Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlelase ya 2017 ya Gileade

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Sekolo sa Matjhaba sa Gileade

Sekolo sa Matjhaba sa Gileade

1 DECEMBER 2020

 Selemo le selemo, palo e itseng ya bahlanka ba Jehova ba tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng, ba hlahang dibakeng tse fapaneng lefatsheng ba memelwa ho ya Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Sekolo sena se tshwarelwa Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York. a Sekolong sena, bahlanka ba Modimo ba ithuta ka moo ba ka sebetsang ha molemo ka teng mesebetsing e fapaneng eo ba e etsang ka mokgatlong wa Modimo. Thupelo eo ba e fuwang moo, e ba thusa hore ba matlafatse le ho kgothatsa diphutheho le makala lefatsheng lohle.

 Gileade ke sekolo sa matjhaba. Mohlala, sehlopheng sa bo147 sa 2019, ho ne ho e na le baithuti ba 56 ba hlahang dinaheng tse 29. Ho baithuti bao, ba bang bona e ne le ba hlahang Bethele, ba bang e le bapotolohi, baromuwa ha ba bang bona e ne e le bopulamadiboho ba kgethehileng.

 Ho lokisetswa sekolo le pele tlelase ya pele e qala. Mohlala, Lefapha la Maeto le Ntlokgolo le rekela baithuti ba menngweng ditekete tsa sefofane. Bakeng sa sehlopha sa bo147, moithuti ka mong ya hlahang naheng e nngwe o ile a patallwa tjhelete e ka bang R16 620 ho tla Patterson le ho kgutla. Baithuti ba hlahang Solomon Islands, ba ne ba lokela ho palama difofane tse nne e le hore ba tle ba fihle Patterson. Ha ba kgutla ba ne ba lokela ho palama tse tharo. Ka kakaretso, ba ne ba tla be ba nkile leeto la dikhilomithara tse 35 400. Leeto leo kaofela le ne le bitsa tjhelete e ka bang R35 500. Ntho eo lefapha la maeto le e etsang bakeng sa ho boloka tjhelete ke ho sebedisa lenaneo la khomphiyutha e le hore le fumane difofane tse sa tureng. Le ha ba se ba beheleditse tekete ya sefofane, lenaneo la khomphiyutha leo ba le sebedisang le dula le ntse le batlana le ditekete tse seng turu.

 Baithuti ba bangata ba hloka tumello e le hore ba kene United States. Karolong eo, Lefapha la Molao le Ntlokgolo ke lona le thusang baithuti ho fumana ditokomane tse ba dumellang ho kena United States. Ditokomane tseo le ho ngodisa di ka bitsa tjhelete e ka bang R7 900 bakeng sa moithuti ka mong.

 Re rua molemo jwang kwetlisong eo baithuti baa ba e fumaneng? Ntate Hendra Gunawan ke moholo Asia e ka Borwa Botjhabela. O phuthehong e le nngwe le banyalani ba tswang Gileade. Ntate Hendra o re: “Qalong, phutheho ya rona e ne e se na bopulamadiboho ho hang. Empa ka mora hore banyalani bana ba fihle, batho ba ile ba latela mohlala wa banyalani bao ba neng ba tjheseha ebile ba rata ho ithaopa. Ha morao, moradi e mong wabo rona o ile a ba a ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso.”

 Ntate Sergio Panjaitan o sebetsa Bethele e ka Borwa Botjhabela Asia le baradibabo rona ba bane le morabo rona ba tswang Gileade. Ntate Sergio o re: “Thuto eo ba e fumaneng ke tlhohonolofatso ho bona le ho rona. Ho na le dintho tse ngata tseo ba ithutileng tsona. Ho e na le hore ba etse eka ba betere ho feta batho ba bang, ba arolelana le bona seo ba ithutileng sona. Ka hoo re a kgothatsana le ho kgothatsa ba bang.”

 Mokgatlo o kwahela ditshenyehelo tsa sekolo see jwang? O sebedisa monehelo o etswang lefatsheng lohle o ntshwang ka donate.pr418.com. Re leboha menehelo ya lona e ntshitsweng ka seatla se bulehileng e tshehetsang sekolo se kwetlisang baithuti ba hlahang dikarolong tse ngata tse lefatshe.

a Thuto ya sekolo sena e qapuwe le ho ntlafatswa ke Lefapha la Dikolo Tsa Puso ya Modimo le tlasa tataiso ya Komiti ya Thuto ya Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Matitjhere a sekolo sena a hlaha hona lefapheng leo ha ba bang e le ba etileng ba akarelletsang barababo rona ba Sehlopha se Busang.