Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Ntwa ya Ukraine e Etsa Hore Kgaello ya Dijo e Mpefale Lefatsheng Lohle

Ntwa ya Ukraine e Etsa Hore Kgaello ya Dijo e Mpefale Lefatsheng Lohle

 Ka la 19 May 2022, batho ba ka hodimo ho 75 ba phahameng pusong ba ile ba tlalehela Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng hore “kgaello ya dijo e bakilweng ke COVID-19 le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, e ntse e mpefala lefatsheng ka bophara ka lebaka la ntwa ya Ukraine hoo ho nang le monyetla wa tlala e kgolo dibakeng tse ding.” Hang ka mora moo, makasine wa The Economist o ile wa re: “Ka lebaka la ntwa ho tlo ba le batho ba bangata ba lapang lefatsheng lena le se ntse le ena le mathata a mangata.” Bibele e ile ya hla ya bolela esale pele hore ho tla ba le kgaello ya dijo mehleng ena. Le ha ho le jwalo, e re thusa hore re sebetsane le mathata ao.

Bibele e ile ya profeta ka kgaello ya dijo

  •    Jesu o ile a profeta a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo.”​—Matheu 24:7.

  •    Buka ya Tshenolo e bua ka bapalami ba bane ba dipere. E mong wa bapalami bao o tshwantshetsa ntwa. O latelwa ke mopalami e mong ya tshwantshetsang tlala mme nakong eo, ho tla ba thata ho fumana dijo le theko ya tsona e tla phahama haholo. “Ka bona pere e ntsho, ya dutseng hodima yona o ne a tshwere sekala letsohong. Ka utlwa hoo ekang ke lentswe . . . Le re, ‘Lithara ya koro e tla lekana le moputso wa letsatsi lohle! Dilithara tse tharo tsa harese le tsona di tla lekana le moputso wa letsatsi.’”—Tšenolo 6:5, 6, Contemporary English Version.

 Boprofeta boo ba Bibele bo buang ka kgaello ya dijo bo a phethahala mehleng ena e leng nakong eo Bibele e reng ke “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:12) Ho ithuta haholwanyane ka ‘matsatsi a ho qetela’ le bapalami ba bane ba dipere ba hlahang lengolong la Tshenolo, shebella video ya Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatshe bo Ile ba Fetoha o be o bale sehlooho se reng “Bapalami Ba Bane ba Dipere​—Ke Bomang?

Bibele e ka re thusa jwang?

  •    Bibele e na le keletso e ka re thusang hore na ke jwang re ka mamellang mathata a akarelletsang ho phahama ha theko ya dijo kapa kgaello ya dijo. Sheba mehlala ya taba ena sehloohong se reng “O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?

  •    Bibele e boetse e a re tshepisa hore maemo a tla fetoha. E re tshepisa hore ho na le nako eo ka yona “ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng” mme motho e mong le e mong o tla ba le dijo tse ngata. (Pesaleme ya 72:16) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na Bibele e reng ka tshepo ya bokamoso le hore na ke hobaneng ha o ka e tshepa, bala sehlooho se reng “Tshepo ya Sebele Bakeng sa Bokamoso” (A Real Hope for a Better Tomorrow.)