Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Diofisi Tsa Phetolelo di Thusa Batho ba Bangata

Diofisi Tsa Phetolelo di Thusa Batho ba Bangata

1 MARCH 2021

 Bongata ba baithaopi ba fetolelang, ba sebetsa ba le diofising tsa phetolelo (RTO) eseng ba le diofising tsa makala. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho etsa jwalo? Ke dintho dife tseo bafetoledi ba di hlokang e le hore ba ka nolofallwa ho etsa mosebetsi wa bona? Dibaka tseo diofisi tsa phetolelo di leng ho tsona di thusa jwang hore phetolelo ebe e utlwahalang haholwanyane?

 Bafetoledi ba diofising tsa phetolelo ba dula moo ho buuwang puo eo ba e fetolelang. Karin, e leng mofetoledi wa puo ya Low German o re: “Esale ofisi ya phetolelo e tliswa mona Cuauhtémoc, Chihuahua, Mexico, re bua puo ya Low German nako ena kaofela. Re e bua ha re e na le bafetoledimmoho, re le tshimong kapa re le mabenkeleng. Re dula hara batho ba bangata ba buang puo ena. Re utlwa dipolelo tseo re qetetseng kgale ho di utlwa ebile re se re tseba hore na batho ba bua jwang.”

 James ya sebetsang ofising ya phetolelo ya Frafra, Ghana o re ka dinako tse ding o hopola batho ba bethele. Empa o re: “Ke rata ho sebeletsa mona RTO. Ke thabela ho bona batho ba mona ba ithuta Bibele ka puo eo ba e antseng letsweleng ebile ke thabiswa le ke ho bona ka moo ba ikutlwang ka teng ka molaetsa ona.”

 Barababo rona ba sheba eng ha ba etsa qeto ya hore na RTO e tla ba hokae? Joseph, ya sebetsang Lefapheng la Meralo le Kaho la Lefatshe Lohle le Warwick, New York o re: “Bothata bo bong ke hore dibaka tse ding ha di na metsi, motlakase kapa Inthanete e le hore bafetoledi ba kgone ho sebetsa. Ka hoo ha re etsa qeto ya hore na RTO e tla ba hokae, re sheba dibaka tse ngata moo puo eo e buuwang teng.”

 Hangata mokgwa o potlakileng le o bolokang tjhelete ke wa ho etsa diofisi tsa phetolelo Holong ya Kopano, Holong ya Mmuso kapa moo baromuwa ba dulang. Empa haeba dibaka tseo di le siyo, barababo rona ba ka kopa tumello ya ho reka moaho oo bafetoledi ba ka dulang ho wona le ho sebeletsa teng. Haeba ho ka ba le diphetoho tse ding, ho ba bonolo ho rekisa meaho eo ebe tjhelete eo e sebedisetswa dintho tse ding.

Ba Fuwa Dintho Tsa ho Sebetsa

 Selemong sa tshebeletso sa 2020, re sebedisitse tjhelete e ka hodimo ho diranta tse dimilione tse 119 bakeng sa diofisi tsa phetolelo. Bafetoledi ba sebeletsang diofising tsa phetolelo, ba hloka dikhompiyutha, di software, thepa e rekotang, Inthanete le dintho tse ding. Mohlala, khompiyutha e le nngwe feela le dintho tse hlokahalang e le hore e sebetse di ka rekwa ka tjhelete e kaalo ka R11 470. Dikhompiyutha di hloka hore di be le di software le Lenaneo la Phetolelo la Watchtower, e leng lona le thusang bafetoledi ho sebetsa, ho batlisisa le ho hlophisa mesebetsi ya bona.

 Bafetoledi ba boetse ba fuwe thepa eo ba tla e sebedisa ha ba rekota ka diofising. Thepa ena e ile ya re tswela molemo haholo ha sewa sena sa Corona se qala hobane bafetoledi ba bangata ba ile ba ya ka thepa eo moo ba dulang e le hore ba ka tswela pele ho rekota dingolwa le divideo.

 Hangata ho ba le baithaopi ba thusang bakeng sa ho hlahloba dingolwa tse fetoletsweng le ho hlokomela meaho ya diofisi tsa phetolelo. Cirstin, ya sebetsang ofising ya phetolelo ya Seafrikanse o re: “Bahweletsi le bopulamadiboho ba bangata ba na le monyetla wa ho sebedisa ditsebo tsa bona mona.”

 Baithaopi bao ba thabela ho sebeletsa moo. Moradi e mong wa bo rona o ile a re “ho a kgatholla ho sebeletsa moo.” Bara le baradibabo rona ba bang ba tla RTO e le hore ba tlo rekota. Juana eo e leng mofetoledi ya dulang Veracruz, Mexico o re: “Ka ha jwale re pela moo ho buuwang puo eo re e fetolelang, ho ba bonolo hore bara le baradibabo rona ba re thuse ka ho rekota dingolwa le divideo.”

 Empa na diofisi tsa phetolelo di thusitse hore ho etswe mosebetsi o tswileng matsoho wa phetolelo? Batho ba bangata ba balang dingolwa tsa rona ba dumellana le taba eo. Cédric ya sebeletsang ofising ya phetolelo e Democratic Republic of Congo o re: “Bara le baradibabo rona ba bangata ba ne ba re re fetolela ‘Sekongo sa Dipaki’ ka ha ha se tsela eo batho ba buang Sekongo ba tlwaetseng ho bua ka yona. Empa hona tjena ba re dingodilweng tsa rona di se di fetolelwa ka Sekongo se bonolo, seo batho ba se buang letsatsi le leng le le leng.”

 Andile, ya sebetsang ofising ya phetolelo ya Sexhosa o ile a utlwa ntho e tshwang ho batho ba Afrika Borwa. O re: “Batho ba bangata ba hlokometse hore phetolelo ya rona e fetohile haholo. Esita le bana ba neng ba bala Tora ya ho Lebela ka Senyesemane, hona jwale ba se ba e bala ka Sexhosa. Ba rata tsela e hlakileng eo Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafaditsweng e utlwahalang ka teng.”

 Ditshenyehelo tsohle tse bang teng ha ho etswa RTO, ha e hlokomelwa le ha ho hlokomelwa baithaopi di lefellwa ka menehelo ya boithatelo ya mosebetsi wa lefatshe lohle, ho akarelletsa le e etswang ho donate.pr418.com.