Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batswadi ba beha mohlala o motle wa ho bontsha bana ba bona lerato

MOHATO WA HO HLOLA MATHATA

Batho ba Lokela ho Tseba Phapang Pakeng Tsa ho Itshwara Hantle le ho Itshwara Hampe

Batho ba Lokela ho Tseba Phapang Pakeng Tsa ho Itshwara Hantle le ho Itshwara Hampe

Bashemane ba bang ba ile ba qosetswa ho beta moshemane e mong eo ba kenang sekolo le yena, ha ba ne ba tsamaile ka sekolo. Sena se ile sa etsahala sekolong se hlomphehang sa poraefete sa Canada. Ka mora ketsahalo ena, Leonard Stern o ile a ngola koranteng ya Ottawa Citizen a re: “Ho ba bohlale, ho ruteha le ho ba le tjhelete, ha ho thibele batjha hore ba se ke ba etsa dintho tse mpe.”

Stern o ile a boela a re: “Hangata o ka nahana hore ntho ya bohlokwa ho batswadi ke hore ba rute bana ba bona phapang pakeng tsa boitshwaro bo botle le bo bobe. Ho ena le hoo, ho bonahala ho batswadi ba bangata ntho ya bohlokwa e le hore bana ba bona ba pase hantle sekolong mme ba fumane mesebetsi e hantle e le hore ba etse tjhelete e ngata.”

Ke nnete hore ho kena sekolo ke ntho ya bohlokwa. Empa ho ruteha ho ka se thuse motho hore a lwantshe mekgwa e mebe. Jwale ke kae moo re ka fumanang thuto e tla re thusa hore re itshware hantle?

BIBELE E FANA KA THUSO

Bibele e tshwana le seipone. Ha re e hlahloba, re kgona ho bona mefokolo ya rona hantle. (Jakobo 1:23-25) Empa Bibele e etsa ho fetang hoo. E re thusa hore re etse diphetoho moo ho hlokahalang le ho re re be le makgabane a tla etsa hore re phele ha monate le ka kgotso. Makgabane ao a akarelletsa hore motho ebe ya lokileng le ya mosa, ya nang le mamello, boitshwaro le lerato. Lerato ho boetse hothwe ke “tlamo e phethahetseng ya bonngwe.” (Bakolose 3:14) Ke hobaneng ha lerato e le la bohlokwa hakaana? Hlokomela hore Bibele e reng ha e bua ka lona.

  • “Lerato le a tiisetsa mme le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikgohomose, ha le itshware ka mokgwa o sa hlompheheng, ha le batle dithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ya bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela nnete. Le jara dintho tsohle, . . . le mamella dintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.

  • “Lerato ha le hlahisetse moahelani wa motho bobe.”—Baroma 13:10.

  • “Ka hodima dintho tsohle, le bontshane lerato le matla haholo, hobane lerato le kwahela dibe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.

Ha o le hara batho ba o ratang o ikutlwa jwang? Na o ikutlwa o sireletsehile ebile o phuthulohile? Ho jwalo, lebaka ke hoba o a tseba hore ba batla hore o thabe le hore ba ke ke ba o utlwisa bohloko ka boomo.

Lerato le ka etsa hore motho a itele, a be e fetole tsela eo a phelang ka yona molemong wa batho ba bang. Ka mohlala, ha monna e mong eo re tla mmitsa George a ba le setloholo, o ne a batla ho qeta nako le sona. Empa ho ne ho na le bothata. George o ne a tsuba haholo mme mokgwenyana wa hae o ne a sa batle hore a tsubele pela ngwana. George o ile a etsang? Le hoja e ne e se e le dilemo tse 50 a tsuba, o ile a tlohella mokgwa oo molemong wa setloholo sa hae. Ka nnete lerato le na le matla!

Bibele e re thusa hore re be batho ba lokileng, ba mosa, haholoholo ba nang le lerato

Lerato ke e nngwe ya dintho tseo re ithutang tsona. Batswadi ba bapala karolo ya bohlokwa ho bontsha bana ba bona hore na ba bontshe lerato jwang. Ba a ba sireletsa mme ba a ba fepa, hape ba a ba hlokomela haeba ba utlwile bohloko kapa ba kula. Batswadi ba molemo ba bua le bana ba bona mme ba a ba ruta. Ba boetse ba ba ruta ho itshwara hantle mme ba ba ruta phapang pakeng tsa se setle le se sebe. Ho ekelletsa moo, batswadi ba molemo, ba behela bana ba bona mohlala o motle mme eba batho bao bana ba bona ba batlang ho tshwana le bona.

Ka maswabi, batswadi ba bang ba hloleha ho phetha boikarabelo ba bona. Na see se bolela hore bana ba bona e ke ke ya ba batho ba molemo? Ha ho jwalo! Hona le batho ba bang ba seng ba hodile hona jwale, ba holetseng malapeng a senang taolo, ba ile ba etsa diphetoho bophelong ba bona mme ya eba batho ba kgathallang le ba tshepahalang. Batho ba na ba akarelletsa le batho bao ho neng ho nahanwa hore ha bana fetoha, jwalo ka ha re tla bona sehloohong se latelang.