Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ahmad Gharabli/AFP via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

Na Ditjhaba di ka Ikopanya ho Hlola Koduwa ya ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo?—Bibele e Reng?

Na Ditjhaba di ka Ikopanya ho Hlola Koduwa ya ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo?—Bibele e Reng?

 Kopano ya COP27, United Nations Climate Change e ile ya fela ka Sontaha sa la 20 November 2022. Ho ile ha fihlelwa tumellano ya hore dinaha tse futsanehileng di fuwe tjhelete e le ho di thusa ho sebetsana le dikoduwa tse bakwang ke ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. Empa batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore sena ha se fane ka tharollo ya moshwelella.

  •   “Ke thabetse qeto e entsweng ya ho behella tjhelete ka thoko ho thusa ba anngweng ke dikoduwa. Empa re a tseba hore seo ha se a lekana. . . Lefatshe la rona le tlokotsing e tshabehang.”—António Guterres e leng mongodi wa matjhaba a kopaneng.

  •   “Haufinyane maemo a lehodimo a ka nna a fetoha hampe haholo.”—Mopresidente wa mehleng wa Ireland e leng Mary Robinson hape e le Mokomishinara ya Phahameng wa Ditokelo tsa Botho wa mehleng wa Matjhaba a Kopaneng, November 20, 2022.

 Batjha ba amehile haholo ka bokamoso ba lefatshe lena. Le ha ho le jwalo, na ditjhaba di ka ikopanya ho phethahatsa tshepiso ya ho rarolla mathata a maemo a fetofetohang a lehodimo? Bibele e reng?

Na ditjhaba di tla ikopanya di be di atlehe?

 Bibele e ya bontsha hore ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba ho rarolla mathata a ho fetofetoha ha boemo ba lehodimo, ditjhaba di ka se rarolle bothata bona ka ho feletseng. Hlokomela mabaka ana a mabedi:

  •   “Dintho tse sothehileng di ke ke tsa otlollwa.”—Moeklesia 1:15.

     Tlhaloso: Mebuso ha ya phethahala hobane batho ba ne ba sa etsetswa ho ipusa. (Jeremia 10:23) Le ha ditjhaba di ka ikopanya, di ke ke tsa kgona ho rarolla mathata a lefatshe ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo di bo etsang.

  •   Batho ba tla itjheba bobona, ba rate tjhelete. . . e tla ba ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe.’—2 Timothea 3:2, 3.

     Tlhaloso: Bibele e ile ya hla ya bolela esale pele hore batho ba mehleng ya rona e tla ba ba itjhebang bobona, ba sa batleng ho sebedisana mmoho molemong wa ba bang.

Lebaka la ho ba le tshepo

 Le ha ho le jwalo, bokamoso ba lefatshe lena ha bo a itshetleha ka ditshepiso tsa mebuso ya batho. Modimo o fane ka Mmusi ya loketseng e leng Jesu Kreste. Bibele ha e bua ka yena e re:

  •   “Puso e tla dula lehetleng la hae. O tla rehwa Moeletsi ya Hlollang, Modimo ya Matla, Ntate wa ka ho sa Feleng, Kgosana ya Kgotso.”—Esaia 9:6, naletsana.

 Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo kapa mmuso wa lehodimo. (Matheu 6:10) O na le matla, bohlale le tabatabelo ya ho hlokomela lefatshe le batho ba phelang ho lona. (Pesaleme ya 72:12, 16) Tlasa puso ya hae, mmuso ona wa lehodimo o tla fedisa “ba senyang lefatshe” le ho lokisa tikoloho.—Tshenolo 11:18, naletsana; Esaia 35:1, 7.

 E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka tharollo ya moshwelella ya tshenyo e entsweng ke ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, bala sehlooho se reng —“Climate Change and Our Future—What the Bible Says. (“Bibele e Reng ka ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo le Bokamoso ba Rona?”)