Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BOTHATA

Dintho Tse Etsang Hore re Seke ra Sireletseha

Dintho Tse Etsang Hore re Seke ra Sireletseha

“Le hoja ho ka bonahala e ka re na le ntho e nngwe le e nngwe e le hore re thabele bophelo, empa re haufi haholo le ho senya lefatshe.”​—The Global Risks Report 2018, World Economic Forum.

KE HOBANENG HA DITSEBI TSE NGATA DI TSHWENYEHILE KA BOKAMOSO BA RONA LE BA LEFATSHE? HLOKOMELA A MANG A MATHATA AO RE KOPANANG LE ONA.

  • BOTSOTSI BA INTHANETE: Koranta e bitswang The Australian e re: “Ho bonahala ho ntse ho ba kotsi ho sebedisa inthanete. Ke moo o ka fumanang ditsotsi, batho ba baholo ba ratanang le bana, bahatelli le batho ba buang dintho tse ka utlwisang ba bang bohloko. Batho ba utswang boitsebiso ba batho ba bang, ke bo bong ba botsotsi bo boholo ka ho fetisisa.  . . Inthanete e fa batho monyetla wa hore ba hlahise mekgwa ya bona e mebe e jwalo ka bokgopo.”

  • MAEMO A DITJHELETE: Ho latela tlaleho ya moraorao ya Oxfam International, batho ba 8 ba ruileng ka ho fetisisa lefatsheng, leruo la bona le lekana le halofo ya batho ba futsanehileng. Oxfam e re: “Lefatsheng ha hona tekatekano hobane batho ba seng bakae feela ba ruileng, ba ntse ba rua ho ya pele ha bafutsana bona ba ntse ba tswelapele ho futsaneha.” Ka lebaka la ho se lekane hona, batho ba bang ba tshaba hore sena se ka baka dintwa.

  • HO HLORISWA LE HO SE UTLWANE: Tlaleho ya 2018 ya United Nations Refugee Agency e re: “Hona jwale ho na le palo e hodimo ya batho ba balehang dinaheng tsa habo bona.” Batho ba ka hodimo ho dimilione tse 68, ba ile ba tlameha ho tloha mahaeng a bona ka lebaka la ho hloriswa le ho se utlwane. Tlaleho eo e re: “Metsotswaneng e meng le e meng e mmedi, hoo e ka bang motho a le mong, o qoseha ho tloha naheng ya habo.”

  • TIKOLOHO: Tlaleho ya 2018 ya The Global Risks e re: “Mefuta e mengata ya dimela le diphoofolo e ntse e nyamela hanyane hanyane” le “tshilafalo ya moya le metsi, e ntse e beha bophelo ba batho kotsing.” Dibakeng tse ding palo ya dikokonyana e ntse e fokotseha haholo. ka lebaka leo, borasaense ba bontsha hore tikoloho ya rona e haufi le ho senyeha ka ho felletseng, ka ha dikokonyana di thusa dimela hore di kgone ho ikatisa. Dintho tse phelang ka metsing, le tsona di kotsing. Borasaense ba hakanya hore dilemong tse 30 tse fetileng, ho se ho shwele halofo ya dintho tse phelang ka metsing.

Na hona le diphetoho tseo re ka di etsang e le hore re sireletsehe lefatsheng lee? Batho ba bang ba nka hore ho ruteha ke yona ntho e ka tlisang diphetoho. Haeba ho jwalo, ke thuto ya mofuta ofe? Dihlooho tse latelang di tla araba dipotso tsena.