Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Hlahisa Buka ya Bohlokwa ka ho Fetisisa

Ho Hlahisa Buka ya Bohlokwa ka ho Fetisisa

1 JANUARY 2021

 “Esale ke eme dilemo tse 19 kaofela!” Morabo rona eo o ne a emetseng? O ne a emetse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka puo ya ha habo ya Sebengali. Batho ba bangata ba ikutlwa ka tsela e tshwanang ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e lokollwa ka puo ya bona. Le ha ho le jwalo, na o se o kile wa ipotsa hore na ho etswang e le hore Bibele e tle e fetolelwe?

 Ntho ya pele, Komiti ya Bongodi ya Sehlopha se Busang e fana ka tataiso ya hore na bafetoledi ba kgethwe jwang. Ho nka nako e kae hore ho fetolelwe Bibele? Morabo rona Nicholas Ahladis, ya sebetsang Lefapheng la Ditshebeletso Tsa Phetolelo le Warwick, New York o re: “Ho na le dintho tse ngata tse amehang tse kang hore na ho na le bafetoledi ba bakae bakeng sa ho fetolela Bibele, hore na puo eo ba e fetolelang e rarahane hakae, hore na batho ba buang puo eo ba utlwisisa bophelo ba mehleng ya Bibele hakae le hore na puo eo e fapane hakae dibakeng tseo e buuwang ho tsona. Ka karolelano ho ka nka bafetoledi selemo ho isa ho dilemo tse tharo ho fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste feela ebe ho nka dilemo tse nne kapa ho feta ho fetolela Bibele kaofela. Athe ha ho fetolelwa Bibele ka puo ya matsoho teng ho nka nako e telele le ho feta.”

 Ho fetolela Bibele ha se feela mosebetsi o etswang ke bafetoledi. Sehlopha sa babadi ba sa tshwaneng bao ka dinako tse ding ba hlahang dinaheng tse fapaneng ba ithaopela ho bala le ho hlahloba phetolelo. Dintho tseo ba di fumaneng ha ba bala di thusa bafetoledi hore phetolelo ya Bibele e be e nepahetseng, e hlakileng le e utlwahalang. Ka mora hore tsena kaofela di etswe, morabo rona e mong ya hlahang Afrika Borwa ya kwetlisang bafetoledi ba Bibele o re: “Bafetoledi ba utlwa boima ba boikarabelo boo ba nang le bona ho Jehova le babadi ba Lentswe la hae.”

 Ka mora hore phetolelo e fele, Bibele e lokela ho hatiswa le ho kopanngwa. Bahatisi ba hloka dintho tse mmalwa bakeng sa ho hatisa. Ba hloka pampiri, enke, makoko a Bibele, sekgomaretsi le dintho tse ding e le hore Bibele e kopanngwe. Ka 2019, ho sebedisitswe tjhelete e ka hodimo ho diranta tse dimilione tse 306 bakeng sa ho reka dintho tseo tse hlokehang. Batho ba sebetsang kgatisong ba qetile dihora tse ka hodimo ho 300 000 selemong seo e le hore ba ka hatisa le ho romela Dibibele.

“Bibele ke buka ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re e hatisang”

 Ke hobaneng ha ho sebediswa tjhelete e ngata hakaale le nako bakeng ho hatisa Bibele? Morabo rona Joel Blue wa Lefapha la Kgatiso la Matjhaba o re: “Bibele ke buka ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re e hatisang. Ka hoo re batla hore le tjhebahalo ya yona feela e halaletse Modimo eo re mo rapelang le molaetsa oo re o rutang.”

 Ntle le ho hlahisa Bibele e tlwaelehileng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha, re boetse re hlahisa le ya batho ba nang le bokowa bo itseng. Mohlala, Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ya braille e fumaneha ka dipuo tse 10. Ho ka nkwa dihora tse robedi ho etsa Bibele e le nngwe e felletseng ya braille. Dikarolo tsa Bibele eo ya braille di ngata ka hoo ha o di beha shelefong, bonyane o hloka e dimithara tse 2.3. Re boetse re hlahisa Bibele e kgethehileng bakeng sa batshwaruwa hobane ba dumellwa ho sebedisa dibuka tse nang le makoko a pampiri.

 Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thusitse batho ba bangata haholo. Hlokomela hore na e thusitse phutheho ya Sekiluba e motseng wa Tombe o Democratic Republic of the Congo jwang. Tombe e bohole ba dikhilomithara tse 1 700 ho tloha motsemoholo wa Congo. Dipaki Tsa Jehova tsa moo di ne di na le Bibele e le nngwe ebile e sebedisitse puo ya mehleng ya kgale ya Sekiluba. Barababo rona ba ne kadimisana ka yona e le hore ba ka lokisetsa diboka. Empa esale ho tloha ka August 2018, motho e mong le e mong phuthehong o ile a ba le Bibele ya hae ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ya Sekiluba e sebedisitseng puo e bonolo le e hlakileng.

 Moradiwabo rona ya buang Sejeremane eo ho nang le Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafaditsweng ka puo ya habo o re: “Hona tjena ha ke sa bala Bibele hobane feela ke utlwa ke tlamehile empa ke se ke e bala hobane e nnatefela.” Motshwaruwa e mong yena o ile a ngola re: “Ke ile ka fuwa Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha mme e fetola bophelo baka. Esale ke e bala, ke qala ho utlwisisa Lentswe la Modimo hakaana. Ke rata ho tseba haholwanyane ka Dipaki Tsa Jehova. Ke rata le ho tseba hore na nka etsang hore ke be Paki.”

 Batho bohle ba balang Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba ananela haholo menehelo e fanwang bakeng sa ho e hlahisa. Menehelo eo e ntshwa ho sebediswa donate.pr418.com. Re leboha haholo ka menehelo ya lona.