Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

App ya JW Library

App ya JW Library

LA 1 SEPTEMBER 2021

 Tlalehong ya Botshelela ya 2020 ya Sehlopha se Busang Morabo Rona Geoffrey Jackson o ile a re: ‘Re ne re sa nahana hore ka le leng re tla fumana dingolwa le divideo ka mokgwa wa elektronike feela.’ Na o dumellana le mantswe ao? O ile a boela a re: ‘Nakong ena ya sewa sa Coronavirus re a ipotsa hore na bophelo bo ka be bo le jwang ka ntle ho dithulusi tse kang JW Library. Jehova haesale a re lokiselletsa boemo bo kang bona dilemo tse fetileng.’

 Jehova o entse seo jwang? JW Library app e entswe jwang? Hona ho hlokahala eng e le hore e ka ntlafatswa le hore e ka dula e sebetsa hantle?

App e Ikgethang

 Ka May 2013, Sehlopha se Busang se ile sa kopa lefapha le ntlokgolo la MEPS Programming hore le etse app e nang le Bibele ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Senyesemane. Morabo rona Paul Willies ya sebetsang MEPS Programming o re: “Re ne re eso etse app le ha e le efe. Re ile ra etsa sehlopha mme ra ikopanya le mafapha a mang yaba re tlohela mesebetsi e meng eo re neng re ntse re e etsa e le hore re ka etsa app ena le dintho tse tla sebetsa ho yona. Re ne re rapela ka mehla mme ka thuso ya Jehova, app ena e ile ya lokollwa dikgwedi tse hlano ka mora moo sebokeng sa selemo le selemo.”

 Bothata bo bong e ne e le ho kenya dingolwa tse ding tsa Senyesemane le tsa dipuo tse ding ho app ena. Ka January 2015, dingolwa tsa rona tse ngata di ne di se di fumaneha ka Senyesemane mme dikgwedi tse tsheletseng hamorao di ile tsa fumaneha ka dipuo tse ding tse ngata.

 Ho tloha ka nako eo, barababo rona ba entse dintho tse mmalwa ho ntlafatsa app ena. Ho na le divideo mme dintho tsohle tseo re di hlokang bakeng sa diboka di nqa e le nngwe. Hape ho Study Bible, o ka tobetsa temana ya Bibele ho fumana dintlha tse hlahang ho Tataiso ya ho Etsa Lipatlisiso.

Ho Etsa Bonnete ba Hore App e Sebetsa Hantle

 Ka letsatsi batho ba dimilione tse 8 ba sebedisa JW Library mme ka kgwedi e sebediswa ke batho ba dimilione tse ka bang 15. Ho hlokahala eng e le hore app ena e sebetse hantle? Morabo rona Willies o re: “Ha ho mohla re ka reng app e qetile ho etswa. Re dula re ntlafatsa app ena e le hore batho ba ka kgona ho e sebedisa ha bonolo. Ka ha dioperating system tsa disebediswa tsa elektronike di dula di ntlafatswa, le rona re lokela ho ntlafatsa app ya rona e le hore e ka kgona ho sebetsa le ha dioperating system tsena di se di ntlafaditswe. Ha dingolwa le dintho tse rekotilweng di ntse di eketseha ho JW Library, re lokela ho ntlafatsa software ya rona.” Ka kakaretso ho na le dingolwa tse ka bang 200 000 le divideo le dintho tse mamelwang tse ka hodimo ho 600 000 ho JW Library.

 Ha se dikhompiyutha feela tse etsang hore app ena e kgone ho sebetsa hantle. Re boetse re lokela ho patala tjhelete e le hore re ka sebedisa diprogramme tse itseng tsa dikhompiyutha. Ka selemo, programme e le nngwe e patalwa R22 605. Ho ekelletsa moo, MEPS Programming e sebedisa hoo e ka bang R150 700 selemo se seng le se seng ho reka disebediswa tse hlokahalang e le hore app ena e ka sebetsa dikhompiyutheng, dithaboleteng le difounung tse ntjha.

Ho Downloada ho Boloka Tjhelete ya Monehelo

 Ka ha ho se ho sebediswa JW Library, tjhelete e sebediswang bakeng sa ho hatisa le ho tsamaisa dingolwa e fokotsehile haholo. Mohlala ke wa bukana ya Ho Hlahlobisisa Mangolo ka Mehla. Re hatisitse dibukana tse dimilione tse ka bang 12 tsa kgatiso ya 2013. Bakeng sa kgatiso ya 2020, re hatisitse dibukana tse dimilione tse ka bang 5 feela, le hoja palo ya bahweletsi e ne e eketsehile ka hoo e ka bang 700 000 lefatsheng lohle. Ke hobaneng ha ho bile le phetoho ee? Hobane bara le baradibabo rona ba bangata ba se ba sebedisa JW Library ho bala temana ya letsatsi. a

App ya Bohlokwa ka ho Fetisisa”

 JW Library e thusa ka ditsela tse ngata. Geneviève ya dulang Canada o re o se a ithuta Bibele ka mehla ka lebaka la app ena. O re: “Ho bua nnete feela, haeba ke ne ke tlameha ho ntsha dibuka tsohle tseo ke di hlokang bakeng sa ho ithuta, ha ke nahane hore ke ne ke tla bala hoseng ho hong le ho hong. Empa ka ha ke sebedisa app, ke nka thabolete ya ka ebe ke na le dintho tsohle tseo ke di hlokang hona moo. Ho ithuta Bibele ka mehla ho matlafaditse tumelo ya ka mme ho entse hore ke ikutlwe ke le haufi le Jehova.”

Geneviève

 App ena e thusitse haholo nakong ena ya sewa sa Coronavirus. Charlyn ya dulang United States yena o re: “Ka lebaka la Coronavirus, ho se ho fetile selemo jwale ke e so bone dingolwa tsa rona tse ntjha tse hatisitsweng. Le ha ho le jwalo, JW Library e tswela pele ho re thusa ho fumana dintho tseo re di hlokang hore re be le tumelo e matla mme ke leboha Jehova ka tokisetso ena.”

 Batho ba bangata ba ikutlwa jwalo ka Moradiwabo rona Faye ya dulang Philippines. O re: “Ke sebedisa app e le nngwe feela e le hore ke dule ke le haufi le Jehova. Ke ntho ya pele eo ke e sebedisang hoseng. Ke e sebedisa ha ke etsa mosebetsi wa ka tlung, ha ke le dibokeng le ha ke lokisetsa pele ke ruta motho Bibele. Ha ke na le nako, ke shebella divideo ho yona. Ke bala dihlooho kapa Bibele ho yona ha ho na le ntho eo ke e emetseng sebakeng se itseng. Ka nnete ena ke app ya bohlokwa.”

 App ena e boetse e re thusa haholo tshimong. Mohlala, moradiwabo rona wa Cameroon o ne a batla ho sebedisa lengolo le itseng tshimong leo a neng a bone moradi e mong wabo rona a le sebedisa dibeke pele ho moo. Le ha ho le jwalo, o ne a sa hopole hore na ke temana efe. O re: “Bonyane ke ne ke hopola karolo e itseng ya temana eo. Ke ile ka bula app, ka bula Bibele mme ka kenya mantswe ao ke neng ke a hopola. Ke ile ka fumana temana eo hanghang. Ha ke lebetse mangolo a itseng, ke a fumana ha bonolo ha ke sebedisa app.”

 Menehelo ya lona e ntshwang ka ditsela tse fapaneng jwalo ka ha ho hlalositswe ho donate.pr418.com, e re thusa ho etsa bonnete ba hore JW Library App e sebetsa hantle. Re boetse re kgona ho e ntlafatsa e le hore bara le baradibabo rona ba ka kgona ho e sebedisa. Re leboha haholo ka menehelo ya lona.

Se Finyelletsweng ho JW Library

  1. October 2013​—App e a lokollwa e na le Bibele ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Senyesemane

  2. January 2015​—Ho kenngwa dingolwa tse ding tsa Senyesemane mme ha morao di ba teng ka dipuo tse ding tse ngata

  3. November 2015​—Ho kenngwa mokgwa wa ho lokisetsa ho sebediswa mebala

  4. May 2016​—Ho kenngwa karolo ya diboka

  5. May 2017​—Ho kenngwa karolo ya ho ngola dintlha

  6. December 2017​—Ho kenngwa dikarolwana tsa dintho tse hlahang ho Study Bible

  7. March 2019​—Ho ba le mokgwa wa ho downloada dintho tse rekotilweng, ho shebella divideo le ho sebedisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

  8. January 2021​—Ho kenngwa dintho tse eketsehileng bakeng sa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!

a Ho downloada ho JW Library ho ja tjhelete e seng kae feela. Ka mohlala, selemong se fetileng, ho sebedisitswe hoo e ka bang R22 605 000 e le hore batho ba ka kgona ho shebella le ho downloada dintho ho jw.org le ho JW Library App. Ho ntse ho le jwalo, re sebedisitse tjhelete e nyenyane haholo ho etsa hore divideo le dingolwa e be tsa elektronike ho feta ha re ne re hatisa le ho tsamaisa dingolwa, diCD, le diDVD.