Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISWANG KA TENG

Se Etsahalang ha ho Etswa Divideo—“Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae”

Se Etsahalang ha ho Etswa Divideo—“Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae”

LA 1 OCTOBER 2024

 E nngwe ya diketsahalo tseo Dipaki Tsa Jehova di labalabelang ho e bona selemong sena ke ho lokollwa ha Karolo ya 1 ya Tshwantshiso ya Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae. Ba dimilione ba se ba bone video ena mme ke karolo ya pele ho tse 18 tsa video ena. Ke dintho dife tse entsweng e le hore video ee e ka atleha mme wena o entseng e le hore o ka tshehetsa mosebetsi oo?

Ho Hlokomela Batho ba Etsang Divideo Tsena

 Lekaleng la Australasia, moo boholo ba divideo tsena tsa Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu di etsetswang teng, ho ba le batho ba ka bang 50 ho isa ho ba 80 letsatsi le letsatsi. a Batho bana ba fuwa dijo tsa motshehare, tsa mantsiboya le dijo tse bobebe. Bara ba bo rona ba nahana esale pele hore na ho tla jewa dijo dife. Moradi wa bo rona Esther ya sebetsang lefapheng la dijo o re: “Re reka dijo mabenkeleng a fapaneng e le hore re ka fumana dijo tsa boleng bo botle le ka tjhelete e tlase mme re leka ho fetofetola tsela eo re phehang ka yona e le hore batho ba se ke ba qhala dijo.” Letsatsi le letsatsi, re sebedisa Diranta tse 72 bakeng sa motho a le mong.

 Bara le baradi bana ba bo rona, ha ba hloke dijo feela empa ba boetse ba hloka ho sireletswa. Ba sireletswa ho eng? Ho na le matsatsi ao batho ba thabelang mahlasedi a letsatsi, empa ho boetse ho na le mahlasedi a letsatsi a kotsi ho bona. E le ho sireletsa bana ba bo rona mahlaseding a matla a letsatsi le hore ba se ke ba kgathala, bara le baradi ba bo rona ba sebetsang ka thata, ba hloma ditente le ho etsa dibaka tse phodileng. Ba boetse ba etsa hore dintho tse itlotsang le tse itshireletsang kgahlanong le letsatsi, dikgele le metsi di dule di le teng. Mora oa bo rona Kevin ya sebetsang Lefapheng la Modumo le Divideo o re: “Boholo ba bana ba bo rona ba re thusang ke ba etsang mosebetsi wa Bethele ka matsatsi. Ba etsa mosebetsi ona ba ikokobeditse ebile ba thabile. Re ne re ke ke ra kgona ho finyella projeke ena ntle le thuso ya bona.”

Difilimi Tse Etsetswang Hole le Ofisi ya Lekala

 Dikarolo tse ding ha di tswe hantle ha di nkelwa ofising ya lekala sebakeng seo ho rekotelwang ho sona kapa studiong. Ka hoo, difilimi di rekotelwa hole le studio. Bara le baradi ba bo rona ba etsang difilimi ba ya dibakeng tse ka thoko ha ho rekotwa filimi e hlahisang nakong ya ha Bibele e ne e ngolwa. Ba ya moo ho se nang motlakase, ditsela tsa sekontiri le matlo a moraorao. Ba tsamaya ba nkile diphahlo, mare a ikokotlelang le thepa eo ba tla e sebedisa sebakeng seo filimi e tlo etsetswa ho sona. Pele filimi e qala ho etswa, bahokahanyi ba thusang ka mosebetsi ona ba etsa bonnete ba hore dijenereithara, metsi a nowang le matlwana a teng. Bara le baradi ba bo rona ba amohela batho ba etsang divideo malapeng a bona, dikharaveneng kapa dihoteleng.

Ho rekotela difilimi dibakeng tse ka thoko ho na le mathata

 Ho etsa difilimi sebakeng se jwalo ho ka ba turu, ha nka nako e ngata ebile ho a kgathatsa. Ke ka hoo, ka 2023 Sehlopha se Busang se ileng sa fana ka tumello ya hore ho rekwe thepa e tlo hlahisa divideo leboteng. Lebota lena le ka etsa eka o sebakeng se seng empa o ntse o le ka hara studio. Thepa ena e ne e le Diranta tse dimilione tse 44.7. Thepa ena e hlahisa divideo tse hlakileng ka ho fetisisa mme e hlahisa le kganya e kang ya ka ntle. Sena se etsa hore ditjeo tsa divideo tse nkelwang sebakeng se ka ntle di be tlase. Darren, eo e leng setho sa Komiti ya Lekala la Australasia, o a hlalosa: “Ho etsa filimi e nang le lebota la video ho fokotsa mokgathala oo batho ba nkang divideo ba bang le ona mme ho ba fa monyetla wa hore ba ka pheta ditshwantsho tse sa nkwang hantle. Mohlala, haeba ho ne ho nkwa divideo tsena ka ntle, re ne re tla ba le nako e nyenyane feela ya ho nka divideo tsena pele letsatsi le dikela. Empa lebota lena la video le etsa hore re nke divideo tse hlahisang ha letsatsi le dikela ka makgetlo a mangata ho fihlela re fumana video eo re e hlokang.”

Ho hlahlojwa hore na lebota le hlahisang divideo le sebetsa hantle pele ho rekotwa

“Ke ne ke sa Utlwe eka ke Itetse”

 Batho ba etsang divideo tsena tsa Bophelo ba Jesu ba hlokwa ba le bangata. Ba ikutlwa jwang ka boiteko bohle bo etswang e le hore ba hlokomelwe?

 Amber ya ileng a tsamaya dikhilomithara tse fetang 700 ho tloha ha habo Melbourne ho kenya letsoho projekeng ena, o ile a re: “Hang ha ke fihla boemafofane, bara ba bo rona ba Bethele ba ile ba ntlhokomela haholo. Basebeletsi ba bangata ba Bethele ba ile ba mmemela teeng ba bang dijong. Ha re ntse re sebetsa, e mong le e mong o ile a etsa hore ke ikutlwe ke phutholohile ke bile ke ratwa. Ke ile ka fumana ditlhohonolofatso tse ngata leetong lena. Ho hang ke ne ke sa utlwe eka ke itetse!”

 Derek ya sebetsang le sehlopha se hlahisang divideo, o re: “Mafapha a mangata a nnile a re tshehetsa ho tloha qalong feela. Ke thabela ho ba le bara le baradi ba bo rona ba tetseng nako ya bona, matlotlo a bona le matla a bona bakeng sa morero ona. Ba a re tshehetsa, ba na le sepheo ebile ba mosa. Kannete Jehova o ba hlohonolofaditse hammoho le rona. Ke kgodisehile hore ha a ameha feela ka hore na mosebetsi wa rona o tla tswa o le jwang empa o amehile le ka moo re o finyellang kateng.”

 Re leboha haholo ka tshehetso eo le fanang ka yona ka menehelo ya lona bakeng sa divideo tsena ho akarelletsa le menehelo e fanweng ka donate.pr418.com.

a Ofisi ya lekala ya Australasia e hlokomela mosebetsi oo re o etsang dinaheng tse ngata ho akarelletsa le Australia hammoho le dibakeng tse Pacific e Borwa. Ofisi ya lekala e hauwe mathokong a Sydney Australia.