Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Ke Hobaneng ha Polotiki e Qabanya Batho Hakaale?—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Ke Hobaneng ha Polotiki e Qabanya Batho Hakaale?—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Dipolotiki di baka dikarohano lefatsheng lohle. Ho ya ka dipatlisiso tse entsweng dinaheng tse 19 ka 2022 ke Pew Research Center, ho fumanwe hore batho ba bangata ba re dinaheng tsa habo bona ho na le ho se utlwane ho teng dipakeng tsa batho ba tshehetsang mekga e fapaneng ya dipolotiki.

 Na o hlokometse hore moo o dulang teng dipolotiki di ntse di arohanya batho le ho feta? Ke hobaneng ha ho le jwalo? Na bothata boo bo ka rarolleha? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Boitshwaro bo etsang hore batho ba arohane

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore “mehleng ya bofelo” e leng mehleng ena ya rona, batho ba bangata ba tla itshwara ka tsela e tla etsa hore ho be thata hore batho ba phedisane ka kgotso.

  •   “Tseba hore mehleng ya bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho ba tla itjheba bobona, . . . [e be] ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe.”—2 Timothea 3:1-3.

 Le hoja batho ba sebetsa ka thata ho etsa hore mebuso e atlehe, e ntse e hloleha. Ho thata hore batho ba sa utlwaneng ba sebetse ha mmoho ho rarolla mathata. Taba ena e dumellana le seo Bibele e ileng ya se bua nakong e fetileng.

  •   “Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.”—Moeklesia 8:9.

 Le ha ho le jwalo, Bibele e bua ka mmuso o tla tlisa tharollo, oo moetapele wa ona a ka fedisang mathata ohle a batho.

Moetapele ya tshwanelehang le ya kgathallang batho

 Bibele e bua ka moetapele ya kgonang ho fedisa mathata ohle a batho e leng Jesu Kreste. Jesu o matla, o na le matla a bolaodi hape o batla ho thusa batho bohle hore ba phedisane ka kgotso.

 Jesu ke moetapele ya tshwanelehang hobane o kgathalla batho ebile o batla ho ba thusa, haholoholo ba sa tshwarwang hantle.

  •   “O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”—Pesaleme ya 72:12-14.

 Ithute dintlha tse ding ka Mmuso wa Modimo e leng mmuso o lehodimong oo moetapele wa ona e leng Jesu. Ithute hore na Mmuso oo o ka o thusa jwang le hore na o ka etsang ho o tshehetsa.