Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka ho Thunngwa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatsheng Lohle?

Bibele e Reng ka ho Thunngwa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatsheng Lohle?

 Ka July 2022, ho ile ha eba le diketsahalo tse tshosang tsa batho ba ileng ba thunngwa lefatsheng lohle:

  •   “Ho bolawa ha radipolotiki ya tsebahalang Japane [Shinzo Abe eo e neng e le Tonakgolo] ho ile ha tshosa batho ba naha eo ha mmoho le batho ba bang lefatsheng lohle. Lebaka ke hobane ha ho be le dintwa tse ngata Japane ebile e na le melao e thata ya ho sebedisa dithunya.”​—July 10, 2022, The Japan Times.

  •   “Batho ba Denmark ba ile ba tshoha ha monna e mong a bolaya batho ba bararo mmolong wa Copenhagen.”​—July 4, 2022, Reuters.

  •   “Afrika Borwa: Thaveneng e nngwe lekeisheneng la Soweto, banna ba bang ba ile ba thunya batho ba 15 yaba batho bao ba a hlokahala.”​—July 10, 2022, The Guardian.

  •   “Mafelobekeng a letsatsi la phomolo la di 4 tsa July, batho ba fetang 220 ba ile ba thunngwa mme ba hlokahala Amerika.”​—July 5, 2022, CBS News.

 Na ho na le tshepo ya hore dintwa di tla fela? Bibele e reng ka taba ee?

Dintwa di Tla Fela

 Bibele e re re phela “mehleng ya bofelo” e leng nako eo batho ba neng ba tla etsa dintho tse kgopo, tse tshosang le tse sehloho. (2 Timothea 3:1, 3) Dintho tseo di etsa hore batho ba dule ba tshohile. (Luka 21:11) Le ha ho le jwalo, Bibele e tshepisa hore dintwa di tla fela mme batho ba tla “dula sebakeng se nang le kgotso, dibakeng tse sireletsehileng le dibakeng tse nang le kgutso.” (Esaia 32:18) Dintwa di tla fela jwang?

 Modimo o tla fedisa batho ba kgopo le dibetsa tsohle.

  •   “Ha e le ba kgopo, ba tla fediswa lefatsheng.”​—Diproverbia 2:22.

  •   “[Modimo] o fedisa dintwa lefatsheng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O tjhesa dikariki tsa sesole ka mollo.”​—Pesaleme ya 46:9.

 Modimo o tla ruta batho hore ba phedisane ka kgotso e leng se tla etsa hore dintwa di fele.

  •   “Di ke ke tsa lematsa batho kapa tsa baka tshenyo thabeng yohle ya ka e halalelang hobane hohle lefatsheng batho ba tla tseba Jehova, jwalo ka ha metsi a kwahela lewatle.”​—Esaia 11:9.

  •   Le hona jwale Modimo o ntse a ruta batho lefatsheng lohle hore ba se ke ba lwana le ho sebedisa dibetsa le hore ba etse “disabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela.”​—Mikea 4:3.

 Bala sehlooho se reng, “Ho Lokoloha Tshabong​—Na ke Ntho e ka Etsahalang?” ho ithuta hore na Bibele e reng ka ho phela lefatsheng re sa tshabe letho.

 Bala sehlooho se reng, “Kgotso Lefatsheng Qetellong!” ho bona hore na dintwa di tla fediswa jwang ka ho feletseng.