Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

sinceLF/E+ via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Ke Mang ya Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ya Ntwa? ​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Ke Mang ya Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ya Ntwa? ​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Tlaleho ya ditaba ya Matjhaba a Kopaneng e re:

  •   Ho tloha ka la 7 ho ya ho la 23 October 2023, dintwa tse bileng teng pakeng tsa Gaza le Iseraele di bolaile batho ba fetang 6 400 mme ho lemetse batho ba ka bang 15 200, boholo ba bona ke batho ba se nang molato. Batho ba dikete tse makgolo ba ile ba qobellwa ho tloha moo ba dulang.

  •   Ho tloha ka la 24 September 2023, ntwa e pakeng tsa Russia le Ukraine e entse hore ho shwe batho ba se nang molato ba ka bang 9 701 mme baahi ba Ukraine ba ka bang 17 748 ba lemetse.

 Bibele e fana ka tshepo efe bakeng sa batho ba utlwiswang bohloko ke ntwa?

Lebaka la ho ba le tshepo

 Bibele e ile ya bolela hore Modimo o tla “fedisa dintwa lefatsheng lohle” (Pesaleme ya 46:9) O tla sebedisa mmuso wa lehodimo ho fedisa mebuso yohle ya lefatshe. (Daniele 2:​44) Mmuso wa Modimo o tla pholosa batho.

 Bona hore na Jesu Kreste, Morena wa Mmuso wa Modimo o tla etsang:

  •   “O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso. Le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng. Ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang. Madi a bona e tla ba a bohlokwa mahlong a hae.”​—Pesaleme ya 72:​12-14.

 Mmuso wa Modimo o tla fedisa mahlomola le ho utlwa bohloko ka lebaka la dintwa.

  •   “O tla hlakola meokgo yohle ya bona. Lefu ha le sa tla hlola le eba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tse neng di etsahala pele di fetile.”​—Tshenolo 21:4.

 Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla etsa hore lefatshe le be maemong a loketseng bakeng sa batho. Bibele e ile ya bolela esale pele ka “dintwa le ditlaleho tsa dintwa” tseo re di bonang di etsahala mehleng ena. (Matheu 24:6) Diketsahalo tsena le tse ding di bontsha hore re phela mehleng ya ho qetela pusong ya batho.​—2 Timothea 3:1