Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISWANG KA TENG

Lebokose le Lenyane le Thusang Batho Hore ba Dule ba na le Tumelo e Matla

Lebokose le Lenyane le Thusang Batho Hore ba Dule ba na le Tumelo e Matla

1 SEPTEMBER 2020

 Dipaki Tsa Jehova di fumana dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka mokgwa wa theknoloji ho feta le ha e le neng pele. Empa dibakeng tse ngata bara le baradibabo rona ha bana Inthanete. Ba bang ba dula dibakeng tseo hangata Inthanete e emisang ho sebetsa kapa tseo hangata Inthanete e sokodisang.

 Le ha ho le jwalo bara le baradibabo rona ba bangata hona jwale ba se ba kgona ho downloada dingolwa le divideo le ha ba ntse ba sena Inthanete. Seo se kgoneha jwang?

 JW Box ke se sebediswa se senyane se fuwang diphutheho tseo ho se nang Inthanete ho tsona. E na le router e rekilweng lefapheng la tsa kgwebo le software e entsweng ke Lefapha la di Khompiyutha le Bethele le dingolwa le divideo tse fumanehang ho jw.org. Lebokose le leng le le leng e ka ba R1 227.25.

 Ha bara le baradibabo rona ba le Holong ya Borapedi ya Dipaki Tsa Jehova ba hokahanya difounu tsa bona ho JW Box e be ba downloada dingolwa le divideo. Le batho ba nang le di founu tsa kgale kapa tse seng boleng bo hodimo ba ka kgona ho di hokahanya. Empa haeba phutheho e le moo ho se nang Inthanete JW Box e kgona jwang ho ba le divideo le dingolwa tsa moraorao? Nako le nako lekala le romela di USB mme e le nngwe e ka ba R65.45 mme di tla di na le divideo le dingolwa tsa moraorao tse hlahang ho jw.org tse ka kenngwang ho JW Box.

 JW Box e thusitse bara le baradibabo rona jwang? Nathan Adruandra, ntate ya dulang Democratic Republic of Congo o re: “Kgale ke leka ho downloada drama ya ‘Ke Tšepile Uena, Jehova’ le ya Hopola Mosadi wa Lota empa ha ke a ka ka kgona mme seo se ile sa nyahamisa. Hona jwale ke se ke kgona ho downloada divideo tsena founung ya ka ebile sena se re thusa haholo jwalo ka batswadi hore re kgone ho ruta bana ba rona hantle.”

 Morabo rona ya thusang diphutheho tsa Nigeria ho hokela JW Box o re: “Bara le baradibabo rona ba nka JW Box e le mpho e kgethehileng e tswang ho Jehova. Ba thabile hore hona jwale ho se ho le bonolo hore ba ka downloada divideo le dingolwa tse hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta.”

 Ho se ho rometswe di JW Box tse ka hodimo ho 1 700 dinaheng tse kang Africa, Oceania le South America mme ho ntse ho rerwa ho romelwa tse ding diphuthehong tse ding tse ngata. Tjhelete ya hore ho etswe sena e tswa hokae? E tswa ho menehelo e ntshuwang bakeng sa mosebetsi wa lefatshe lohle mme bongata ba yona ke e romelwang ho sebediswa websaete ya donate.pr418.com. Re a leboha ka menehelo ya lona.