Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Diphallelo Nakong ya Sewa sa Lefatshe Lohle

Diphallelo Nakong ya Sewa sa Lefatshe Lohle

LA 1 JULY 2021

 Ka March 2020, ha Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo o tsebisa hore lefu la COVID-19 ke sewa, ho ne ho se na motho ya lebelletseng hore selemo ka mora tsebiso eo lefu lena le tla be le ntse le le teng le ama batho lefatsheng lohle. Lefu lena la sewa le ile la ama batho ba dimillione mmeleng, maikutlong le tabeng ya ditjhelete ho akarelletsa le Dipaki Tsa Jehova. Ke eng seo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa se etsa e le ho hlophisa le ho fana ka diphallelo nakong ena e thata?

Ho Fana ka Diphallelo ho ba di Hlokang

 Komiti ya Bohokahanyi ya Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova, e ile ya re ho etswe Dikomiti Tsa Diphallelo tse fetang 950 lefatsheng lohle e le hore di ka sebetsana le lefu lena la COVID-19. Dikomiti tsena di ile tsa hlophisa hore Dipaki tse ding di fumane thuso moo di dulang teng, ha tse ding di fumana thuso ho tswa ho mmuso. Dikomiti tsena tsa diphallelo di boetse di hlophisitse hore di kgone ho thusa batho ba bangata.

 Ka mohlala, bona ka moo di ileng tsa thusa ka teng Paraguay. Koranta e nngwe e ile ya ngola hore ka lebaka la sewa, moruo o ile wa putlama hoo “batho ba bangata ba Paraguay ba bolawang ke tlala ba le ka tlung.” Le ha ho le jwalo, Komiti ya Diphallelo e Paraguay e ne e se e qadile ka ho fana ka dijo, dintho tse hlwekisang le dintho tsa ho hlapa tse ka lekanang lelapa la batho ba bane ka dibeke tse pedi. Lelapa ka leng le ile la fumana dintho tse etsang tjhelete e kaalo ka R406.50.

 Batho bana ba sebetsang ka ho fana ka diphallelo ba itshireletsa jwang hore ba se ke ba tshwaetswa ke lefu lena la COVID-19? Ba rwala dimaske mme ba dula ba siile sebaka se lekaneng pakeng tsa bona le batho ba bang. Ba boetse ba etsa bonnete ba hore dibaka tseo ba fumanang dijo ho tsona di hlwekiswa hantle le hore di latela mehato ya tshireletso. Taba ena e akarelletsa ho etsa bonnete ba hore bohle ba sebetsang ka diphallelo ba apere diaparo tsa tshireletso, ba hlwekise dikoloi tsa bona le hore ba beha diphallelo moo ho hlwekisitsweng teng. Qetellong ha diphallelo tsena di tsamaiswa, barababo rona ba etsa bonnete ba hore ba siya sebaka se lekaneng dipakeng tsa bona le barababo rona ba fumanang diphallelo tsena.

Ho Sebedisa Monehelo ka Bohlale

 Ho tloha ka January 2021, Komiti ya Bohokahanyi e dumetse hore ho sebediswe tjhelete e ka hodimo ho R338 750 000 bakeng sa diphallelo tse mabapi le COVID-19. Makala le Dikomiti Tsa Diphallelo di sebedisa menehelo ena hantle hape di sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore di buisana le batho ba rekisang e le hore ba fumane dintho tseo ba di hlokang ka theko e tlaase. Ka mohlala, barababo rona ba sebetsang ka diphallelo Chile, ba ne ba batla ho reka lensisi ya boima ba dikhilograma tse 750. Bothata e ne e le hore theko ya lensisi e ne e imenne habedi kgweding e le nngwe feela! Ka mora dihora tse pedi barababo rona ba qeta ho dumela ho reka lensisi ka theko eo e hodimo, motho eo ba neng ba reka ho yena o ile a ba letsetsa ho ba tsebisa hore motho e mong o ne a qeta ho kgutlisa lensisi eo a neng a e rekile. Ka hoo barababo rona ba ile ba kgona ho reka lensisi ena e kgutlisitsweng ka theko e tlaase ya kgwedi e fetileng.

 Ha barababo rona ba ilo lata lensisi, motho ya rekisang o ile a hana ho ba fa yona hobane o ile a qosa barababo rona ka hore ba fana ka dijo ka tsela e leeme jwalo ka mekgatlo e meng. Ka mora hore e mong wa barababo rona a iketsetse thapelo e kgutshwanyane, o ile a hlalosetsa motho ya rekisang hore phutheho e nngwe le e nngwe e ne e se e shebile hore na ke bomang ba hlokang dijo haholo. Barababo rona ba ile ba mo hlalosetsa hore ka ha batho ba tlo fumana dintho tsena ke ba ditso tse sa tshwaneng, diphallelo tseo ba neng ba tla di fumana di ne di sa tlo tshwana. Ho e na le hoo lelapa le leng le le leng le ne le tla fumana ho ya ka ditlhoko tsa lona. Qetellong, ba ile ba kgodisa motho ya rekisang hore batho ba ntshang menehelo ya tjhelete le ba etsang boiteko ba ho thusa Dipaki Tsa Jehova, ba etsa jwalo hobane ba ithaopa. Morekisi o ile a tsota seo haholo hoo a ileng a dumela ho rekisetsa barababo rona ka theko eo e tlaase. O ile a boela a fana ka lensisi ya boima ba dikhilograma tse 400 lekgetlong le latelang ha barababo rona ba tlo reka ho yena.

“Bopaki ba Lerato la Nnete”

 Lusu ke mohlolohadi ya hodileng ya dulang Liberia le ditho tsa lelapa la hae tse hlano. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba ja dijo tsa hoseng mme ba bala temana ya letsatsi ha mmoho, setloholo sa Lusu se dilemo di supileng se ile sa hlokomela hore ha ba sa na dijo ka tlung. Se ile a botsa a re: “Re tlo ja eng?” Lusu o ile a se kgodisa hore o ne a se a kopile Jehova thuso mme o ne a tseba hore Jehova o tla feela a etse jwalo. Letsatsing lona leo, baholo ba phutheho ba ile ba letsetsa Lusu hore a tle a tlo nka dijo. Ha a bua ka se ileng sa etsahala Lusu o re: “Setloholo sa ka se ile sa re se a tseba hore Jehova o utlwa dithapelo hobane o ile a arabela ya ka.”

Bana ba dulang Democratic Republic of Congo ba ile ba taka ditshwantsho ho leboha barababo rona ka dijo tsa diphallelo tseo ba di fumaneng

 Mme e mong ya dulang Democratic Republic of Congo, ke moahisane wa Dipaki Tsa Jehova. Ka mora hore a bone ha lelapa leo le fumana dijo ho bara le baradibabo rona, o ile a re: “Ha sewa sena se fela re tlo ba Dipaki Tsa Jehova hobane di ile tsa bontsha hore di tsotella Bakrestemmoho le tsona nakong ena e thata.” Molekane wa hae o ile a re: “O tlo ba Paki ya Jehova ka lebaka la mokotla wa raese feela?” O ile a mo araba a re: “Tjhe ha se taba ya mokotla wa raese feela empa ketso eo e bontsha hore di na le lerato la nnete.”

 Menehelo ya lona eo le e ntshitseng ka ho rata, e entse hore Dipaki Tsa Jehova di kgone ho thusa bara le baradibabo rona ka potlako nakong ena ya sewa. Re a leboha ka menehelo eo le e ntshitseng ka mekgwa e fapaneng e hlalositsweng ho donate.pr418.com.