Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISWANG KA TENG

Braille e Thusa Batho ba sa Boneng

Braille e Thusa Batho ba sa Boneng

LA 1 OCTOBER 2021

 Makasine ya Tora ya ho Lebela ya June 1, 1912 ya Senyesemane e ile ya re: “Mohlomong babadi ba rona ba bangata ba tseba motho ya sa boneng. Batho ba sa boneng ba ka fumana dingolwa mahala . . . . E le hore ba ka kgona ho di bala, dingolwa tsena di hatisitswe ka ditlhaku tseo ba ka kgonang ho di tshwara.” Makasine ena e ile ya boela ya re: “Batho ba bangata ba sa boneng ba thabela molaetsa wa hore nakong e tlang ho tla ba le ditlhohonolofatso tse ngata lefatsheng.”

 Ha mantswe ana a ne a ngolwa, dinaha tse fapaneng tse buang Senyesemane di ne di ngola braille ka ditsela tse sa tshwaneng. Le ha ho le jwalo Dipaki Tsa Jehova di ne di se di ruta batho molaetsa wa Bibele di sebedisa braille. Le hona jwale re ntse re etsa jwalo! Hona jwale re etsa dingolwa tsa braille ka dipuo tse fetang 50. Dingolwa tsee di etswa jwang?

Tlhaku ya braille e ka ngolwa ho sebediswa kgutlo e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng. Dikgutlo tsena di ngolwa ka hara foreimi e nang le mabokose a tsheletseng.

Ho Etswa ha Dingolwa Tsa Braille

 Ntho ya pele eo re e etsang ke ho fetola mongolo hore o be ka ditlhaku tsa braille. Morabo rona Michael Millen ya sebetsang lefapheng la Text Processing Services Patterson e New York o re: “Nakong e fetileng re ne re sebedisa software e entsweng ke batho ba bang e le hore re ka fetolela dingolwa ka braille. Le ha ho le jwalo, re ne re sa kgone ho e sebedisa bakeng sa dipuo tsohle tseo re neng re di hloka. Hona jwale re sebedisa Watchtower Translation System, e re nolofalletsang ho etsa dingolwa tsa braille ka dipuo tse ngata. Ha ke dumele ho na le software e nngwe e kgonang ho etsa sena.”

 Dingolwa tsa braille di fapane le dingolwa tse tlwaelehileng hobane tsona di na le ditlhaloso tsa ditshwantsho. Ka mohlala, tlhaloso ya setshwantsho se ka ntle kgatisong ya braille ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e re: “Monna o tsamaya tseleng e nang le dimela tse ntle, maralla le dithaba.” Morabo rona Jamshed ya sa boneng eo e leng mohlanka ya sebeletsang le pulamadiboho o re: “Ke ananela ditlhaloso tsena tsa ditshwantsho haholo.”

 Ha dingolwa di se di fetoletswe ka ditlhaku tsa braille, di romelwa lekaleng moo di hatiswang teng. Ho sebediswa pampiri e thata ho hatisa dingolwa tsena tsa braille e le hore sengolwa se se ke sa taboha kapa sa senyeha ha se ntse se sebediswa hangata. Ka mora moo maqephe a sengolwa a kopangwa e le hore e be buka. Dingolwa tsena tsa braille di romelwa le dingolwa tse ding tse tlwaelehileng tsa phutheho. Diposong tsa dibaka tse ding, dintho tsa batho ba sa boneng di kgona ho romelwa mahala. Re sebedisa mokgwa oo ha ho kgoneha. Ka dinako tse ding, lekala le ka hlophisa hore dingolwa di tsamaye ka pele e le hore bara le baradibabo rona ba sa boneng le ba sa boneng hantle ba ka fumana dingolwa tseo ba di hlokang bakeng sa diboka.

 Mosebetsi ona o hloka nako le tjhelete e ngata. Ka mohlala, moo dingolwa di hatisetswang teng Wallkill e New York, ho etsa Dibibele tse pedi tsa braille ho nka nako e tshwanang le ha ho hatiswa Dibibele tse 50 000 tsa mongolo o tlwaelehileng. Bibele ya braille ya Senyesemane e arotswe hore e be dibuka tse 25. Tjhelete e hlokwang bakeng sa ho e etsa, e imenne ka makgetlo a 123 ho e sebediswang bakeng sa ho etsa Bibele e tlwaelehileng. Ho etsa feela makoko a dibuka tsena tse 25 ho hloka tjhelete e ka bang R2 167.50.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ya Senyesemane ya braille, e arotswe ka dibuka tse 25.

 Batho ba thusang ka ho etsa dingolwa tsa braille ba ikutlwa jwang ka mosebetsi wa bona? Moradiwabo rona Nadia ya sebeletsang lekaleng la Afrika Borwa o re: “Bophelo ha bo bonolo ho barababo rona ba sa boneng hantle le ba sa boneng ho hang, ka hoo ke nka e le tlhohonolofatso ho etsa ho hong ho ba thusa. Ho hlakile hore Jehova o ba rata haholo.”

Bukana ya ho Ithuta ho Bala Braille

 Ho etsahalang ha motho ya sa boneng a sa tsebe ho bala braille? Dilemo tse mmalwa tse fetileng re ile ra lokolla bukana ya Learn to Read Braille, e leng bukana e nang le mongolo wa braille le o tlwaelehileng. E etseditswe hore motho ya bonang a e sebedise hammoho le motho ya sa boneng. Bukana ena ke karolo ya dithulusi tseo motho ya sa boneng a di sebedisang ha a ithuta ho ngola braille. Motho ya ithutang braille o sebedisa dithulusi tsena ho iketsetsa ditlhaku tsa braille. Ho etsa jwalo ho thusa motho enwa hore a kgone ho kgetholla ditlhaku tsena le ho di hopola.

“Ha ke Kgone ho Kgaotsa ho di Bala”

 Bara le baradibabo rona ba sa boneng le ba sa boneng hantle ba ruile molemo ofe dingolweng tsee? Morabo rona Ernst ya dulang Haiti o ne a dula a ya dibokeng empa a se na dingolwa tsa braille. Ka hoo ha a ne a fana ka puo kapa a batla ho arabela, o ne a tlameha ho tshwara dintlha tsa hae ka hlooho. O re: “Hona jwale ke kgona ho arabela neng kapa neng. Ruri ke ikutlwa ke momahane le bara le baradibabo rona hobane kaofela re fumana dikgothatso tse tshwanang tse tswang ho Jehova.”

 Morabo rona Jan ya dulang Austria eo e leng moholo ya sa boneng hantle ya qhobang Thuto ya Tora ya ho Lebela le Thuto ya Bibele ya Phutheho o re: “Dingolwa tsa rona tsa braille di hlakile haholo ho feta tse ding tseo nkileng ka di bala. Ka mohlala leqephe le leng le le leng le na le nomoro ya lona, ho bonolo ho fumana dintlha tse botlaaseng ba leqephe mme ho na le ditlhaloso tsa ditshwantsho tse hlakileng.”

 Moradiwabo rona Seon-ok ke pulamadiboho e dulang Korea Borwa, ha a bone ebile ha a utlwe. Nakong e fetileng ha a ne a le dibokeng o ne a hloka motho e mong ya tla mo hlalosetsa dintlha a sebedisa puo ya matsoho ya batho ba sa boneng le ba sa utlweng. Hona jwale o se a kgona ho ipalla a sebedisa braille. O re: “Ho thata ho bala dingolwa tse ding tsa braille hobane ditlhaku tse ding ha diyo, mongolo wa teng o sekame kapa pampiri e sebedisitsweng e tshesaane haholo. Dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova tsona di hatiseditswe pampiring e thata e hlakisang ditlhaku hantle mme ho bonolo ho di bala.” O tswela pele ho re: “Nakong e fetileng ke ne ke hloka motho e mong hore a nthuse ha ke bala dingolwa tsa Bibele empa hona jwale ke kgona ho ipalla. Ke thabiswa ke hore ke kgona ho lokisetsa diboka le ho nka karolo ho tsona ka batlalo. Ke bala dingolwa tsa rona tsa braille kaofela. Ha ke kgone ho kgaotsa ho di bala.”

 Dingolwa tsa rona tsa braille le dingolwa tse tlwaelehileng di na le mantswe a reng: ‘Sengolwa sena ha se rekiswe. Ho hatiswa ha sona ke karolo ya mosebetsi wa ho ruta Bibele o etswang lefatsheng lohle o tshehetswang ka menehelo ya boithatelo.’ Re a leboha ka menehelo ya lona e ntshwang ka ditsela tse fapaneng tse hlalositsweng ho donate.pr418.com. Ka lebaka la menehelo ya lona, dingolwa tsa Bibele di kgona ho fumaneha bakeng sa batho bohle ho akarelletsa le ba sa boneng le ba sa boneng hantle.