Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sean Gladwell/Moment via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Mebuso e Sebedisitse Matsebetsebe a Ditjhelete Sesoleng—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Mebuso e Sebedisitse Matsebetsebe a Ditjhelete Sesoleng—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ka 2022, mebuso ya lefatshe e sebedisitse tjhelete e kaalo ka R39 324 700 000 000.00 sesoleng. Boholo ba yona e ne e sebediswa ka lebaka la ntwa ya Russia le Ukraine. Haesale ha ho eso sebediswe tjhelete e kaalo! Ka April 2023, Stockholm International Peace Research Institute (SIPRI) e ile ya ntsha tlaleho e latelang e buang ka selemo sa 2022

  •   Tjhelete e ileng ya sebediswa ke mebuso ya Europa sesoleng “e ile ya eketseha ka diphesente tse 13 selemong seo. Ho tloha ka 1991 mebuso ya Europa ha eso sebedise tjhelete e kaalo sesoleng.”

  •   “Russia…e ile ya eketsa tjhelete eo e ileng ya e sebedisa sesoleng ka diphesente tse ka bang 9.2 e leng se ileng sa etsa hore e be naha ya boraro lefatsheng e sebedisitseng tjhelete e ngata ka ho fetisisa.”

  •   Amerika e ntse e itlhomme pele dinaheng tse sebedisitseng tjhelete e ngata sesoleng, “e sebedisitse diphesente tse 39 tjheleteng e sebedisitsweng lefatsheng kaofela.”

 Dr. Nan Tian, e leng e mong wa bangodi ba tlaleho ya SIPRI o re: “Taba ya hore dilemong tsa morao tjena mebuso e ntse e eketsa tjhelete eo e e sebedisang sesoleng, e a bontsha hore mehleng ena re phela lefatsheng le sa sireletsehang.”

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore mebuso e matla ka ho fetisisa lefatsheng e ne e tla lwantshana. E ile ya boela ya bontsha hore na keng e tla etsa hore ho be le kgotso ya sebele lefatsheng.

Bibele e boletse esale pele ka dintwa pakeng tsa mebuso

  •   Bibele e bitsa nako eo re phelang ho yona ‘nako ya bofelo.’Daniele 8:19.

  •   Buka ya Daniele e ile ya bolela hore nakong eo, mebuso e matla ya lefatshe e ne e tla lwantshana. Mebuso ena e tla “sututsana,” e leng se bolelang hore e tla tsekisana matla. E ne e tla sebedisa “matlotlo” a mangata kapa tjhelete e ngata e le hore e lwane.—Daniele 11:​40, 42, 43.

 E le ho ithuta haholwanyane ka boprofeta bona ba Bibele bo thahasellisang, shebella video e nang le sehlooho se reng Boprofeta bo Phethahetseng—Daniele Kgaolo ya 11.

Ke eng e tla etsa hore ho be le kgotso lefatsheng?

  •   Bibele e re Modimo o tla fedisa mebuso ya batho. “O tla hloma mmuso o ke keng wa fediswa le ka mohla. Mmuso ona o ke ke wa fetisetswa ho batho ba bang. O tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.”​—Daniele 2:44.

  •   Haufinyane Jehova a Modimo o tla etsa ntho eo batho ba ke keng ba kgona ho e etsa e leng ho tlisa kgotso ya sebele e sa feleng. Jwang? Mmuso wa hae o lehodimong o tla senya dihlomo tsohle tsa ntwa le ho fedisa ntwa.—Pesaleme ya 46:​8, 9.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na Mmuso wa Modimo o tla etsang, bala sehlooho se reng “Tlasa Mmuso wa Modimo ‘Kgotso e Tla ba Ngata.’

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.