Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

YURI LASHOV/AFP via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka Bakreste ba Tshehetsang Dintwa?

Bibele e Reng ka Bakreste ba Tshehetsang Dintwa?

 Ntwa e Ukraine e bontshitse ka moo baetapele ba dikereke tse ngata ba tshehetsang dintwa ka teng. Hlokomela ka moo moruti e mong a tshehetsang naha ya Ukraine ha e mong a tshehetsa naha ya Russia:

  •   “Re tlotla le ho leboha masole ohle a sireletsang naha ya Ukraine ho sera sa yona . . . Re dula re le rapella le ho le tshehetsa.”​—Metropolitan Epiphanius I of Kyiv, The Jerusalem Post, March 16, 2022.

  •   “Moetapele wa Kereke ya Orthodox ya Russia o ile a tshwarela masole a Russia tshebeletso ka Sontaha, ho ba kgothaletsa hore ba lwanele naha ya habo bona jwalo ka ha ba etsa ntweng e ntseng e tswela pele Ukraine.”​—⁠Reuters, April 3, 2022.

 Na Bakreste ba lokela ho tshehetsa dintwa? Bibele e reng ka taba ee?

Bibele e reng ka taba ee?

 Bibele e re balatedi ba nnete ba Jesu Kreste ha ba a lokela ho lwana.

  •   “Kgutlisetsa sabole ya hao sebakeng sa yona ka ha bohle ba nkang sabole ba tla bolawa ka sabole.”​—Matheu 26:52.

     Na motho ya lwanang kapa ya tshehetsang dintwa o mamela mantswe a Jesu?

  •   “Ke le fa taelo e ntjha ya hore le ratane. Le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile. Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.”​—Johanne 13:34, 35.

     Na motho ya tshehetsang dintwa o bontsha lerato leo Jesu a ileng a re barutuwa ba hae kapa balatedi ba hae ba tla tsebahala ka lona?

 Bala sehlooho se reng “Na Bokreste bo Dumellana le Ntwa?” e le hore o fumane dintlha tse ding.”

Na Bakreste ba lokela ho tshehetsa dintwa?

 Na ho a utlwahala hore Bakreste ba se ke ba tshehetsa dintwa? Ho jwalo. Bibele e re mehleng ya rona e leng “matsatsing a ho qetela,” ho ne ho tla ba le batho ba tswang ditjhabeng tsohle ba neng ba ke ke ba “hlola ba ithuta ntwa” jwalo ka ha Jesu a rutile.​—Esaia 2:2, 4, naletsana.

 Haufinyane Jehova a e leng “Modimo wa kgotso,” o tla sebedisa mmuso wa hae o lehodimong ho pholosa batho “ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”​—Bafilipi 4:9; Pesaleme ya 72:14.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.