Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka ho Phahama ha Theko ya Dintho Lefatsheng Lohle?

Bibele e Reng ka ho Phahama ha Theko ya Dintho Lefatsheng Lohle?

 Tlalehong ya June 2022, mopresidente wa World Bank Group o ile a re, “Moruo wa lefatshe o kotsing hape. Theko ya dintho le ya ditshebeletso e phahama ka sekgahla ha ka nako e tshwanang batho ba se na tjhelete e lekaneng.”

 International Monetary Fund e re: “Theko ya peterole le dijo e phahame ka sekgahla mme sena se amme haholo batho ba dulang dinaheng tse futsanehileng.”

 Bibele e re thusa ho tseba hore na ke hobaneng ha re kopana le mathata a moruo, re ka sebetsana le ona jwang le hore na ho na le tshepo ya hore mathata ana a tla fela ka ho felletseng.

Ho phahama ha theko ya dintho “matsatsing a ho qetela”

  •   Bibele e hlalosa matsatsi ao re phelang ho ona e le ‘matsatsi a ho qetela.’​—2 Timothea 3:1.

  •   Jesu o ile a re “dipono tse tshabehang” kapa diketsahalo tse tshosang di ne di tla etsahala matsatsing a ho qetela. (Luka 21:11) Batho ba a tshoha ha theko ya dintho e phahama ka sekgahla. Ba tshwenyeha ka hore na ho tla etsahalang ka bona nakong e tlang le hore na ba tla kgona ho hlokomela ba malapa a bona.

  •   Buka ya Tšenolo e ile ya hla ya bolela esale pele hore theko ya dijo e tla nyoloha nakong ena eo re phelang ho yona. “Ka utlwa lentswe. . . . le re: ‘Lithara ya koro ka denari, le dilithara tse tharo tsa harese ka denari.’”​—Tšenolo 6:6.

 Ho fumana dintlha tse ding ka ‘matsatsi a ho qetela’ le ka boprofeta bo hlahang bukeng ya Tšenolo, shebella video ya Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatshe bo Ile ba Fetoha o be o bale sehlooho se reng, “Bapalami ba Bane ba Dipere Ke Bomang?

Tharollo ya mathata a moruo

  •   “Ka sebele ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng; ba ke ke ba lema mme e mong a je.”​—Esaia 65:21, 22.

  •   “Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”​—Pesaleme ya 72:16.

  •   “‘Ka lebaka la ho tlatlapuwa ha ba hlorileng, ka lebaka la ho fehelwa ha mafutsana, lekgetlong lena ke tla tsoha,’ ho bolela Jehova.”​—Pesaleme ya 12:5. a

 Haufinyane Modimo o tlo fedisa mathata a moruo lefatsheng lohle. E le hore o bone hore na see se tla etsahala jwang, bala sehlooho se reng, “Is a Fair Economic System Possible?” (“Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?”)

 Le kajeno, Bibele e ka o thusa ho sebetsana le ho phahama ha theko ya dintho. Jwang? E na le dikeletso tse ka o thusang ho sebedisa tjhelete hantle. (Liproverbia 23:4, 5; Moeklesia 7:12) Ho fumana dintlha tse ding, bala sehlooho se reng “Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona” le se reng “O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.