Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Reng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

Bibele e Reng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

 Baetapele ba lefatshe ba lakatsa eka ba ka fedisa tlala ka ho feletseng. Ba lakatsa eka motho e mong le e mong a ka ba le dijo. a Empa na tlala e tla ke e be siyo lefatsheng? Bibele e reng ka taba ee?

Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala mme ha e bua ka nako eo e re ke ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ha se Modimo ya bakang tlala empa o ile a re lemosa hore e tla ba teng. (Jakobo 1:​13) Hlokomela boprofeta bona ba Bibele.

 “Ho tla ba le tlala . . . sebakeng se seng ka mora se seng.” (Matheu 24:7) Bibele e ile ya bolela esale pele hore ho tla ba le tlala dibakeng tse ngata. Tlaleho e nngwe ya batho ba ithutang hore na dijo di hlahiswa jwang le hore di ajwa jwang e ile ya re: “Le hoja baetapele ba leka ho fokotsa tlala, ho bonahala ho ntse ho mpefala le ho feta.” b Dinaheng tse ngata batho ba dimilione tse makgolo ha ba na dijo. Ka maswabi ba bangata ba bona ba a hlokahala.

 “Ka bona pere e ntsho, ya e palameng o ne a tshwere sekala.” (Tshenolo 6:5) Boprofeteng bona pere le mopalami wa yona di tshwantshetsa tlala e tla ba teng mehleng ya bofelo. c Sekala seo mopalami a se tshwereng se metha dijo tse haellang e le hore motho e mong le e mong a fumane ho hong. Ha a ntse a palame pere ho hlaha lentswe le reng theko ya dijo e tla nyoloha le ho lemosa batho hore ba se ke ba senya dijo. (Tshenolo 6:6) Taba ena e bontsha hantle ntho e etsahalang lefatsheng hona jwale, batho ba dibilione ha ba na dijo kapa ha ba kgone ho reka tse nang le phepo.

Tlala e tla fela jwang?

 Lefatshe le hlahisa dijo tse ngata ho feta tse hlokahalang. Sena se bolela hore motho e mong e mong a ka fumana dijo. Jwale ke hobaneng ha dijo di haella? Bibele e re Mmopi wa rona Jehova d o tla lokisa bothata boo jwang?

 Bothata: Mebuso ha e kgone ho fedisa bofutsana le ho hloka toka tse bakang tlala.

 Tharollo: Mebuso ya batho e tla nkelwa sebaka ke Mmuso wa Modimo. (Daniele 2:​44; Matheu 6:​10) Mehleng ena ho thata hore batho ba futsanehileng ba fumane dijo empa boemo bo tla fetoha tlasa Mmuso wa Modimo. Bibele e re ka Morena Jesu Kreste, e leng Morena wa Mmuso wa Modimo, “o tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. . . . Ho tla ba le dijo tse ngata lefatsheng. Di tla ba ngata le hodima dithaba.”​—Pesaleme ya 72:​12, 16.

 Bothata: Dintwa di baka tshenyo e kgolo ebile di thefula moruo mme sena se etsa hore batho ba se ke ba fumana dijo tse ba lekanang.

 Tharollo: “[Jehova] o fedisa dintwa lefatsheng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O tjhesa dikariki tsa sesole ka mollo.” (Pesaleme ya 46:9) Modimo o tlo fedisa dibetsa tsa ntwa le batho ba bakang dintwa. Ka lebaka leo batho ba tla fumana dijo habonolo. Bibele e tshepisa hore: “Ba lokileng ba tla eketseha, kgotso e tla ba ngata.”​—Pesaleme ya 72:7.

 Bothata: Maemo a lehodimo a sa tsitsang le dikoduwa tsa tlhaho di bolaya dijalo le diphoofolo.

 Tharollo: Modimo o tla etsa hore maemo a lehodimo e be a loketseng hore dijalo di atlehe. Bibele e re: “[Jehova] o kgutsisa sefefo ebe maqhubu a lewatle a a thola. . . . O fetola lehwatata hore e be matamo a nang le lehlaka, le naha e ommeng o e fetola didiba tsa metsi. O etsa hore ba lapileng ba dule moo. . . Ba jala masimo mme ba lema dirapa tsa morara.”​—Pesaleme ya 107:​29, 35-37.

 Bothata: Batho ba meharo ba etsa dijo tse kotsi ebe ba sitisa batho ba bang ho fumana dijo tse nang le phepo.

 Tharollo: Mmuso wa Modimo o tla fedisa batho ba sa lokang le ba sa tshepahaleng. (Pesaleme ya 37:​10, 11; Esaia 61:8) Bibele e re Jehova Modimo ke “ya thusang ba utsweditsweng hore ba ahlolelwe ka toka le ya fepang ba lapileng.”​—Pesaleme ya 146:7.

 Bothata: Selemo se seng le se seng ho senngwa hoo e ka bang 30 phesente ya dijo lefatsheng lohle.

 Tharollo: Tlasa Mmuso wa Modimo batho ba tla beng ba fuwe boikarabelo ba tlo etsa bonnete ba hore dijo di bolokwa hantle. Ha Jesu a le lefatsheng o ile a etsa bonnete ba hore dijo ha di senngwe. Ka mohlala, ka letsatsi le leng o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ka mohlolo. Ha morao, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang dijo tse setseng, e le hore ho se ke ha eba le letho le senyehang.”​—Johanne 6:​5-13.

 Ka ha Modimo o tla fedisa dintho tse bakang tlala Mmusong wa hae, batho ba tla ba le dijo tse ngata tse monate le tse nang le phepo. (Esaia 25:6) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na Mmuso wa Modimo o tlo etsa dintho tsena neng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?

a Ka 2015 mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o ile wa etsa meralo e le hore o fihlele morero ona ka 2030.

b Tlaleho ena e ile ya etswa ke Food and Agriculture Organization of the United Nations, International Fund for Agricultural Development, United Nations Children’s Fund, United Nations World Food Programme, le World Health Organization.

c Ho ithuta ho eketsehileng ka bapalami ba bane ba dipere ba hlahang ho Tshenolo, bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?

d Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?