Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Fetolelwa ha Dipuo Tsa Kopano ya Setereke ya 2020 ya Dulang le Thabile!

Ho Fetolelwa ha Dipuo Tsa Kopano ya Setereke ya 2020 ya Dulang le Thabile!

10 JULY 2020

 Ka July le August 2020, ka lekgetlo la pele bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba tla shebella lenaneo le tshwanang la kopano ka nako e tshwanang. E le hore sena se kgonahale, ho ne ho hlokahala hore ho fetolelwe dipuo tsa kopano tse rekotilweng ka dipuo tse fetang 500. Ka tlwaelo, mosebetsi o na o nka selemo kapa ho feta hore o hlophiswe, ho fetolelwe dipuo mme ho rekotwe divideo. Empa ka lebaka la sewa sa kokwanahloko ya corona, bafetoledi ba ile ba tlameha ho qeta mosebetsi ona ka dikgwedi tse nne.

 Lefapha la Ditshebeletso Tsa Phetolelo le Lefapha le Rekang Thepa a Ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova, a ile a thusa mosebetsing ona o moholo. Lefapha la Ditshebeletso Tsa Phetolelo le ile la hlokomela hore diofisi tse ngata tsa phetolelo di hloka disebediswa tse eketsehileng jwalo ka di microphone tsa boleng bo phahameng e le hore di phethe mosebetsi ona. Lefapha le Rekang Thepa le ile la lokisetsa hore ho rekwe di microphone tse 1 000 mme la di isa dibakeng tse ka bang 200.

 E le hore ho sebediswe tjhelete hantle, Lefapha le Rekang Thepa le ile la reka di microphone tse ngata mme la etsa hore di fihlele sebakeng se le seng yaba ho tloha moo ba di isa ho bafetoledi lefatsheng lohle. Microphone o le mong o ne o etsa di dolara tse 170 ho akarelletsa le hore ba o romele. Ka hoo re bolokile tjhelete ka hore re di reke di le ngata.

 Lefapha le Rekang Thepa le ile la tlameha ho reka di microphone tsena le ho hlophisa hore di romelwe ka April le May 2020, e leng nako eo ka yona dikgwebo tse ngata di neng di sa sebetse ka lebaka le sewa sena. Le ha ho le jwalo, qetellong ya kgwedi ya May, bongata ba diofisi tsa phetolelo, diofisi tsa makala le dibakeng tse ding tseo ho etsetswang mosebetsi wa phetolelo ho tsona di ile tsa fumana dintho tseo di neng di di hloka.

 Jay Swinney ya ikarabellang Lefapheng le Rekang Thepa o re: “Ho ne ho na le tshebedisano e ntle pakeng tsa mafapha a Bethele le dikgwebo tse neng di re thusa ho fihlela mosebetsi ona o fela. Ke ka thuso ya Jehova re kgonneng ho etsa mosebetsi ona ka potlako le ho sebedisa menehelo hantle e le hore re thuse bara le baradibabo rona.”

 Nicholas Ahladis, ya sebetsang le Lefapha la Ditshebeletso Tsa Phetolelo o re: “Bafetoledi ba neng ba le tlasa lockdown ba ile ba thaba haholo ha ba fumana thepa ena. Ho sa tsotellehe ho arohana ha bona le basebetsi mmoho, ba ile ba kgona ho sebetsa hantle ebile ba sebetsa ha mmoho ho fetolela le ho rekota dipuo, drama le dipina ka dipuo tse fetang 500.”

 Mosebetsi ona ke o mong wa e mengata e ileng ya qetwa hore ho be le Kopano ya Setereke ya 2020 ya Dulang le Thabile! molemong wa bara le baradibabo rona lefatsheng kaofela. Menehelo ya lona eo le faneng ka yona le sebedisa donate.pr418.com le mekgwa e meng e ile ya thusa hore re kgone ho reka dintho tse neng di hlokahala.