Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Batho ba sa Utlweng Ditsebeng ba Bohlokwa

Batho ba sa Utlweng Ditsebeng ba Bohlokwa

LA 1 JULY 2022

 Jehova o batla hore batho ba mefuta yohle ba ithute ka yena le ka Mmuso wa hae o lehodimong ho sa tsotellehe maemo a bona. (1 Timothea 2:3, 4) Ke ka hoo Dipaki Tsa Jehova di hlahisang di Bibele le dingolwa tse thusang batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang hore ba ithute Bibele ho akarelletsa le ba sa utlweng ditsebeng. Ha e le hantle, mokgatlo wa rona o hlahisa dingolwa tse ngata tsa puo ya matsoho e le divideo a mme di fumaneha ka dipuo tse fetang 100 tsa puo ya matsoho. Dingolwa tsee di etswa jwang, hona di fihla bathong jwang? Hape ke dintlafatso dife tse seng di entswe ho fihlela hona jwale?

Divideo Tsa Puo ya Matsoho di Etswa Jwang?

 Dingolwa tsa puo ya matsoho di etswa ke sehlopha sa bafetoledi lefatsheng lohle. Batho ba sehlopheng se seng le se seng ba hlahloba sengolwa ka hloko pele ba se fetolela. Jwale ebe ba a dumellana hore na ba tla fetisa molaetsa oo ka puo ya matsoho jwang. Ha ba qeta ho dumellana, ba hatisa video ya sengolwa. Hona jwale, ho na le dihlopha tse 60 tsa bafetoledi tse fetolelang dingolwa tse thusang batho ho ithuta Bibele ka puo ya matsoho ka mehla mme ho na le tse ding tse 40 tse sa fetolelweng ka mehla.

 Kgale ho ne ho le turu ho hatisa divideo ka puo ya matsoho. Dikhamera tse etsang divideo le thepa e nngwe e sebediswang di ne di le turu haholo ho feta hona jwale. Hape, divideo di ne di hatisetswa ka studiong mme re ne re tlameha ho ikahela sona kapa re lokise mehaho e seng e ntse e le teng. Ka kakaretso, re ne re ka hloka tjhelete e ka hodimo ho $30 000 b e le hore re reke thepa bakeng sa sehlopha se seng le se seng sa puo ya matsoho.

 Mokgatlo wa rona o sebeditse ka thata ho fumana mekgwa ya ho ntlafatsa le ho bebofatsa mosebetsi wa phetolelo e le hore menehelo e ka sebediswa hantle. Re se re sebedisa thepa ya sejwalejwale ho phetha mosebetsi empa e se e le ka ditjeho tse tlase. Ho ena le ho sebedisa studio, dihlopha tsa bafetoledi di se di beha lesela le letala ka morao e be di rekotela diofising. Ha ho hlokahala ditoloko tse ngata tsa puo ya matsoho, ha ho sa hlokahala hore batho ba tle studiong. Bara le baradi ba bo rona ba ka hatisa dikarolo tsa bona ka ofising kapa malapeng.

 Re boetse re entse lenaneo la khomphieutha le thusang ditoloko tsa puo ya matsoho ho etsa mosebetsi wa tsona. Dintlafatso tsena di fokoditse nako eo dihlopha tsa bafetoledi di e qetang ho hlahisa sengolwa sa puo ya matsoho ka halofo. Bara ba bo rona ba ananela dintlafatso tsena. Morabo rona Alexander o re: “Hona jwale divideo tsa puo ya matsoho di se di lokollwa kgafetsa ho feta pele. Seo se nthabisa haholo. Ke di shebella letsatsi le leng le le leng.”

 Hona jwale ho se ho hlokahala tjhelete e ka tlase ho $5 000 ho reka thepa e sebediswang ke bafetoledi. Seo se re nolofalletsa ho hlahisa divideo tsa puo ya matsoho ka dipuo tse ding tse eketsehileng.

Divideo Tsa Puo ya Matsoho di Fihla Bathong Jwang?

 Ha sehlopha sa bafetoledi se qeta ho hatisa video ya puo ya matsoho, divideo tseo di lokela ho iswa ho batho ba di hlokang. Nakong e fetileng re ne re hlahisa dikhasete tsa divideo le di DVD empa di ne di hloka tjhelete le nako e ngata. Hape di ne di le mosebetsi o mongata. Di ne di iswa khamphaning e ka ntle hore e hlahise tse ngata. Ka mora moo, dikhasete tsa divideo le di DVD di ne di romelwa diphuthehong. Ka 2013 feela, re ile ra sebedisa tjhelete e ka hodimo ho $2 000 000 ho hlahisa divideo tsa puo ya matsoho.

 Batho ba sa utlweng ditsebeng ba ne ba ananela dikgatiso tsena haholo. Le ha ho le jwalo, ho ne ho se bonolo ka dinako tsohle hore ba sebedise divideo hobane dikhasete kapa di DVD di ne di dula di eketseha. Ka dinako tse ding, ho ne ho hlokahala di DVD tse ngata ho hatisa buka e le nngwe ya Bibele. Morabo rona Gilnei wa Brazil o re: “Nako yohle ha re ne re batla ho bala lengolo le itseng, re ne re lokela ho fumana khasete ya video e nepahetseng e nang le lengolo leo ka ho toba. Ho ne ho le thata haholo ho e fumana.” Moradi wa bo rona Rafayane, ya neng a sebedisa di DVD tsa puo ya matsoho o re: “Ho ne ho le thata ho etsa thuto ya botho hobane re ne re qeta nako e ngata re shebana le mangolo le ditshupiso.” Hape ha bara le baradi ba bo rona ba ya tshimong, ba ne ba lokela ho nka di DVD kapa dikhasete tsa divideo e le hore ha ba fihla ha motho ya thahasellang ba ka bapala dikhasete tseo kapa di DVD thelevisheneng ya hae. Ka dinako tse ding bara ba bo rona ba bang ba ne ba lokela ho nka metjhine ya bona e bapalang di DVD. Ho eso ye kae, ho ne ho se ho ena le metjhine e bapalang di DVD eo bara ba bo rona ba neng ba se ba e sebedisa. Morabo rona Bobby ya dulang United States o re: “Haeba o ne o bapetse temana e itseng mme o batla ho bapala e nngwe o ne o lokela ho sebedisa DVD e fapaneng. Ho etsa jwalo ho ne ho re senyetsa nako, ho re qeta matla ho bile ho etsa hore ho be thata hore re sebedise Bibele ha re bua le batho.”

 Ka 2013, mokgatlo o ile wa lokolla app ya JW Library Sign Language, e dumellang bara kapa baradi ba bo rona ho daonlouda le ho bapala divideo tsa Puo ya Matsoho difonong kapa dithableteng tsa bona. Pele app ena e ne e hlahisa Puo ya Matsoho ya Amerika feela. Jwale ka 2017, e ile ya ntlafatswa hore e be le Dipuo tsa Matsoho kaofela. Bara le baradi ba bo rona lefatsheng lohle ba ne ba thabile haholo. Morabo rona Juscelino ya dulang Brazil o re: “Ke ne ke sa kgolwe. Ke ne ke dula ke nahana ka moo Sehlopha se Busang se bontshang ka teng hore se rata batho ba sa utlweng ditsebeng le hore se batla e be Bakreste ba hodileng tsebong jwalo ka batho ba sa sebediseng Puo ya Matsoho. Ke ne ke thabile haholo mme app ena e nthusitse hore ke batle ho bala Bibele le ho feta.”

Ho sebediswa app ya JW Library Sign Language

 Hona jwale divideo tsa puo ya matsoho di se di fumaneha websaeteng ya rona le ho app ya JW Library Sign Language. Sena se bolela hore dingolwa tsa puo ya matsoho di se di ka fetolelwa, tsa hatiswa tsa ba tsa fihla bathong ka nako e kgutshwanyane eseng e telele jwalo ka pele. Ha e le hantle dipuo tse ngata tsa matsoho di lokolla dingolwa ka nako e tshwanang le dingolwa tseo eseng tsa puo ya matsoho.

 Utlwa hore na bara le baradi ba bo rona ba sa utlweng ditsebeng ba reng. Moradi wa bo rona Klízia o re: “Ke mokgatlo ofe o tsotellang batho ba sa utlweng ditsebeng ho isa boholeng ba hore o ba fe dintho tse ba thusang hore tumelo ya bona e dule e le matla? Mokgatlo wa Jehova ha o na thaka.” Morabo rona Vladimir o re: “Divideo tsena di nthusitse ho bona hore Jehova o tsotella batho ba sa utlweng ditsebeng.”

 Hangata divideo tsa rona tsa puo ya matsoho di hlahisa mantswe ana: “Ho hatiswa ha yona ke karolo ya mosebetsi wa ho ruta Bibele o etswang lefatsheng lohle o tshehetswang ka menehelo ya boithatelo.” Re ananela menehelo ya lona haholo eo boholo ba yona e ntshwang ho sebediswa donate.pr418.com. Menehelo ena e re thusa ho hlahisa Dibibele le dingolwa tse thusang batho ho ithuta Bibele ho akareletsa le batho ba sebedisang puo ya matsoho.

a Dingolwa tsa puo ya matsoho di etswa divideo ho ena le hore di ngolwe hobane molaetsa ka puo ya matsoho o fetiswa ho sebediswa matsoho le hore na motho ya buwang o fetisa boikutlo bofe ka tsela eo a shebahalang ka yona.

b Sehloohong sena tjhelete e ngotswe ka didolara tsa Amerika.