Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TheCrimsonMonkey/E+ via Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

 Ka la 25 July 2023, Inger Andersen eo e leng motlatsi wa mongodikakaretso wa Matjhaba a kopaneng le motsamaisi ya ka sehloohong wa UN Environment Programme o ile a re: “Tikoloho e ntse e senyeha haholo mme ntho eo e baka mathata a mangata bakeng sa batho, metse le dintho tsohle tse phelang. Ka lebaka la maemo a lehodimo a ntseng a fetoha, difefo di ntse di eba matla mme di senya matlo ebile di etsa hore bophelo bo be thata lefatsheng ka bophara. Metsi a lewatle a ntse a futhumala haholo, ka lebaka leo dintho tse ngata tse phelang lewatleng di ka nna tsa shwa.”

 Na mebuso ya lefatshe e ka ikopanya e le hore e sebetsane le mathata a amang lefatshe kaofela? Na ba ka kgona ho fumana tharollo?

 Bibele e re ho na le mmuso o ka kgonang ho fedisa mathata a tikoloho lefatsheng ebile o tla a fedisa. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso,” Mmuso oo o tla busa lefatshe lohle o be o lokise mathata a lona. (Daniele 2:​44) Tlasa mmuso oo batho ba ke ke ba lematsa ba bang kapa ba baka tshenyo lefatsheng.​—Esaia 11:9.