Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kim Steele/The Image Bank via Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?

Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?

 Batho ba bangata lefatsheng ba kolla ntshi hanong mme ho ntse ho eba thata le ho feta.

  •   Tlaleho a e nngwe e entsweng haufinyane e bontsha hore hona jwale batho ha ba sa kgona ho kwahela ditlhoko tsa bona ka mekgolo eo ba e fumanang kgwedi le kgwedi. Ho ya ka tlaleho ena haeba ho sa etswe letho, batho ba ruileng ba tla rua le ho feta mme ba futsanehileng ba futsanehe le ho feta. Hape mokgwa wa bophelo o tla ba thata haholo bakeng sa batho ba bangata.

 Na mebuso e ka kgona ho ntlafatsa boemo boo kapa hona ho bo rarolla?

 Bibele e re ho na le mmuso o ka kgonang ho rarolla mathata ohle a ditjhelete le ho se lekalekane. Ebile o tla etsa jwalo. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso,” mmuso oo o tla laola ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng. (Daniele 2:​44) Tlasa puso eo, ha ho na motho eo Modimo a tla mo tlohela kapa a mo lebale. (Pesaleme ya 9:​18) Modimo o tla etsa bonnete ba hore batho bohle ba phelang tlasa Mmuso wa hae ba na le dintho tsohle tseo ba di hlokang e le hore ba thabe. Batho bohle ba tla thabela mosebetsi oo ba o etsang.​—Esaia 65:​21, 22.

a International Labour Organization Global Wage Report 2022-23