng hape:

  •   “Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.” (Esaia 35:1) Ho ena le hore Modimo a dumelle hore lefatshe e be lehwatata o tla lokisa dikarolo tsa lona tse senyehileng.

  •   “O hlokomela lefatshe, o etsa hore le behe dijalo tse ngata ebile o a le nontsha.” (Pesaleme ya 65:9) Modimo o tla etsa hore lefatshe e be paradeise.

 E le hore o fumane dintlha tse ding mabapi le hore na maemo a ntseng a fetoha a lehodimo a phethahatsa boprofeta ba Bibele jwang, bala sehlooho se reng “Climate Change and Our Future—What the Bible Says” (“Bibele e Reng ka ho Fetoha ha Maemo a Lehodimo le ka Bokamoso ba Rona?”)

 E le hore o fumane dintlha tse ding ka seo Bibele e se tshepisang ka ho lokiswa ha maemo a lefatshe, sheba sehlooho se reng “Who Will Save the Earth?” (“Ke Mang ya Tla Pholosa Lefatshe?”)