Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Anna Moneymaker/Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Borasaense ba Isa Pele Lenaka la Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Borasaense ba Isa Pele Lenaka la Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ka la 24 January 2023, borasaense ba ile ba isa pele Lenaka la Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng  a hore le ye pela hara mpa ya bosiu e leng se bolelang hore lefatshe le haufi le ho fela.

  •   “‘Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng’ e tshwantshetsa maemo a kotsi a akarelletsang ntwa ya Ukraine, dintwa tsa dibomo tsa nuclear le maemo a hlobaetsang a lehodimo e leng dintho tse atametsang ho fela ha lefatshe. Lenaka lena le ile la atametswa ho re le be haufi le hara mpa ya bosiu ka Labobedi leo.”—AFP International Text Wire.

  •   “Ka Labobedi, borasaense ba ile ba bontsha hore ‘Lenaka la Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng’ le isitswe pele mme ho setse metsotswana e 90 pele e eba hara mpa ya bosiu e leng se bolelang hore armagedone e haufi haholo.”—ABC News.

  •   “Sehlopha sa borasaense lefatsheng lohle se lemositse hore batho ba ka nna ba timela neng kapa neng.”—The Guardian.

 Na ho fela ha lefatshe le batho ho haufi? Na re lokela ho tshoha hore na bokamoso bo tla ba jwang? Bibele e reng ka taba ee?

Bokamoso bo re tshwaretseng?

 Bibele e re: “Lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile” hape batho ba tla “phela ho lona ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:⁠4; Pesaleme ya 37:​29) Ka hoo, batho ba ke ke ba kgona ho senya lefatshe kapa ho fedisa bophelo bo ho lona.

 Le ha ho le jwalo, Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe. Mohlala, e re ‘lefatshe . . . le tla fela.’—1 Johanne 2:17.

Dula o ena le maikutlo a nepahetseng

 Ke jwang Bibele e ka re thusang hore re tswele pele re ena le maikutlo a nepahetseng ho sa tsotellehe mathata a teng lefatsheng?

  •   Bibele e re fa keletso e ka re thusang. (2 Timothea 3:​16, 17) Mohlala, bala sehlooho se reng How to Control Worry (“O ka Hlola ho Tshwenyeha Jwang?”) ho bona hore na Bibele e ka o thusa jwang hore o tswele pele o ena le maikutlo a nepahetseng ho sa tsotellehe mathata a bophelo.

  •   Bibele e re fa tshepo e tiileng bakeng sa bokamoso. (Baroma 15:4) E hlalosa hore na re ka lebellang hona jwale le nakong e tlang e leng ntho e re thusang ho tswela pele re le sebete ha re ntse re sebetsana le maemo a lefatshe.

 E le hore Bibele e o tswele molemo, re o mema hore o ithute yona mahala kajeno o sebedisa lenaneo la ho ithuta Bibele.

a “Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng ke ntho e thusang ho lemosa batho ka hore na lefatshe le haufi hakae le ho senngwa ka dintho tse kotsi tse entsweng ke batho. E sebediswa e le tshwantshetso ho hlokomedisa batho ho qoba ho etsa dintho tse kotsi tse ka senyang lefatshe ho ba thusa hore ba tswele pele ba phela.”​—⁠Bulletin of the Atomic Scientists.