Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KA MOO MEHENELO E SEBEDISWANG KA TENG

Mananeo a Kopano ao re a Utlwang le ho a Bona

Mananeo a Kopano ao re a Utlwang le ho a Bona

LA 1 JULY 2024

 Ho se ho fetile dilemo tse ka hodimo ho 130 Dipaki Tsa Jehova tsa mehleng ena, di ntse di bokana hammoho dikopanong selemo le selemo. Hona jwale mananeo ana a na le dipuo tse fapaneng tse fetang 40, tse ding tsa puo tsena di na le dipuisano le divideo. Ho boetse ho na le mmino. Hore mananeo ana a finyelle morero wa ona, a lokela ho utluwa le ho bonwa hantle. (Luka 2:​20) Menehelo ya lona e sebediswa jwang ho tiisa hore bohle ba rua molemo dikopanong tsee ho sa tsotellehe hore na ba dula hokae?

Thepa ya Modumo le Divideo Tsa Kopano e Hlophiswa ho Latela Sebaka ka Seng

 Dibaka tse ngata mose ho mawatle tseo re tshwarelang dikopano ho tsona di se di ntse di ena le thepa ya modumo le divideo empa re ikenyetsa tsa rona ha ho eba le dikopano. Hobaneng ha re etsa jwalo? Mora bo rona David ya sebetsang Lefapheng la Broadcasting le Ntlokgolo o re: “Dibaka tsena tseo re di hirang, ha di a etsetswa hore bamamedi ba mamele lenaneo dihora tse fetang tse tsheletseng. Ka mohlala, mabaleng a dipapadi, ho etswa ditsebiso le ho bapala mmino ka nako e kgutshwanyane. Di screen tsa bona di hlahisa dintlha, dipapatso le divideo tse kgutshwanyane tse phetwang tsa papadi empa rona re batla hore bamamedi ba rona ba shebelle divideo tse telele, ba mamele ba be ba utlwisise hantle ntho e nngwe le e nngwe e buuwang sethaleng.”

 Sebaka se seng le se seng sa kopano se a ikgetha, ka hoo thepa ya modumo le divideo e hokelwa ho ya ka sebaka. Ka mora ho kgetha sebaka seo kopano e tlo tshwarelwa ho sona, Mafapha a Broadcasting a makaleng ao a sheba hore na batho ba tlo dulwa jwang sebakeng seo le hore na ho ka nna ha tla batho ba bakae. Bara ba bo rona ba tla hlahlobisisa hantle hore na dibuelahole, di screen tse tla bontsha divideo di tla behwa hokae. Ka mora moo, ba etsa moralo wa hore na dithapo di tla lokela hore di tsamaye hokae ka tsela e bolokehileng. Ha ba qeta ho etsa dintho tsena kaofela, ba a sheba hore na ke thepa e kae e tla hlokahala hore mosebetsi o phethwe e le hore qetellong bara le baradi babo rona ba kgone ho utlwa lenaneo hantle.

Bara ba bo rona ba Lefapha la Broadcasting ba latela ka hloko moralo o entsweng.

 Mosebetsi wa ho hokela modumo le divideo o ba thata le ho feta dikopanong tse nang le maleme a fapaneng ka nako e le nngwe. Haeba lenaneo le tlo tolokwa ka puo e nngwe, motho ya tolokang o tla utlwa puo ena pele ho bamamedi ebe ha a qeta ho e utlwa ke hona a e tolokelang batho ba buang puo eo. Disebediswa tsa moraorao tjena tse bapalang video, di re thusa hore video le hoja e ka bapalwa ka dipuo tse robedi tse fapaneng, ha e hlaha ho di screen e bapale ka nako e le nngwe. Mora bo rona David o re: “Ho etsa ntho ena ho rarahane mme ho hlokahala baithaopi ba kwetlisitsweng.”

 Diofisi tsa makala tse ngata di na le thepa ya modumo le divideo eo di e sebedisang dikopanong selemo le selemo. Ha kopano e nngwe e fela, barababo rona ba hlophisa hore disebediswa tseo di ye sebakeng se seng seo ho tla tshwarelwa kopano e nngwe ho sona. Lekala la Amerika le sebedisa tjhelete e ka hodimo ho didolara tsa Amerika tse 200 000 ho isa thepa dibakeng tsa kopano. Le hoja tjhelete ena e utlwahala e le ngata, sena se re thusa hore thepa ya rona e bolokehe, re se ke ra lokela ho reka e nngwe le hore re e boloke e le maemong a matle. Morabo rona Steven ya neng a hlokomela thepa ya modumo le divideo kopanong ya Canada o re: “Lefapha lena le ne le etsa bonnete ba hore disebediswa tsohle di ne di hlokomelwa hantle, di pakwa hantle e le hore di ka sebediswa kopanong e latelang.”

Ho Reka le ho Hlokomela Thepa

 Ho hira thepa ya modumo le divideo ho tura haholo hape thepa eo e ka hirwang ha se ya boleng bo botle ebile ha e hlokomelwe hantle. Ke ka lebaka leo re rekang disebediswa tseo re di hlokang. Hona jwale, di screen tseo re shebellang divideo ho tsona tse bophara ba dimithara tse hlano le bophahamo ba dimithara tse tharo di rekwa ka tjhelete e kaalo ka didolara tsa Amerika tse 24 000 le thapo e le nngwe ya dimithara tse 15 ya sebuelahole e rekwa ka didolara tsa Amerika tse 20. Lefapha la Broadcasting le sebedisana le le rekang thepa ho “bala ditshenyehelo” pele ba e reka. (Luka 14:​28) Ka mohlala, ba ipotsa dipotso tse kang: Thepa eo e tla ruisa batho ba bakae molemo? Na ehlile ho hlokahala hore ho rekwe thepa e ntjha? Na ho na le moo ho ka behwang thepa eo le hore na ho na le dithulusi le baithaopi ba kwetliseditsweng ho e hlokomela?

 E le hore ho bolokwe menehelo le hore thepa e sebediswe nako e telele, e dula e hlahlojwa hore na e ntse e le maemong a matle. Ha thepa e iswa dibakeng tsa kopano, e tsamaiswa e tshetswe ka hara mabokose a thata a boleng bo phahameng le ona mabokose ao a hlokomelwa hantle e le hore thepa e kenang ka moo e dule e le boemong bo botle.

Ho hlokomela thepa le ho e lokisa ho etsa hore e tshwarelle

Batho Bao Eseng Dipaki ba Kgahlilwe ke Boleng ba Modumo le Divideo Dikopanong

 Jonathan ya sebetsang lefapheng la modumo le divideo, o ile a re: “Ka mohlala, kopanong e nngwe, motho e mong ya sebetsang khamphaning e nngwe e kgolo ya kgaso, o ne a hloletswe ha a bona tsela eo Dipaki Tsa Jehova di etsang dintho ka yona. O ile a hlollwa le ho feta ha a tseba hore batho bohle ba entseng mosebetsi oo e ne e le baithaopi, e se batho ba hirilweng.” Morabo rona Jonathan a re mosebetsi eo, o ile a re bona ho ne ho ka ba nka matsatsi a mahlano ho etsa mosebetsi oo rona re o entseng ka letsatsi le halofo feela. Motho e mong ya hlokomelang sebaka seo ho neng ho tshwaretswe kopano ho sona, o ile a re: “Ho na le batho ba bangata ba iphedisang ka ho etsa mosebetsi ona wa ho hokela modumo le divideo empa ha ke eso ka ke bona batho ba o etsang ka boqhetseke jwalo ka lona!”

Bara le baradi ba bo rona ba thabela lenaneo

 Na o kile wa rua molemo tseleng eo thepa ya modumo le divideo e hoketsweng ka yona kopanong? Mohlomong o ikutlwa jwalo ka David ya dulang Engelane, o re: “Ke dilemo di 88 mme esale ke ya dikopanong bophelo bohle ba ka. Hona jwale ho bonolo hore ke mamele ka hloko. Ke thabela divideo tse monate ebile lenaneo le se le tsamaya ka tsela e monate le ho feta. Le molaetsa o hlakile le ho feta hobane ke kgona ho o utlwa.” Micheal ya dulang Nigeria yena o re: “Ka ha bara le baradi ba bo rona ba kgona ho utlwa lenaneo le ho bona divideo hantle, sena se ba thusa hore ba tsepamise mohopolo mme ba dule ba mametse lenaneo lohle.”

 Ha o le Kopanong ya Setereke kapa e Kgethehileng ya “Bolela Ditaba Tse Monate”!, iphe nako ya ho bona hore na ho entsweng hore o tle o shebelle le ho utlwa lenaneo lena. Re ananela menehelo ya lona eo le faneng ka yona ho donate.pr418.com, hobane e thusitse hore dintho tsohle di atlehe. Re a leboha.