Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

kovop58/stock.adobe.com

DULANG LE FADIMEHILE!

Na Kannete di Olympic di ka Momahanya Batho?​—⁠Bibele e Reng?

Na Kannete di Olympic di ka Momahanya Batho?​—⁠Bibele e Reng?

 Ka di Olympic tsa Lehlabula la 2024, hoo e ka bang batho ba dibilione tse hlano ba ile ba shebella baatlelete ba tswang dinaheng tse 206 ba ileng ba kenella dipapading. Mopresidente wa International Olympic Committee e leng Thomas Bach o re: “Re karolo ya ketsahalo e momahanyang lefatshe lohle. Jwalo ka ha e le morero wa di Olympic tsena, e se eka kaofela re ka phela ka kgotso ebile re momahane le hoja re sa tshwane.”

 Na di Olympic di ka etsa hore ho be le diphello tse ntle hakaale? Na ho na le tshepo bakeng sa kgotso ya sebele le ho momahana?

Mohlodi wa kgotso le ho momahana

 Di Olympic tsa selemong sena e ne e se dipapadi feela, di ne di ena le dintho tse arohanyang batho ditabeng tsa dipolotiki, tse akareletsang ditokelo tsa batho, kgethollo ya morabe le ya bodumedi le ho se lekane.

 Dipapadi tsa matjhaba tsa di Olympic di thabisa batho. Le ha ho le jwalo, di boetse di hlohloletsa dikarohano ho ena le hore di etse hore ho be le kgotso le momahano e tshwarellang.

 Bibele e ile ya bolela esale pele ka boitshwaro bo neng bo tla etsa hore ho be thata hore batho ba momahane mehleng ena. (2 Timothea 3:​1-⁠5) Ho ithuta haholwanyane ka boprofeta bona ba Bibele, bala sehlooho se reng “Na Bibele e ile ya Bolela Esale Pele ka Tsela eo Batho ba Nahanang le ho Itshwara ka Yona Mehleng ee?

Tshepo ya sebele bakeng sa kgotso le momahano lefatsheng lohle

 Bibele e re fa tshepo ya sebele ya kgotso le momahano lefatsheng lohle. E tshepisa hore batho bohle lefatsheng ba tla momahanngwa ke mmuso o le mong o tla busa o le lehodimong. Mmuso oo o bitswa “Mmuso wa Modimo.”​—⁠Luka 4:​43; Matheu 6:⁠10.

 Morena wa Mmuso oo, e leng Jesu Kreste o tla tlisa kgotso lefatsheng lohle. Bibele e re:

  •   “Ba lokileng ba tla eketseha, kgotso e tla ba ngata.”​—⁠Pesaleme ya 72:⁠7.

  •   “O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso . . . O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”​—⁠Pesaleme ya 72:​12, 14.

 Le mehleng ena dithuto tsa Jesu di momahantse batho ba dimilione dinaheng tse 239. Jwalo ka Bakreste, Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di ithutile ho ba le kgotso. Ho ithuta hore na ba kgona jwang, bala makasine ya Tora ya ho Lebela e nang le sehlooho se reng “Re ka Kgona ho Hlola Lehloeo.”