Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

hadynyah/E+ via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Kgaello ya Dijo e Bakwang ke Dintwa le Maemo a Fetofetohang a Lehodimo​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Kgaello ya Dijo e Bakwang ke Dintwa le Maemo a Fetofetohang a Lehodimo​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ntwa e Ukraine, le maemo a fetofetohang a lehodimo a baka kgaello e kgolo ya dijo lefatsheng lohle. Sena se bonahala haholo dinaheng tseo batho ba bangata ba sokolang ho fumana dijo tse lekaneng.

  •   Tlalehong e nngwe ya la 17 July 2023, mongodi kakaretso wa Matjhaba a Kopaneng eleng António Guterres o ile a re: “Ka lebaka la dintwa, ho fetofetoha ha boemo ba lehodimo, ho nyoloha ha theko ya motlakase le dintho tse ding, dijo di se di fumaneha ka thata.”

  •   “Russia e ikgutse tumellanong eo e neng e e entse ya ho dumella Ukraine ho isa dijothollo dinaheng tse ding. Ditsebi di hakanya hore taba ena e ka nna ya mpefatsa kgaello ya dijo hape dijo di ka nna tsa tura le ho feta dinaheng tse futsanehileng, haholoholo Afrika e Leboya le Botjhabela bo Hare.”

 Hlokomela hore Bibele e reng ka kgaello ya dijo le ka bokamoso.

Bibele e ile ya bolela esale pele ka kgaello ya dijo

  •   Jesu o ile a profeta a re: “Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane. Ho tla ba le tlala.”​—Matheu 24:7.

  •   Buka ya Bibele ya Tshenolo e hlalosa banna ba bane ba dipere ba tshwantshetso. E mong wa bapalami bana o emela ntwa. O latelwa ke e mong ya emelang tlala eleng nako eo dijo di tla rekiswa ka theko e phahameng haholo. “Ka bona pere e ntsho, ya e palameng o ne a tshwere sekala. Ka utlwa lentswe le hlaha, ‘Lithara ya koro e rekwa ka denari a le dilithara tse tharo tsa harese di rekwa ka denari.’ ”​—Tshenolo 6:​5, 6.

 Boprofeta bona ba Bibele bo buang ka kgaello ya dijo bo a phethahala kajeno nakong ena eo Bibele e reng ke ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ho Ithuta se eketsehileng ka ‘mehla ya bofelo’ le bapalami ba bane ba dipere ba hlahang ho Tshenolo shebella video e nang le sehlooho se reng Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatshe bo Ile ba Fetoha hape bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?

Bibele e ka re thusa jwang?

  •   Bibele e fana ka keletso e ka re thusang ho sebetsana le maemo a boima a kang theko e ntseng e phahama ya dijo le kgaello ya dijo. Hlokomela mehlala sehloohong se reng “O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?.”

  •   Bibele e boetse e fana ka tshepo ya hore dintho di tla loka. E re tshepisa hore “ho tla ba le dijo tse ngata lefatsheng” nakong e tlang mme batho bohle ba tla ba le dijo tse ngata. (Pesaleme ya 72:​16) Ho ithuta dintlha tse ding ka tshepo eo re nang le yona ka bokamoso le hore hobaneng o ka e tshepa bala sehlooho se reng “A Real Hope for a Better Tomorrow.”

a Ke tjhelete ya tshepe ya Roma e lekanang le mokgolo wa letsatsi