Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka ho Thunngwa ha Bana Dikolong?

Bibele e Reng ka ho Thunngwa ha Bana Dikolong?

 Ka la 24 May 2022 ho ile ha etsahala ntho e sehloho toropong e nyenyane ya Uvalde Texas, Amerika. Koranta ya The New York Times e re, “monna e mong o thuntse bana ba 19 le matitjhere a mabedi . . . Sekolong sa Mathomo se bitswang Robb.”

 Ketsahalo ena e etsahala hangata matsatsing ana. Koranta ya USA Today e bontshitse hore “batho ba 249 ba thuntswe dikolong selemong se fetileng ho feta selemo le ha e le sefe ho tloha ka 1970.”

 Ke hobaneng ha ho etsahala dintho tsena tse mpe? Ke eng e ka re thusang hore re mamelle dintho tsena tse sehloho? Na ho na le tshepo ya hore dintwa di tla ke di fele? Bibele e araba dipotso tsena.

Ke hobaneng ha dintwa di ntse di eketseha?

 Batho ba bangata ba a ipotsa hore na ke hobaneng ha Modimo a sa thibele dintho tse bohloko tse kang ho thunngwa ha bana dikolong. Bala sehlooho se reng “Batho ba Lokileng ba Etsahallwa ke Dintho Tse Bohloko​—Hobaneng?” e le hore o fumane karabo e tswang Bibeleng.

Ke eng e ka re thusang hore re mamelle dintho tsena tse sehloho?

  •    “Dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ile tsa ngollwa ho re laya, e le hore . . . ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.”​—Baroma 15:4.

 Bibele e ka o thusa hore o mamelle ha ho ntse ho eba le dintwa. Ho fumana dintlha tse ding, bala sehlooho se hlahang ho Tsoha! se reng “Na Diketso Tse Mabifi di Tla ke di Fele?

 Bala sehlooho se reng “Ditlaleho Tsa Ditaba Tse Nyarosang na di Ama Bana ba Hao” e le hore o fumane dintlha tse ka thusang batswadi bao bana ba bona ba tshoswang ke dintho tseo ba di bonang ditabeng.

Na dintwa di tla fela?

  •    “O tla lopolla meya ya bona kgatellong le pefong.”​—Pesaleme ya 72:14.

  •    “Ba tla lokela ho tea disabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be dikere tse faolang dimela. Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.​—Mikea 4:3.

 Modimo o tla etsa ntho eo batho ba ke keng ba kgona ho e etsa. Mmuso wa hae o tla fedisa dintwa le dibetsa tsohle. Bala sehlooho se reng “Tlasa Mmuso wa Modimo ‘Kgotso e Tla ba Ngata’” e le hore o ithute dintlha tse ding ka Mmuso wa Modimo.