Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Surasak Suwanmake/Moment via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Motjheso o sa Tlwaelehang Lefatsheng Lehlabuleng la 2023?

Bibele e Reng ka Motjheso o sa Tlwaelehang Lefatsheng Lehlabuleng la 2023?

 Lefatsheng ka bophara batho ba mameletse motjheso o sa tlwaelehang ha mmoho le dikoduwa tse bakwang ke wona. Hlokomela ditlaleho tse latelang:

  •   Tlaleho ya National Oceanic and Atmospheric Administration, U.S. Department of Commerce ya la 13 July 2023 e re: “Kgwedi ena ya June e bile e tjhesang ka ho fetisisa haesale motjheso o qala ho methwa dilemo tse 174 tse fetileng.”

  •   Tlaleho ya European Space Agency ya la 13 July 2023 e re: “Dinaheng tsa Italy, Spain, France, Germany le Poland ho tjhesa ha bohloko mme ho ka lebellwa hore dihlekehlekeng tsa Sicily le Sardinia motjheso o tla fihla ho 48°C. Ha ho eso be le motjheso o kang ona haesale Europe.”

  •   Tlaleho ya Stefan Uhlenbrook, e leng e mong wa baokamedi ba mokgatlo wa World Meteorological Organization ya la 17 July 2023 e re: “Ha lefatsheng ho ntse ho tjhesa ho ya pele, re ka lebella dipula tse ngata haholo tse tla baka dikgohola tse mpe.”

 Na ditlaleho tsee di a o tshosa? Utlwa hore na Bibele e reng ka taba ena ya bohlokwa.

Na motjheso oo o sa tlwaelehang o phethahatsa boprofeta ba Bibele?

 Ho jwalo. Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ya rona ho tla ba le dintho tse kang motjheso o sa tlwaelehang le maemo a lehodimo a hlobaetsang. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore re tla bona dintho “tse sa tlwaelehang le tse tshosang.” (Luka 21:​11; Good News Translation) Ha motjheso o ntse o nyoloha, batho ba bangata ba tshoha hore lefatshe le tla senyeha mme ho be thata ho phela ho lona.

Na lefatshe le ka senyeha hoo batho ba ka sitwang ho phela ho lona?

 Tjhe. Modimo o entse hore lefatshe e be lehae la rona. A ke ke a dumella batho hore ba le senye. (Pesaleme ya 115:​16; Moeklesia 1:4) Ha e le hantle, o tshepisitse hore o tla ‘fedisa ba senyang lefatshe.’​—Tshenolo 11:18.

 Bibele e bontsha hore Modimo o kgona ho sireletsa lefatshe ebile o tla le sireletsa hore le se ke la senyeha.

  •   “[Modimo] o kgutsisa sefefo ebe maqhubu a lewatle a a thola.” (Pesaleme ya 107:​29) Modimo a ka laola matla a tlhaho. O na le bokgoni ba ho lokisa mathata a tikoloho a bakwang ke maemo a hlobaetsang a lehodimo ao hona jwale a thatafalletsang batho ho phela.

  •   “O hlokomela lefatshe, o etsa hore le behe dijalo tse ngata ebile o a le nontsha.” (Pesaleme ya 65:9) Modimo o tla etsa hore lefatshe e be paradeise.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka tshepiso ya Bibele ya hore lefatshe le tla loka, bala sehlooho se reng: Who Will Save the Earth?