Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Baithaopi ba komiti ya diphallelo ba thusa ho lokisa ntlo ya banyalani ba bang ka mora hore ho be le mollo o bakileng tshenyo e kgolo naheng ya Chile. Ka ho le letona: Baradi ba bo rona ba babedi ba Nigeria ba fuwa dintho tseo ba di hlokang ka mora hore sebakeng sa bona ho be le dikgohola tse behileng bophelo ba batho ba bangata kotsing

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa ka 2023​—⁠“Re a Bona Hore Jehova o a re Rata”

Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa ka 2023​—⁠“Re a Bona Hore Jehova o a re Rata”

LA 26 JANUARY 2024

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore “ditjhaba di tla lwantshana” le hore ha ‘lefatshe lee le fela,’ re tla bona ka dikoduwa. (Matheu 24:​3, 7) Re ile ra bona ha boprofeta bona bo phethala selemong sa tshebeletso sa 2023. a Le hoja dintwa di ntse di kupa le dikoduwa di ba teng dibakeng tse ka bang 100, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa bontsha lerato leo Jehova a nang le lona jwang?

 Ka selemo sa tshebeletso sa 2023, bana ba bo rona ba ile ba angwa ke dikoduwa tse fetang 200 ebang ke tsa tlhaho kapa tse bakuweng ke batho. Ka kakaretso, mokgatlo wa Dipaki Tsa Jehova o ile wa fana ka monehelo wa diphallelo o ka hodimo ho didolara tsa Amerika tse dimilione tse leshome ho tswa monehelong wa lefatshe lohle. Menehelo eo e tlatselletsa eo bara le baradi ba bo rona ba e ntshitseng ho thusetsa dikoduweng tse hlahileng sebakeng seo ba dulang ho sona. Bara le baradi ba bo rona ba angwa ke dikoduwa tse ngata, ha re bone hore na monehelo wa hao o sebedisitswe jwang ho ba thusa dikoduweng tse pedi tse ileng tsa ba hlahela.

“Lerato la Nnete le Ntse le le Teng”

 Ka dinako tse itseng tsa selemo, dikarolo tse itseng tsa Nigeria di ba le dikgohola tse ngata. Le ha ho le jwalo, ka October 2022 ho ile ha eba le dikgohola tse mpe ka ho fetisisa tse neng di eso ka di eba teng ka dilemo tse leshome kaofela naheng ena. Dihekthere tse fetang 676 000 tsa masimo e leng sebaka se lekanang le mabala a bolo a fetang 946 000 a ile a senyeha le batho ba fetang dimilione tse pedi ba ile ba tloha mahaeng a bona. Ofise ya lekala ya Nigeria e ile ya potlakela ho hlophisa Dikomiti Tsa Diphallelo ho thusa bara le baradi ba bo rona ka dintho tseo ba di hlokang le ho ba thusa hore tumelo ya bona e dule e le matla.

Bara ba bo rona ba Nigeria ba ile ba tsamaya ditseleng tse neng di tletse metsi a mangata mme ba tshela dinoka tse jeleng ditlhokwa ha ba isa diphallelo

Bara le Baradi ba bo Rona ba Ile ba Ameha Jwang?

  •   Bahweletsi ba 7 505 ba ile ba tloha mahaeng a bona

  •   Matlo a 860 a ile a senyeha

  •   Holo ya Kopano le Diholo Tsa Mmuso tse 90 di ne di tletse metsi

Menehelo e Ile ya Sebediswa Jwang?

 Didolara tsa Amerika tse ka hodimo ho 250 000 di ile tsa sebediswa bakeng sa:

  •   Dijo tse kang rice, dinawa le di noodles

  •   Dintho tse sebediswang ka tlung tse kang materase le dinete tsa monwang

  •   Ho lokisa matlo a senyehileng le ho haha a mang

 Bara ba bo rona ba ile ba etsang ho netefatsa hore menehelo e sebediswa hantle? Tsela e nngwe e ne e le hore ba hlahlobisise mohaho o mong le o mong hore na o ka kgona ho lokiswa. Haeba mohaho o ne o hloka ho qalwa fatshe, ho ne ho hahwa mohaho o tlwaelehileng sebakeng seo.

 Bara le baradi ba bo rona ba thusitsweng ba ananela e le kannete. Moradi e mong wa bo rona o ile a re: “Dikgohola di lobokantse maphelo a rona hobane masimo a rona a senyehile hape re lahlehetswe le ke mahae a rona. Re ile ra imoloha ha bara le baradi ba bo rona ba fihla ka lona letsatsi leo mme ba re thusa ba bile ba re fa le sebaka se bolokehileng seo re ka robalang ho sona. Re ile ra imoloha le ho feta ha re fuwa dijo tse tswang ofiseng ya lekala. Re ne re hlolletswe ha re bona ka moo lengolo la Johanne 13:​34, 35 le ileng la phethahala ka teng bophelong ba rona. . . . Lerato la nnete le ntse le le teng. Nna le ba lelapa la ka re leboha ho tswa botebong ba dipelo tsa rona, re leboha haholo ka thuso eo bara le baradi ba bo rona ba re fileng yona ka nako eo re neng re e hloka.”

 Ba bang motseng ba ile ba bona mosebetsi oo re o etsang wa diphallelo. Morena wa motseng wa Sabagreia, Bayelsa o ile a re: “Lefatsheng ho na le mekgatlo le dikereke tse ngata empa ke Dipaki Tsa Jehova feela tse entseng ntho e tjena. . . . Mokgatlo wa [lona] ke o ikgethang ka ho fetisisa lefatsheng lohle.”

“Re a Bona Hore Jehova o a re Rata”

 Ka February 2023, ho ile ha ba le mollo o ileng wa baka tshenyo e kgolo ka makgetlo a ka hodimo ho 400 naheng ya Chile. Ho ile ha senyeha dintho tsa bohlokwa tse sebediswang bakeng sa ho fana ka ditshebeletso le ho ntlafatsa moruo naheng ya Chile ha boela ha senyeha sebaka se boholo ba dihekthere tse ka hodimo ho 430 000 e leng sebaka se ka lekanang mabala a bolo a fetang 602 000. Hoo e ka bang batho ba 8 000 ba ile ba tloha mahaeng a bona. Hanghang kamora hore ho be le koduwa, ofise ya lekala e ile ya hlophisa hore ho be le diphallelo.

Naheng ya Chile, ba hahetse lelapa le leng ntlo ka ha ya bona e ne e senyehile hoo e neng e sa kgone ho lokiswa

Bara le Baradi ba bo Rona ba Ile ba Ameha Jwang?

  •   Bahweletsi ba 222 ba ile ba tloha mahaeng a bona

  •   Matlo a 20 a ile a senyeha

Menehelo e Ile ya Sebediswa Jwang?

 Didolara tsa Amerika tse ka hodimo ho 200 000 di ile tsa sebediswa bakeng sa:

  •   Dijo le metsi

  •   Oli, dintho tse hlwekisang le meriana

  •   Ho lokisa matlo a senyehileng le ho haha a mang

 Lelapa le leng le ne le tshohile haholo ha le bona dintho tsohle tseo le nang le tsona di senyehile tse akarelletsang ntlo le kgwebo. Lelapa lena le ne le se le sena mokgwa wa ho etsa tjhelete. Matsatsi a mmalwa a qalang ba ne ba utlwile bohloko haholo ha ba bona ho se ho sena letho moo ntlo ya bona e neng e le teng pele. Ha ba ntlo ya bona e hahwa, hanyane hanyane ba ile ba kgona ho kgoba matshwafo. Ha ba bona lerato la baithaopi ba ile ba ho tshediseha. Lelapa lena le ile la ameha haholo hoo le ileng la kenya letsoho ho thusa baithaopi ha ho hahwa ntlo ya morabo rona e mong.

 Bara le baradi ba bo rona ba bangata ba ne ba hloletswe ke ka moo mosebetsi ona wa diphallelo o tsamaileng ka teng. Morabo rona e mong o ile a re: “Tokisetso eo Jehova a e entseng ya Komiti ya Diphallelo ya ikgetha. Letsatsi kamora koduwa baithaopi ba ne ba se ba le moo koduwa ena e etsahetseng ba re fa dintho tseo re di hlokang. Ho a kgothatsa ho bala ka mosebetsi wa diphallelo o etswang dikarolong tse ding tsa lefatshe empa ha ho se ho phallelwa wena o ameha le ho feta. O ananela mokgatlo wa Jehova le ho feta ha o bona ka moo bara ba bo rona ba etsisang makgabane a Jehova ka teng, ba amehile ka ho re thusa hore re be le dintho tseo re di hlokang, re phele hantle, re be le tumelo e matla le hore re dule re kgobile matshwafo. Re a bona hore Jehova o a re rata ka lebaka la dintho tseo a re etseditseng tsona.”

 Ha bofelo ba lefatshe bo ntse bo atamela, re tlo bona dikoduwa di ntse di eketseha. (Luka 21:​10, 11) Le ha ho le jwalo, phutheho ya Bokreste e etsa hore re bone hore Morena wa rona ya lerato e leng Jesu Kreste o ‘na le rona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.’ (Matheu 28:​20) Monehelo wa lona oo le o ntshang ka ho rata bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle, ebang le o ntsha le sebedisa donate.pr418.com kapa ka mekgwa e meng hammoho le hore le sebedisa nako ya lona le matla a lona, seo se bontsha hore le tshehetsa Mmuso wa Modimo le Morena wa wona ya lerato. Re a leboha hore ebe le ntse le tswela pele le fana ka menehelo ka ho rata.

a Selemo sa tshebeletso sa 2023 se qadile ka di 1 tsa September 2022 mme sa fela ka di 31 tsa August 2023.